Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 7/1 maq. 8-10
  • Atamela ho ea Utloang Lithapelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Atamela ho ea Utloang Lithapelo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hlahloba Bopaki ka Bouena
  • Ke Mang ea Utloang Lithapelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Rapela?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Kamoo U ka Atamelang Haufi le Molimo
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Kamano ea Hao le Jehova ke ea Sebele Hakae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 7/1 maq. 8-10

Atamela ho ea Utloang Lithapelo

BATHO ba bangata ba ipolelang hore ba lumela ho Molimo ba sitoa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha ba lumela. Ebile ba sitoa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha hangata bolumeli e le bona bo bakang likhathatso kapa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola. Seo ba ka se etsang feela ke ho rapela Molimo eo ba sa mo utloisiseng.

Leha ho le joalo, uena u ka atamela ho Molimo ka tsela e fetang eo. U ka ba le tumelo ka ho utloisisa Molimo, ’me seo se tla etsa hore u mo rate u be u mo nke e le oa bohlokoa. Tumelo ea sebele ke e nang le bopaki. (Baheberu 11:1) Haeba u ithuta ’nete ka Molimo, u ka mo tseba ua ba ua buisana le eena joaloka motsoalle. Hlokomela se ileng sa etsahalla batho ba bang ba neng ba rapela le hoja ba ne ba e-na le lipelaelo ka boteng ba Molimo.

◼ Patricia, eo ho builoeng ka eena sehloohong se qalang. “Ka letsatsi le leng ke ne ke e-na le metsoalle ea ka e ka bang leshome ’me e ile ea qala ho qoqa ka bolumeli. E ne e le ha ke qeta ho ba bolella hore ke tsoile ka tlung ke baleha puisano pakeng tsa Lipaki Tsa Jehova le ntate oa ka ea sa lumeleng hore Molimo o teng. E mong oa metsoalle ea ka o ile a re: ‘Mohlomong Lipaki Tsa Jehova li nepile.’

“Eaba e mong o re: ‘Eseng re ee libokeng tse ling tsa tsona re ke re e’o ikutloela?’ Re ile ra fela ra etsa joalo. Le hoja re ne re ntse re e-na le lipelaelo, ba bang ba rōna re ile ra tsoela pele re ntse re e-ea hobane feela Lipaki e le batho ba lerato.

“Leha ho le joalo, ka Sontaha se seng ke ile ka utloa ntho e ’ngoe e ileng ea etsa hore ke fetole maikutlo. Sebui se ile sa hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba utloa bohloko. Ke ne ke qala ho utloa hore motho o entsoe a phethahetse le hore sebe le lefu li qalile ka motho a le mong eaba li namela ho batho bohle. Sebui se ile sa boela sa hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Jesu a shoe e le hore batho ba boele ba fumane se ileng sa lahloa ke motho oa pele.a (Baroma 5:12, 18, 19) Ka eona nako eo, ke ile ka qala ho utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ke ile ka re: ‘Ka sebele Molimo o teng ’me oa re tsotella.’ Ke ile ka tsoela pele ke ithuta Bibele ’me ka mor’a nakoana, ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ke ne ke se ke tseba hore na ke rapela mang.”

◼ Allan, eo le eena ho builoeng ka eena sehloohong se qalang. “Ka letsatsi le leng Lipaki Tsa Jehova li ile tsa fihla lapeng, eaba mosali oa ka oa li amohela hobane o ne a khahliloe ke seo li ileng tsa se bua ka bophelo bo sa feleng lefatšeng. Ke ne ke tenehile. Ke ile ka bitsetsa mosali oa ka ka kichineng eaba ke re ho eena, ‘U se ke ua ba lumella hore ba u thetse. Lintho tseo ba li buang hase ’nete!’

“O ile a re: ‘Ha re ee he o il’o paka hore ba leshano.’

“Ke ’nete hore ke ile ka sitoa ho paka hore ba leshano. Empa ba ne ba le mosa haholo eaba ba ntšiela buka e buang ka hore na lintho tse phelang li bile teng ka ho iphetola ha lintho kapa li bōpiloe. E ne e hlalosa lintho ka tsela e hlakileng ebile e fana ka mabaka a utloahalang hoo ke ileng ka etsa qeto ea hore ke lokela ho tseba ka ho eketsehileng ka Molimo. Ke ile ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki ’me ho e-s’o ee kae ke ile ka hlokomela hore seo e se rutang se fapane ka ho feletseng le seo ke neng ke se nahana ka bolumeli. Ha ke ntse ke ithuta ka ho eketsehileng ka Jehova, ke ile ka qala ho toba taba ha ke rapela. Ke ne ke e-na le mekhoa e meng e mebe, kahoo ke ile ka rapela hore a nthuse. Ke kholisehile hore Jehova o ile a araba lithapelo tsa ka.”

◼ Andrew, ea lulang Engelane. “Le hoja ke ne ke lumela saense haholo ebile ke e rata, ke ne ke lumela thuto ea hore lintho li iphetotse hobane feela batho ba bang ba re ho na le bopaki ba seo. Ke ne ke sa lumele ho Molimo ka lebaka la lintho tse mpe tse etsahalang.

“Leha ho le joalo, ka linako tse ling ke ne ke ipotsa: ‘Haeba Molimo o teng, joale ke batla ho utloisisa hore na morero oa bophelo ke ofe. Ke hobane’ng ha ho atile tlōlo ea molao le lintoa hakaale?’ Ha ke le mathateng, ka linako tse ling ke ne ke rapela ke kōpa thuso, empa ke ne ke sa tsebe hore na ke ntse ke bua le mang.

“Eaba motho e mong o fa mosali oa ka pampitšana ea Lipaki Tsa Jehova e reng: Na Lefatše Lee le tla Pholoha? Potso eo ke eona hantle eo esale ke ntse ke ipotsa eona. Pampitšana eo e ile ea etsa hore ke ipotse hore, ‘Na ebe Bibele e ka fana ka likarabo tse utloahalang?’ Hamorao ha ke le phomolong, motho e mong o ile a mpha buka e reng Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?b Ha ke hlokomela hore Bibele e lumellana le saense e nang le bopaki ba sebele, ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho ithuta se eketsehileng ka Bibele. Ka hona, ha e mong oa Lipaki Tsa Jehova a kōpa ho ithuta le ’na, ke ile ka lumela. Ha ke ntse ke utloisisa morero oa Jehova, ke ile ka utloa ke se ke mo nka e le motho oa sebele, motho eo ha ke rapela nka buang le eena ka bolokolohi.”

◼ Jan, ea hōlisitsoeng e le Moprostanta London. “Ke ile ka tlohela bolumeli ka lebaka la boikaketsi ba bona le ho ngatafala ha mahlomola. Ke ile ka ba ka tlohela lithuto tsa ka tsa k’holeje eaba ke qala ho iphelisa ka ho bina le ho bapala katara. Eaba ke kopana le Pat. O hōlisitsoe e le Mok’hatholike ’me le eena o ne a sa lumele ho Molimo joaloka ’na.

“Re ne re lula ntlong e seng e se na mong’a eona le batho ba bang ba neng ba tlohetse sekolo ba neng ba thahasella malumeli a Bochabela. Re ne re qeta lihora re qoqa re tebisitse maikutlo ho fihlela ka khitla, re bua ka hore na morero oa bophelo ke ofe. Le hoja ’na le Pat re ne re sa lumele ho Molimo, re ne re e-na le maikutlo a hore ho tlameha ho e-na le matla a mang a ‘entseng hore bophelo bo be teng.’

“Ka mor’a hore re fallele ka leboea Engelane re batlana le mosebetsi oa ho bina, mora oa rōna o ile a hlaha. Bosiung bo bong o ile a kula, eaba ke iphumana ke rapela Molimo le hoja ke ne ke sa lumele ho eena. Nakoana ka mor’a moo, ’na le Pat ha rea ka ra hlola re utloana eaba kea mo tlohela ke tsamaea le ngoana. Ke ile ka rapella thuso hape, ka tšepo ea hore mohlomong ho na le ea ’mametseng. Pat le eena o ne a ntse a rapela, empa ke ne ke sa tsebe.

“Hamorao hona letsatsing leo, Lipaki Tsa Jehova tse peli li ile tsa etela Pat tsa mo bontša tse ling tsa lintlha tse ka mo thusang tse tsoang ka Bibeleng. Pat o ile a ntetsetsa a mpotsa hore na nka rata hore re ithute Bibele le Lipaki. Ka mor’a nakoana re ile ra ithuta hore haeba re batla ho thabisa Molimo re lokela ho nyalana ka molao. Eo e ne e utloahala e le ntho e thata ka lebaka la hore ho ne ho se ho se monate pakeng tsa rōna.

“Re ne re batla ho tseba ho eketsehileng ka ho phethahala ha boprofeta ba Bibele, lebaka la hore batho ba utloe bohloko, le hore na ’Muso oa Molimo ke eng. Butle-butle, re ile ra hlokomela hore Molimo oa tsotella ’me re batla ho etsa seo a reng re se etse. Re ile ra nyalana. Bohlale bo tsoang ka Lentsoeng la Molimo bo re thusitse ho hōlisa bana ba rōna ba bararo. Re utloa re kholisehile hore Jehova o ile a mamela lithapelo tsa rōna.”

Hlahloba Bopaki ka Bouena

Joaloka batho ba bang ba limilione, batho bao ho builoeng ka bona sehloohong sena ha baa ka ba lumela ho thetsoa ke bolumeli ba bohata ’me ba ile ba ithuta hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola. Na u hlokometse hore ho utloisisa Bibele ka tsela e nepahetseng, ke hona ho ileng ha kholisa batho bao ho builoeng ka bona mona hore Jehova o hlile o utloa lithapelo?

Na u ka rata ho fumana bopaki ba hore Molimo o teng? Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u thusa hore u ithute seo e leng ’nete ka Jehova le hore na u ka atamela joang ho “Ea Utloang thapelo.”—Pesaleme ea 65:2.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka bohlokoa ba lefu la Jesu, sheba khaolo ea 5 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

b E hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]

“Ha ke ntse ke utloisisa morero oa Jehova, ke ile ka utloa ke se ke mo nka e le motho oa sebele, motho eo ha ke rapela nka buang le eena ka bolokolohi”

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Tumelo ea sebele ke e nang le bopaki ’me e etsa hore motho a labalabele ho tseba ’nete ka Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela