Ithute Lentsoe la Molimo
Ke Hobane’ng ha Molimo a E-na le Mokhatlo?
Sehlooho sena se na le lipotso tseo e ka ’nang eaba u ’nile ua ipotsa tsona ’me se bontša hore na u ka fumana likarabo hokae Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho tšohla likarabo tsena le uena.
1. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a hlophisa Baiseraele?
Molimo o ile a hlophisa leloko la mopatriareka Abrahama hore e be sechaba ’me a le fa melao. O ile a bitsa sechaba seo Iseraele, eaba o se fa boikarabelo ba hore se boloke borapeli ba ’nete bo sireletsehile hammoho le Lentsoe la hae, e leng Mangolo a Halalelang. (Pesaleme ea 147:19, 20) Ka hona, batho ba lichaba tsohle ba ile ba rua molemo.—Bala Genese 22:18.
Molimo o ile a khetha Baiseraele hore e be lipaki tsa hae. Ha ba ne ba mamela, ba ne ba rua molemo melaong ea Molimo. (Deuteronoma 4:6) Ha re ithuta pale ea Baiseraele, re ka tseba lintho tse ngata ka Molimo oa ’nete.—Bala Esaia 43:10, 12.
2. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba hlophisitsoe?
Ha nako e ntse e e-ea, Molimo o ile a lahla Baiseraele ’me Jehova o ile a etsa hore phutheho ea Bokreste e nkele sechaba seo sebaka. (Matheu 21:43; 23:37, 38) Qalong, Baiseraele e ne e le lipaki tsa Molimo. Hona joale, Bakreste ba ’nete ke bona bao e seng e le lipaki tsa Jehova.—Bala Liketso 15:14, 17.
Jesu o ile a hlophisa balateli ba hae hore ba pake ka Jehova ’me ba etse batho ba lichaba tsohle barutuoa. (Matheu 10:7, 11; 24:14; 28:19, 20) Mosebetsi ona o ea sehlohlolong. Ka lekhetlo la pele, Jehova o kopantse batho ba limilione ba tsoang lichabeng tsohle hore ba be borapeling ba ’nete. (Tšenolo 7:9, 10) Bakreste ba ’nete le bona ba hlophisitsoe e le hore ba khothatsane le hore ba thusane. Lefatšeng ka bophara ba fumana thuto e tšoanang ea Bibele libokeng tsa bona.—Bala Baheberu 10:24, 25.
3. Lipaki Tsa Jehova li ile tsa qala joang mehleng ee?
Mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova mehleng ena o qalile lilemong tsa bo-1870. Sehlopha se senyenyane sa liithuti tsa Bibele se ile sa fumana linnete tsa Bibele tse ileng tsa lahleha ka nako e telele. Se ne se tseba hore Jesu o ile a hlophisa phutheho ea Bokreste hore e bolele litaba tse molemo. Ka hona, se ile sa qala letšolo la ho bolela ka ’Muso lefatšeng ka bophara. Ka 1931 se ile sa ipitsa ka lebitso la Lipaki Tsa Jehova.—Bala Liketso 1:8; 2:1, 4; 5:42.
4. Kajeno Lipaki Tsa Jehova li hlophisitsoe joang?
Lekholong la pele la lilemo, liphutheho tsa Bokreste libakeng tse ngata li ne li hlokomeloa moeeng ke sehlopha se busang se neng se nka Jesu e le Hlooho ea phutheho. (Liketso 16:4, 5) Ka tsela e tšoanang, Lipaki Tsa Jehova mehleng ena li nka Jesu e le Moeta-pele oa tsona. (Matheu 23:9, 10) Li boetse li rua molemo tlhokomelong e tsoang ho Sehlopha se Busang sa banna ba nang le phihlelo ba fanang ka khothatso ea Mangolo le ho tataisa liphutheho tse fetang 100 000. Phuthehong ka ’ngoe, banna ba tšoanelehang ba sebeletsa e le baholo kapa balebeli. Banna bana ba hlokomela mohlape oa Molimo ka lerato.—Bala 1 Petrose 5:2, 3.
Lipaki Tsa Jehova li etsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo le ho etsa barutuoa ka tsela e hlophisehileng. E le ho thusa batho bohle lefatšeng, li fetolela lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, lia li hatisa li bile li li aba ka lipuo tse fetang 500. Joaloka baapostola, li bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo. (Liketso 20:20) Li ithaopela ho ithuta Bibele le batho ka ho toba, ba ratang ho tseba ’nete. Kaha batho ba Jehova ba amehile haholo ka ho thabisa Molimo le ho thusa ba bang, ke mokhatlo oa batho ba thabileng.—Bala Pesaleme ea 33:12; Liketso 20:35.
E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 19 ea buka ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.