Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 11/1 leq. 16
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Bafu ba Tla Tsoha
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Tsoho ea Bafu Ke’ng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 11/1 leq. 16

LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA

Na bafu ba tla tsoha?

Batho ba amohela bafu ba tsositsoeng Paradeiseng

Ka sebele ’Mōpi o tla etsa hore bafu ba boele ba phele

Jehova Molimo ke Mohloli oa bophelo. (Pesaleme ea 36:9) Na hase ho utloahalang hore o tla etsa hore bafu ba boele ba phele? Bibele e re tiisetsa hore o tla ba tsosa nakong e tlang. (Bala Liketso 24:15) O tla ba tsosetsa’ng?

Qalong ’Mōpi oa rōna o ne a batla hore batho ba phele lefatšeng ka ho sa feleng. (Genese 1:31; 2:15-17) Ha e le e hantle, o ntse a batla ho phetha morero oo oa hae. O utloa bohloko ha a bona tsela eo re phelang ka eona hona joale kaha bophelo ba rōna bo tletse mathata ’me re shoa kapele.—Bala Jobo 14:1, 14, 15.

Batho ba tsositsoeng ba tla phela hokae?

Na Molimo o bōpetse batho hore ba phele leholimong? Che. Molimo o bōpetse mangeloi hore a phele leholimong empa batho bona o ba bōpetse hore ba phele lefatšeng. (Genese 1:28; Jobo 38:4, 7) Ka lebaka leo, nahana ka batho bao Jesu a ileng a ba tsosa. O ile a ba tsosetsa hona mona lefatšeng. Ka ho tšoanang, batho ba bangata ba tla tsosoa nakong e tlang ba tla phela lefatšeng.—Bala Johanne 5:28, 29; 11:44.

Leha ho le joalo, Molimo o khethile batho ba ’maloa hore ba tsosetsoe leholimong, moo ba tla ba le ’mele ea moea. (Luka 12:32; 1 Bakorinthe 15:49, 50) Batho bao ba tla busa lefatše hammoho le Kreste e le marena.—Bala Tšenolo 5:9, 10.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 7 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova

U ka boela ua e fumana ho www.jw.org/st

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela