LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA
Ke bo-mang ba tla ea leholimong, hona hobane’ng?
Batho ba limilione ba lakatsa ho phela leholimong. Jesu o ile a bolella baapostola ba hae ba tšepahalang hore ba tla phela leholimong. Pele a e-shoa, o ile a ba tšepisa hore o tla ba lokisetsa sebaka ho Ntate oa hae leholimong.—Bala Johanne 14:2.
Ke hobane’ng ha batho ba phelang lefatšeng ba tsosetsoa leholimong? Ba il’o etsa’ng moo? Jesu o ile a bolella baapostola ba hae hore e tla ba marena. Ba tla busa lefatše.—Bala Luka 22:28-30; Tšenolo 5:10.
Na batho bohle ba lokileng ba ea leholimong?
Linaheng tse ngata, ke batho ba seng bakae feela ba busang. Kaha Jesu o tla tsosetsa batho leholimong e le hore ba buse holim’a lefatše, re ka lebella hore bao ba khethiloeng e be batho ba seng bakae ka palo. (Luka 12:32) Bibele e bua ka ho toba hore na ke ba bakae ba tla busa le Jesu.—Bala Tšenolo 14:1.
Jesu o lokiselitse balateli ba bang ba hae libaka leholimong. Na ua tseba hore ba il’o etsa’ng moo?
Hase ba eang leholimong feela ba tla fumana moputso. Batho ba ikokobeletsang ’Muso oa Jesu ba tla phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng. (Johanne 3:16) Ba bang ba tla phela Paradeiseng ka mor’a hore ba pholohe bofelo ba tsamaiso ena e khopo. Ba bang bona ba tla phela Paradeiseng ka mor’a hore ba tsosoe bafung.—Bala Pesaleme ea 37:29; Johanne 5:28, 29.