Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w14 1/1 maq. 4-5
  • Batho ba Loantša Lefu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Loantša Lefu
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • NA BATHO BA KA HLŌLA LEFU?
  • Batho ba ka Phela Halelele Hakae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lefu le Tla Felisoa Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • U ka Phela ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • “Sera sa ho Qetela” se Tla Hlōloa!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
w14 1/1 maq. 4-5
Faro oa Egepeta

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA HA MOTHO A SHOELE HO FELILE KA EENA?

Batho ba Loantša Lefu

Moemphera oa Lechaena, Qin Shi Huang le mofuputsi oa Lesepanishe, Juan Ponce de León

MOEMPHERA QIN SHI HUANG

MOFUPUTSI PONCE DE LEÓN

Lefu ke sera se tšosang. Re leka ho le loantša ka hohle kamoo re ka khonang. Ha re khone ho amohela ha motho eo re mo ratang a e-shoa. Ha re ntse re e-na le mafolofolo a bocha, re ka nahana hore sera sena se ke ke sa re fihlela—e leng monahano oo re ithetsang ka oona ka nako e telele.

Ha ho na batho ba neng ba nahana ka ho se shoe joaloka bo-Faro ba boholo-holo. Ba ile ba qeta boholo ba bophelo ba bona—hammoho le ba basebeletsi ba bona ba likete—ba leka ho hlōla lefu. Sena se bonahala ka liphiramide tseo ba ileng ba li aha ’me re bona le kamoo ba hlōlehileng kateng.

Baemphera ba Machaena ba ne ba e-na le toro e tšoanang, le hoja bona ba ne ba latela tsela e fapaneng—e leng ea ho noa motsoako oo ho thoeng o ne o ka etsa hore ba se ke ba shoa. Moemphera Qin Shi Huang o ile a re bo-rasaense ba hae ba fumane motsoako ona o neng o ka etsa hore ba se ke ba shoa. Empa e mengata ea metsoako ena e ne e e-na le mercury e kotsi ’me e ka ’na eaba moemphera eo o ile a bolaoa ke o mong oa metsoako eo.

Ka selemo sa 1513, mofuputsi oa Lesepanishe, Juan Ponce de León, o ile a tsamaea ka sekepe a ea lihlekehlekeng tsa Caribbean a batla seliba sa bocha. O ile a fihla Florida, U.S.A., a ntse a batlana le sona empa o ile a shoa ha a ne a loana le Matsoalloa a Amerika. Le ka lena le holimo, seliba sa bocha ha se e-s’o fumanoe.

Bo-Faro, baemphera le bafuputsi bana ba ne ba batla ho hlōla lefu. Ka sebele, le hoja re nyatsa mekhoa eo ba neng ba e sebelisa, re lumellana le sepheo sa bona. Botebong ba lipelo tsa rōna ha re batle ho shoa.

NA BATHO BA KA HLŌLA LEFU?

Ke hobane’ng ha re hloile lefu? Bibele e re bolella lebaka. Ha e bua ka ’Mōpi, Jehova Molimo,a e re: “O entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ntle ka nako ea eona. O kentse nako e sa lekanyetsoang ka lipelong tsa bona [batho].” (Moeklesia 3:11) Re batla ho thabela ho phela lefatšeng la rōna le letle ka ho sa feleng, eseng feela ka lilemo tse ka bang 80. (Pesaleme ea 90:10) Ke eona takatso ea lipelo tsa rōna eo.

Ke hobane’ng ha Molimo a kentse “nako e sa lekanyetsoang” ka lipelong tsa rōna? Na ke hore feela a re ferekanye? Ho hang, Molimo a ke ke a etsa joalo. Ho e-na le hoo, Molimo o re tšepisa hore lefu le tla hlōloa. Bibele e bua hangata ka ho felisoa ha lefu le ka tšepiso ea Molimo ea ho re fa bophelo bo sa feleng.—Sheba lebokose le sehloohong sena le reng, “Lefu Lea Hlōloa.”

Jesu Kreste le eena o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Kahoo, ntoa e khahlanong le lefu e tla hlōla. Leha ho le joalo, Jesu o re tiisetsa hore ke Molimo feela ea ka hlōlang ntoa eo.

a Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.

Lefu Lea Hlōloa

  • “O tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.”—Esaia 25:8.

  • “Ena ke thato ea Ntate, hore e mong le e mong ea bonang Mora le ea bontšang tumelo ho eena a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 6:40.

  • “Sera sa ho qetela, lefu le tla etsoa lefeela.”—1 Bakorinthe 15:26.

  • “[Re na le] tšepo ea bophelo bo sa feleng boo Molimo, ea ke keng a bua leshano, a ileng a bo tšepisa pele ho linako tse tšoarellang halelele.”—Tite 1:2.

  • “O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.”—Tšenolo 21:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela