Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/11 leq. 1
  • Tlotla Boikarabelo ba Hao ba ho Sebeletsa Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlotla Boikarabelo ba Hao ba ho Sebeletsa Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bolela—Tokelo e Tlotlehang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Ho Bolela ka ’Muso ke Tokelo ea Bohlokoa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Na U Sebeletsa Molimo ka Botlalo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Re Fuoe Letlotlo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
km 9/11 leq. 1

Tlotla Boikarabelo ba Hao ba ho Sebeletsa Molimo

1. Batho ba bangata ba na le maikutlo afe ka mosebetsi oa rōna oa boboleli?

1 Batho ba bangata lefatšeng la Satane ba nka hore mosebetsi oa rōna oa boboleli ke “booatla.” (1 Bakor. 1:18-21) Ha re sa hlokomele, maikutlo ana a fosahetseng a ka re nyahamisa eaba a fokotsa cheseho ea rōna. (Liprov. 24:10; Esa. 5:20) Re na le mabaka afe a ho tlotla boikarabelo ba rōna ba ho ba Lipaki Tsa Jehova?—Esa. 43:10.

2. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore tšebeletso ea rōna ke ‘mosebetsi o halalelang’?

2 Ke ‘Mosebetsi o Halalelang’: Moapostola Pauluse o ile a re tšebeletso ea rōna ke ‘mosebetsi o halalelang.’ (Bar. 15:15, 16) Tšebeletso ke ‘mosebetsi o halalelang’ ka tsela efe? Ha re etsa mosebetsi oo re ba “basebetsi-’moho” le “Mohalaleli,” e leng Jehova, ’me mosebetsi oo le oona o halaletsa lebitso la hae. (1 Bakor. 3:9; 1 Pet. 1:15) Jehova o nka hore mosebetsi oa rōna oa boboleli ke “sehlabelo sa thoriso,” kahoo tšebeletso ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba rōna.—Baheb. 13:15.

3. Ke’ng e etsang hore ho bolela litaba tse molemo e be tlotla e khōlō?

3 Ho bolela litaba tse molemo ke tlotla e khōlō e fuoeng batho ba ’maloa feela. Mangeloi a ne a ka etsa mosebetsi oo ka thabo ’me ha ho pelaelo hore a ne a ka o etsa hantle haholo. (1 Pet. 1:12) Leha ho le joalo, Jehova ke eena ea khethileng ho re fa tlotla ena e khōlō le hoja re sa phethahala, re le ‘lijana tsa letsopa’!—2 Bakor. 4:7.

4. Re ka bontša joang hore re tlotla tšebeletso ea rōna?

4 Mosebetsi oa Bohlokoa Haholo: Kaha ka sebele re tlotla boikarabelo ba rōna ba ho sebeletsa Molimo, ho rōna tšebeletso ke e ’ngoe ea “lintho tsa bohlokoa haholo” bophelong. (Bafil. 1:10) Ka lebaka leo, beke le beke re ipha nako ea ho kopanela ho eona. Sebapali sa bolo se tlotlang karolo eo se e khathang thiming e tummeng lefatšeng, se ikoetlisa kahohle-hohle pele ho tlhōlisano e ’ngoe le e ’ngoe ’me se loanela ho ntlafatsa tsebo ea sona. Ka ho tšoanang, le rōna re tla lokisetsa pele re ea tšebeletsong e le hore re ‘tšoare lentsoe la ’nete ka nepo,’ re be re sebeletse ho ntlafatsa “tsebo [ea rōna] ea ho ruta.”—2 Tim. 2:15; 4:2.

5. Ke bo-mang ba ananelang tšebeletso ea rōna?

5 U se ke ua nyahamisoa ke tsela eo batho ba bangata ba u tšoarang ka eona ha u ba bolella molaetsa. Hopola hore ho sa ntse ho e-na le batho ba bangata tšimong ea rōna ba ratang ha re ba etela. Leha ho le joalo, hase hore re batla ho amoheloa ke batho. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore na Jehova o ikutloa joang, ha e le hantle o ananela boikitlaetso ba rōna.—Esa. 52:7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela