Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w14 8/1 leq. 16
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Khetholla Bolumeli ba ’Nete Joang?
    Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • Litaba Tse Molemo ke Life ka Bolumeli?
    Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • U ka Khetholla Borapeli ba ’Nete Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Borapeli Boo Molimo a bo Amohelang
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
w14 8/1 leq. 16
Lipaki Tsa Jehova tsa merabe e sa tšoaneng li thabela botsoalle Holong ea ’Muso

LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA

Na Molimo o amohela malumeli ’ohle?

a u mamela litaba e ka ’na eaba u hlokometse hore ka linako tse ling batho ba ipitsang balumeli ba etsa lintho tse mpe. Hase malumeli ’ohle ao Molimo a a amohelang. (Matheu 7:15) Ka sebele batho ba bangata ba khelositsoe.—Bala 1 Johanne 5:19.

Leha ho le joalo, Molimo o ela hloko batho ba ratang lintho tse lokileng le ’nete. (Johanne 4:23) Molimo o khothalletsa batho ba joalo hore ba ithute ’nete e tsoang Lentsoeng la hae, Bibele.—Bala 1 Timothea 2:3-5.

U ka tseba bolumeli ba ’nete joang?

Jehova Molimo o kopanya batho ba tsoang malumeling a mangata ka ho ba ruta ’nete le ho ba ruta hore ba ratane. (Mikea 4:2, 3) Kahoo, u ka tseba litho tsa bolumeli ba ’nete ka tsela eo li hlokomelanang ka eona.—Bala Johanne 13:35.

Jehova Molimo o kopanya batho ba mefuta eohle borapeling ba ’nete.—Pesaleme ea 133:1

Barapeli ba ’nete ba theha tumelo ea bona le tsela eo ba phelang ka eona Bibeleng. (2 Timothea 3:16) Ba boetse ba hlompha lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Ba buella ’Muso oa Molimo e le oona feela tšepo ea batho. (Daniele 2:44) Ba etsisa Jesu ha ba khantša leseli la bona ’me ba tšoara baahelani ba bona hantle. (Matheu 5:16) Ka lebaka leo, Bakreste ba ’nete ba tsebahala ka ho etela batho malapeng a bona ka sepheo sa ho ba bolella litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.—Bala Matheu 24:14; Liketso 5:42; 20:20.

Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 15 ea buka ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova

E boetse e fumaneha howww.jw.org/st

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela