Re Fuoe Letlotlo
1 Moapostola Pauluse o ne a ananela mosebetsi oa ho bolela oo a o filoeng ke Molimo a ba a re ke “letlotlo.” (2 Bakor. 4:7) O ile a mamella mathata le mahloriso ha a ntse a phetha mosebetsi oo. O ne a sa phetse ho bolella mang kapa mang eo a neng a kopana le eena litaba tse molemo. O ile a nka maeto a mangata a boima le a kotsi a tsamaea naheng le leoatleng. Re ka etsisa Pauluse joang ’me ra bontša hore re ananela tšebeletso ea rōna? (Bar. 11:13) Ke eng e etsang hore tšebeletso ea rōna e be letlotlo le ke keng la lekanngoa?
2 Letlotlo la Boleng bo Phahameng: Hangata matlotlo a lefatše a baka masisa-pelo a mangata ebile melemo ea ’ona ea fokola kapa ke ea nakoana. Ka lehlakoreng le leng, tšebeletso ea rōna e ruisa rōna le ba bang melemo ea nako e telele. (1 Tim. 4:16) E thusa batho ba tšepahalang hore ba tsebe Jehova, ba etse liphetoho tse hlokahalang bophelong ba bona ’me ba be le tšepo ea sebele ea bophelo bo sa feleng. (Bar. 10:13-15) Ha re nka tšebeletso ea rōna e le ea bohlokoa haholo, re ba le morero oa sebele bophelong, re ikutloa re khotsofetse ’me re ba le tšepo e hlasimollang bakeng sa bokamoso.—1 Bakor. 15:58.
3 Bontša Hore U Ananela Letlotlo la Hao: Hangata seo re ikemiselitseng ho se tela bakeng sa ntho e itseng, se bontša hore na re e ananela hakae. Re na le tokelo e kaakang ea ho tela nako le ho sebelisa matla a rōna re rorisa Jehova! (Baef. 5:16, 17) Seo re se etsang ka nako ea rōna se lokela ho bontša hore re nka lintho tsa moea e le tsa bohlokoa ho feta lipakane tsa nama! Kaha ho na le taba ea bohlokoa eo re ka e bolellang batho ba bang, re lokela ho bolela ka cheseho ’me re lule re le malala-a-laotsoe ho bolella batho litaba tse molemo ha monyetla o hlaha.
4 Hangata matlotlo a bohlokoa ha a patoe empa a behoa pepeneneng moo batho ba bang ba ka a bonang. Haeba re nka tšebeletso ea rōna e le letlotlo, e tla ba karolo e hlaheletseng ea bophelo ba rōna. (Mat. 5:14-16) Ka lipelo tse tletseng kananelo, e se eka ka linako tsohle re ka etsisa moapostola Pauluse ’me re sebelise monyetla o mong le o mong oo re o fumanang ho bontša hore ruri re ananela tšebeletso ea rōna, ’me re e nka e le letlotlo.