Karolo ea 12: Ho Thusa Liithuti ho Qalisa Lithuto Tsa Bibele le ho li Khanna
Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele
1 Ha liithuti tsa rōna tsa Bibele li qala ho kopanela tšebeletsong ea tšimo, li ka ’na tsa tšoha ha li nahana ka ho qalisa lithuto tsa Bibele le ho li khanna. Re ka li thusa joang hore li be sebete ha li phetha karolo ee ea bohlokoa ea tšebeletso ea rōna?—Mat. 24:14; 28:19, 20.
2 Hang ha seithuti sa Bibele se tšoaneleha hore e be mohoeletsi ea sa kolobetsoang, e ka ’na eaba se se se ntse se ngolisitse Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Koetliso eo se e fumanang ha se lokisetsa le ha se fana ka lipuo tsa seithuti e tla se thusa ho ntlafatsa tsebo ea ho ruta eo ho hlokahalang hore “mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona, ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo” a be le eona.—2 Tim. 2:15.
3 Ruta ka Mohlala oa Hao: Jesu o ile a koetlisa barutuoa ba hae ka ho fana ka taelo e hlakileng le ka ho beha mohlala o motle. O itse: “E mong le e mong ea rupetsoeng ka ho phethahetseng o tla ba joaloka mosuoe oa hae.” (Luka 6:40) Ke habohlokoa hore u etsise Jesu ka ho beha mohlala o motle tšebeletsong ea hao. Ha seithuti sa hao se bona mohlala oo u o behang tšebeletsong, se tla utloisisa hore sepheo sa ho etsa maeto a ho boela ke ho qalisa lithuto tsa Bibele.
4 Hlalosa hore ha re buella thuto, hangata ha ho hlokahale hore re hlalose tokisetso ea thuto ka ho qaqileng. Ka tloaelo ho molemo ho bontša kamoo thuto e khannoang kateng u sebelisa serapa se le seng kapa tse peli ka har’a sengoliloeng se ithutoang. Litlhahiso tse molemo tsa ho etsa sena li ka fumanoa leqepheng la 8 la Tšebeletso ena ea Rōna ea ’Muso le leqepheng la 6 la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2002.
5 Ha ho loketse, e-re seithuti se tsamaee le uena ha u e-ea lithutong tse ling tsa Bibele kapa se tsamaee le mohoeletsi e mong ea nang le phihlelo. Se ka ’na sa akhela ntlha serapeng kapa lengolong la sehlooho. Ka tsela eo, seithuti se ka shebella ’me sa ithuta ho hongata mabapi le ho khanna lithuto tsa Bibele tse tsoelang pele. (Liprov. 27:17; 2 Tim. 2:2) Se babatse, ’me le buisane hore na se ka ntlafatsa joang.
6 Ho koetlisa bahoeletsi ba bacha hore e be mesuoe ea Lentsoe la Molimo ho tla ba hlomella bakeng sa ‘mosebetsi o molemo’ oa ho qalisa lithuto le ho li khanna. (2 Tim. 3:17) Ho khotsofatsa hakaakang ho sebetsa hammoho le bona ha re ntse re phatlalatsa memo e lerato e reng: “Mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo”!—Tšen. 22:17.