Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w14 1/1 leq. 11
  • Re U Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re U Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Ho Fana ha Hao ke Sehlabelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Luka—Mosebetsi-’moho ea Ratehang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
w14 1/1 leq. 11

RE U LOME TSEBE?

Mehleng ea Jesu, batho ba ne ba ntša menehelo joang tempeleng?

Mosali oa Moiseraele o tšela monehelo letlōleng la polokelo ea matlotlo tempeleng

Sebaka sa polokelo ea matlotlo se ne se le Lebaleng la Basali. Buka ea The Temple—Its Ministry and Services, e re: “Ho potoloha lebala leo ho ne ho e-na le mathule ’me ka tlas’a ’ona, leboteng, ho ne ho e-na le matlōle a 13 a polokelo ea matlotlo kapa ‘literompeta’ [moo] ho neng ho tšeloa menehelo teng.”

Matlōle ao a ne a bitsoa literompeta hobane a ne a le masesaane molomong ’me a le sephara tlaase. Letlōle ka leng le ne le ngoloa hore na ke la monehelo ofe ’me monehelo o neng o fumanoa ka letlōleng ka leng o ne o sebelisetsoa mosebetsi oa oona. Jesu o ne a le Lebaleng la Basali ha a ne a bona batho ba bangata ba tšela menehelo ka matlōleng, ho akarelletsa le mohlolohali ea hlokang.—Luka 21:1, 2.

Matlōle a mabeli e ne e le a ho tšela lekhetho la tempele—lekhetho le leng e le la selemo seo le leng e le la selemo se fetileng. Letlōleng la boraro ho ea ho la bosupa ho ne ho tšeloa menehelo ea maebana-khoroana, maeba, patsi, libano hammoho le lijana tsa khauta ho latela boleng ba tsona. Haeba chelete eo motho a neng a e beheletse ka thōko e ne e feta theko ea nyehelo, o ne a tšela e setseng ka matlōleng a mang. Letlōleng la borobeli ho ne ho tšeloa chelete e neng e sala ha ho etsoa linyehelo tsa sebe. Letlōleng la bo9 ho ea ho la bo12 ho ne ho tšeloa chelete e neng e sala ha ho etsoa linyehelo tsa molato, tse neng li etsoa ka mahlabelo a linonyana le linyehelo tsa Banazari le linyehelo tsa balepera. Letlōleng la bo13 ho ne ho tšeloa menehelo ea boithatelo.

Na mongoli oa Bibele Luka e ne e le rahistori ea tšepahalang?

Mongoli oa Bibele Luka

Luka o ile a ngola Kosepele e reheletsoeng ka lebitso la hae hammoho le buka ea Liketso Tsa Baapostola. Luka o re o ile a ‘sala lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala,’ empa litsebi tse ling li belaela kamoo a tlalehileng liketsahalo kateng. (Luka 1:3) Na o ne a tlaleha ka tsela e nepahetseng?

Luka o bua ka litaba tsa histori tse ka netefatsoang. Ka mohlala, o sebelisa litlotla tse nepahetseng empa tse neng li sa tsejoe hantle tsa liofisiri tsa ’muso oa Roma, tse kang bo-mastrata ba sechaba ba Filipi; babusi ba Thesalonika, le baeta-pele ba Efese. (Liketso 16:20, Kingdom Interlinear; 17:6; 19:31) Luka o bitsa Heroda Antipase ’musi oa setereke ’me Sergiase Pauluse o ’mitsa motsamaisi oa profinse ea Cyprase.—Liketso 13:1, 7.

Tsela e nepahetseng eo Luka a sebelisang litlotla tsena ka eona ea hlolla hobane ha puso ea naha ea Roma e ne e fetoha, le tlotla ea motsamaisi e ne e fetoha. Leha ho le joalo, setsebi sa Bibele Bruce Metzger, se re: “Nako le nako ha buka ea Liketso e bua ka litlotla tseo e bua ka tlotla e tšoanelang nako le sebaka seo ho buuoang ka sona.” Setsebi William Ramsay, se bitsa Luka “rahistori oa boemo bo phahameng ka ho fetisisa.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela