Ho Bolela ka ’Muso ke Tokelo ea Bohlokoa
1 Letsatsi le chabang le le likelang, baahi ba lefatše ba libilione ba rua molemo litokisetsong tsa Jehova tse enneng le tse fanang ka bophelo. (Mat. 5:45) Leha ho le joalo, hase batho ba bangata ba nang le tokelo e ikhethang ea ho bontša kananelo ho ’Mōpi oa bona ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Mat. 24:14) U ananela tokelo ee ea bohlokoa hakae?
2 Ho bolela ka ’Muso ho tlotlisa Molimo ’me ho fana ka tšepo le khotso ho batho ba sithabelitsoeng ke linako tsa kajeno tse tletseng moferefere. (Baheb. 13:15) Ba amohelang molaetsa ba ba le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng. (Joh. 17:3) Na ho na le mosebetsi oa boipheliso o tlisang melemo e joalo? Moapostola Pauluse o ile a bontša hore o ananela tšebeletso ka tsela eo a neng a e phetha ka eona. O ne a e nka e le letlotlo.—Lik. 20:20, 21, 24; 2 Bakor. 4:1, 7.
3 Ho Ananela Tokelo ea Rōna ea Bohlokoa: Ho hlahloba boleng ba tšebeletso ea rōna ke tsela e ’ngoe eo re bontšang ka eona hore re ananela tokelo ea ho bolela. Na re ipha nako ea ho lokisetsa nehelano e tla susumetsa bamameli ba rōna? Na re ka ntlafatsa bokhoni ba rōna ba ho sebelisa Mangolo le ho behelana mabaka le batho? Na re sebetsa ka ho phethahetseng tšimong eo re e abetsoeng? Na re ka khona ho qalisa thuto ea Bibele le ho e khanna? Joaloka Bakreste ba tšepahalang, ba nakong e fetileng le ba hona joale, le rōna re nka mosebetsi ona ka tsela e loketseng, ’me re ananela tokelo ea rōna.—Mat. 25:14-23.
4 Ha re tobane le mathata a botsofali, ho kula kapa mathata a mang, hoa khothatsa ho tseba hore boiteko ba rōna ba ho kopanela tšebeletsong ka cheseho bo ananeloa haholo. Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore Jehova o ananela boiteko bo joalo ba ho mo sebeletsa, esita le boiteko boo ba bang ba ka ’nang ba bo halala.—Luka 21:1-4.
5 Ho bolela ka ’Muso ho tlisa khotsofalo e khōlō. Morali e mong oabo rōna ea lilemo li 92 o ile a re: “Ke tokelo e kaakang ho hetla morao lilemong tse fetileng tse fetang 80 tsa tšebeletso e nehetsoeng ho Molimo—ke sa ikoahlaee! Haeba ke ne nka khutlela bocheng, ke ne nka phela ka tsela e tšoanang hobane, ka sebele, ‘mosa oa Molimo o lerato o molemo ho feta bophelo.’” (Pes. 63:3) E se eka le rōna re ka ananela tokelo ena ea bohlokoa eo re e filoeng ke Molimo—ea ho bolela ka ’Muso.