LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA
Na ho na le tšepo ea hore bafu ba tla tsoha?
Lefu le tšoana le boroko hobane bafu ha ba tsebe letho ebile ha ba khone ho etsa letho. Leha ho le joalo, kaha ’Mōpi ke eena mohloli oa bophelo a ka etsa hore batho ba phele hape ka hore a ba tsose. E le hore Molimo a tiise hore o tla etsa seo, o ile a fa Jesu matla a hore a tsose batho ba bang bafung.—Bala Moeklesia 9:5; Johanne 11:11, 43, 44.
Lefu le tšoana le boroko ka tsela efe?
Molimo o tšepisitse hore o tla tsosa bafu ba mohopolong oa hae ’me ba phele lefatšeng le lecha la ho loka. Batho bao Molimo a tla ba tsosa e tla lula e le bafu ho fihlela a ba fa bophelo hape. Molimo ea Matla ’Ohle o labalabela ho sebelisa matla a hae e le hore a tsose bafu.—Bala Jobo 14:14, 15.
Tsoho ea bafu e tla ba joang?
Ha Molimo a tsosa batho, ba tla khona ho itseba, ba tsebe metsoalle ea bona le beng ka bona. Le hoja motho a bola, Molimo a ka khona ho tsosa motho eo ka ’mele o mocha.—Bala 1 Bakorinthe 15:35, 38.
Ke batho ba seng bakae feela ba tsosetsoang ho ea phela leholimong. (Tšenolo 20:6) Bongata ba batho ba tla tsosoa, ba tla phela lefatšeng paradeiseng. Ba tla qala lintho bocha, ba e-na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng.—Bala Pesaleme ea 37:29; Liketso 24:15.