Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 10/1 maq. 16-17
  • Na U ka Phela ka ho sa Feleng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Phela ka ho sa Feleng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re ka Phela ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Na ka Sebele Bophelo bo sa Feleng bo Tla Hle bo be Teng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • U ka Phela Lefatšeng le Lecha la Molimo la Khotso
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 10/1 maq. 16-17

Ithute Lentsoe la Molimo

Na U ka Phela ka ho sa Feleng?

Sehlooho sena se na le lipotso tseo e ka ’nang eaba u ’nile ua ipotsa tsona ’me se bontša hore na u ka fumana likarabo hokae Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho tšohla likarabo tsena le uena.

1. Ke hobane’ng ha bophelo ba rōna bo le bokhutšoaane?

Sekolopata

Likolopata tse ling li phela lilemo tse 150, athe lifate tse ling li phela lilemo tse 3 000. Ha li bapisoa le bophelo ba batho, batho ba phela nako e khutšoaane haholo. Leha ho le joalo, bophelo ba rōna ke ba bohlokoa ho feta ba likolopata kapa ba lifate. Jehova Molimo o bōpile batho hore ba khone ho thabela ’mino, lipapali, lijo, ho ithuta, ho hahlaula le ho etsa setsoalle le ba bang. Molimo o kentse ka lipelong tsa rōna takatso ea ho phela re sa shoe.—Bala Moeklesia 3:11.

2. Na ruri re ka phela ka ho sa feleng?

Jesu o tsosa motho ea shoeleng

Jehova o phela ka ho sa feleng. Ha a shoe. Ke Mohloli oa bophelo, kahoo a ka khona ho fa batho bophelo bo sa feleng. (Pesaleme ea 36:9; Habakuke 1:12) Ho feta moo, o tšepisa ho fa batho ba mo mamelang bophelo bo sa feleng. O tla etsa hore ba tsofetseng ba nchafale.—Bala Jobo 33:24, 25; Esaia 25:8; 33:24.

Jesu o ile a bontša ka mesebetsi ea hae e matla hore re ka ba le tumelo tšepisong ea Molimo ea hore o tla re fa bophelo bo sa feleng bo phethahetseng. Jesu o ile a phekola mafu a mangata a ba a tsosa bafu.—Bala Luka 7:11-15, 18, 19, 22.

3. Bophelo bo sa feleng bo tla ba teng neng?

Molimo o batla hore re phele ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise, eseng lefatšeng lena le tletseng khatello le pefo. O batla hore re ikutloe re sireletsehile. (Pesaleme ea 37:9, 29; Esaia 65:21, 22) Ha lefatše e se e le Paradeise hape, batho ba limilione ba shoeleng ba tla tsosoa. Haeba batho ba tsositsoeng ba khetha ho rapela Molimo le ho mo mamela, ba tla phela ka ho sa feleng.—Bala Luka 23:42, 43; Johanne 5:28, 29.

4. Re ka fumana bophelo bo sa feleng joang?

Monna ea balang Bibele

Ho ithuta ka Molimo ho hloka boiteko empa hase tšenyo ea nako

Ke Molimo feela ea ka re fang bophelo bo sa feleng. Kahoo, e ka ba hantle hore re be le kamano e haufi le Molimo ka hore re mo tsebe. Bibele e tšoantša ho ithuta ka Molimo le ho ja. (Matheu 4:4) Ho ja lijo hoa thabisa, empa hore u li fumane le ho li pheha ho hloka boiteko. Hoa tšoana le ka lijo tsa moea, ho iphepa tsona ho hloka boiteko. Empa na ho na le ntho e molemo ho feta ho ba le kamano e haufi le Molimo le ho fumana bophelo bo sa feleng?—Bala Luka 13:23, 24; Johanne 6:27; 17:3.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 3 bukeng ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela