Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 8/1 maq. 16-17
  • U ka Khetholla Borapeli ba ’Nete Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Khetholla Borapeli ba ’Nete Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Khetholla Bolumeli ba ’Nete Joang?
    Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • Borapeli Boo Molimo a bo Amohelang
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ka Bolumeli ba ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • U ka Fumana Bolumeli ba ’Nete Joang?
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 8/1 maq. 16-17

Ithute Lentsoe la Molimo

U ka Khetholla Borapeli ba ’Nete Joang?

Sehlooho sena se na le lipotso tseo e ka ’nang eaba u ’nile ua ipotsa tsona ’me se bontša hore na u ka fumana likarabo hokae Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho tšohla likarabo tsena le uena.

1. Na ho na le bolumeli bo le bong feela ba ’nete?

Jesu o ile a ruta balateli ba hae bolumeli bo le bong feela, e leng bolumeli ba ’nete. Bo tšoana le tsela e lebisang bophelong. Mabapi le tsela eo, Jesu o ile a re: “Ke ba seng bakae ba e fumanang.” (Matheu 7:14) Molimo o amohela feela borapeli bo thehiloeng Lentsoeng la hae la ’nete. Barapeli bohle ba ’nete ba momahane tumelong e le ’ngoe.—Bala Johanne 4:23, 24; 14:6; Baefese 4:4, 5.

2. Ke hobane’ng ha malumeli a mangata hakaale a ipitsa a Bokreste?

Baprofeta ba bohata ba sentse Bokreste ’me ba ’nile ba bo sebelisa molemong oa bona. Joalokaha Jesu a ile a bolela esale pele, ba iketsa “linku” tsa hae le hoja ba itšoara joaloka liphiri tse lapileng. (Matheu 7:13-15, 21, 23) Bokreste ba bohata bo ile ba hlahella haholo-holo ka mor’a ho hlokahala ha baapostola ba Jesu.—Bala Liketso 20:29, 30.

3. Ke lintho life tse ling tse khethollang borapeli ba ’nete?

Barapeli ba ’nete ba nka Bibele e le Lentsoe la Molimo. Ba leka ho phela tumellanong le melao ea lona. Ka hona, bolumeli ba ’nete bo fapane le malumeli a thehiloeng likhopolong tsa batho. (Matheu 15:7-9) Barapeli ba ’nete ha ba etse se fapaneng le seo ba se rutang.—Bala Johanne 17:17; 2 Timothea 3:16, 17.

Bolumeli ba ’nete bo tlotlisa lebitso la Molimo, Jehova. Jesu o ile a etsa hore lebitso la Molimo le tsejoe. O ile a thusa batho hore ba tsebe Molimo a ba a ba ruta ho rapella hore lebitso la Molimo le halaletsoe. (Mattheu 6:9) Ke bolumeli bofe bo khothalletsang batho hore ba sebelise lebitso la Molimo, sebakeng sa heno?—Bala Johanne 17:26; Baroma 10:13, 14.

4. U ka khetholla barapeli ba ’nete joang?

Bakreste ba ’nete ba bolela ka ’Muso oa Molimo. Molimo o ile a romela Jesu hore a bolele ka ’Muso oo. ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla rarolla mathata a batho. Jesu o ile a ’na a bolella batho ka oona ho fihlela a e-shoa. (Luka 4:43; 8:1; 23:42, 43) O ile a laela balateli ba hae hore ba bolelle batho ka ’Muso oa Molimo. Haeba motho e mong a e-tla ho uena a u bolella ka ’Muso oa Molimo, u tla mo nka e le oa bolumeli bofe?—Bala Matheu 10:7; 24:14.

Balateli ba Jesu hase karolo ea lefatše lena le khopo. Ha ba itšunya-tšunye litabeng tsa lipolotiki kapa lintoeng. (Johanne 17:16) Hape, ha ba latele mekhoa e kotsi ea lefatše lena hammoho le moea oa lona.—Bala Jakobo 1:27; 4:4.

5. Letšoao le ka sehloohong la Bokreste ba ’nete ke lefe?

Bakreste ba ’nete ba ratana ka tsela e ikhethang. Lentsoe la Molimo le ba rutile ho hlompha batho ba merabe eohle. Le hoja bolumeli ba bohata hangata bo tšehetsa ka matla lintoa tsa lefatše, barapeli ba ’nete bona ba hana ho etsa joalo. (Mikea 4:1-4) Ho e-na le hoo, ka pelo eohle, balumeli ba ’nete ba sebelisa nako ea bona le matlotlo a bona e le hore ba thuse batho ba bang le ho ba khothatsa.—Bala Johanne 13:34, 35; 1 Johanne 4:20, 21.

Ke sehlopha sefe sa bolumeli se thehileng lithuto tsohle tsa sona Lentsoeng la Molimo, se tlotlisang lebitso la Molimo le se bolelang hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla rarolla mathata a batho? Ke sefe sehlopha se nang le lerato se bileng se sa keneng lintoeng? ’Nete e hlakile hore ke Lipaki Tsa Jehova.—1 Johanne 3:10-12.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 15 ea buka ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

“Ba bolela phatlalatsa hore ba tseba Molimo, empa ba mo latola ka mesebetsi ea bona.”—Tite 1:16

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela