SEHLOOHO SE KA NTLE | NA U LOKELA HO RAPELA?
Ke Hobane’ng ha Batho ba Rapela?
Na u rapela kamehla? Batho ba bangata ba rapela kamehla, esita le ba sa lumeleng hore Molimo o teng. Empa ke hobane’ng ha batho ba rapela? Ho latela phuputso e ileng ea etsoa Fora, halofo ea baahi ba Fora ba rapela “feela hore ba ikutloe ba imolohile likelellong.” Joaloka batho ba bangata ba Europe, hase hore ba rapela hobane e le balumeli. Ho e-na le hoo, ba ipatlela feela “hore thapelo e ba thobe maikutlong.” Ka lehlakoreng le leng, batho ba bangata ba bolumeli, ba rapela Molimo ha ho e-na le seo ba se batlang feela ’me ba lebeletse hore Molimo a ba fe seo ba se kōpang hang-hang.—Esaia 26:16.
Uena u re’ng? Na u nka thapelo e le feela ntho e u imollang kelellong? Haeba u lumela ho Molimo, na ho rapela hoa u thusa? Kapa na u bona eka Molimo ha a arabele lithapelo tsa hao? Bibele e ka u thusa hore u nke thapelo e le ntho ea bohlokoa e u atametsang haufi le Molimo, eseng feela setlhare se thobang maikutlo.