Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rq thuto 13 maq. 26-27
  • U ka Fumana Bolumeli ba ’Nete Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Fumana Bolumeli ba ’Nete Joang?
  • Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Khetholla Bolumeli ba ’Nete Joang?
    Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • U ka Khetholla Borapeli ba ’Nete Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Borapeli Boo Molimo a bo Amohelang
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Na U Fumane Bolumeli bo Nepahetseng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
rq thuto 13 maq. 26-27

Thuto ea 13

U ka Fumana Bolumeli ba ’Nete Joang?

Na malumeli ’ohle a thabisa Molimo, kapa na ke bo le bong feela? (1)

Ke hobane’ng ha ho e-na le malumeli a mangata hakaale a ipolelang hore ke a Bokreste? (2)

U ka khetholla Bakreste ba ’nete joang? (3-7)

1. Jesu o ile a qala bolumeli bo le bong ba ’nete ba Bokreste. Kahoo kajeno ho tlameha ho be le mokhatlo o le mong, kapa sehlopha, oa barapeli ba ’nete ba Jehova Molimo. (Johanne 4:23, 24; Baefese 4:4, 5) Bibele e ruta hore ke batho ba ’maloa feela ba tseleng e tšesaane e isang bophelong.—Matheu 7:13, 14.

2. Bibele e ile ea bolela esale pele hore ka mor’a lefu la baapostola, lithuto tse fosahetseng le mekhoa eo e seng ea Bokreste li ne li tla kena butle-butle phuthehong ea Bokreste. Batho ba ne ba tla ikhulela balumeli hore ba ba latele ho e-na le ho latela Kreste. (Matheu 7:15, 21-23; Liketso 20:29, 30) Ke ka lebaka leo re bonang malumeli a mangata hakana a sa tšoaneng a ipolelang hore ke a Bokreste. Re ka khetholla Bakreste ba ’nete joang?

3. Letšoao le hlahelletseng ka ho fetisisa la Bakreste ba ’nete ke hore ba na le lerato la sebele har’a bona. (Johanne 13:34, 35) Ha ba rutoe ho nahana hore ba molemo ho feta batho ba merabe e meng kapa ba ’mala o itseng oa letlalo. Leha e le hore ba rutoa ho hloea batho ba linaha tse ling. (Liketso 10:34, 35) Kahoo ha ba kopanele lintoeng. Bakreste ba ’nete ba tšoarana joaloka bara le barali ba motho.—1 Johanne 4:20, 21.

4. Letšoao le leng le khethollang bolumeli ba ’nete ke hore litho tsa bona li na le tlhompho e tebileng bakeng sa Bibele. Ba e amohela e le Lentsoe la Molimo ’me ba lumela seo e se bolelang. (Johanne 17:17; 2 Timothea 3:16, 17) Ba tšoara Lentsoe la Molimo e le la bohlokoa ho feta likhopolo kapa meetlo ea batho. (Matheu 15:1-3, 7-9) Ba leka ho phela ka Bibele bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi. Kahoo ha ba bolele ntho e itseng ebe joale ba etsa e ’ngoe e fapaneng.—Tite 1:15, 16.

5. Hape bolumeli ba ’nete bo tlameha ho tlotlisa lebitso la Molimo. (Matheu 6:9) Jesu o ile a tsebahatsa lebitso la Molimo, Jehova, ho batho ba bang. Bakreste ba ’nete ba tlameha ho etsa se tšoanang. (Johanne 17:6, 26; Baroma 10:13, 14) Tikolohong ea heno ke batho bafe ba bolellang ba bang ka lebitso la Molimo?

6. Bakreste ba ’nete ba tlameha ho bolela ka ’Muso oa Molimo. Jesu o ile a etsa joalo. Kamehla o ne a bua ka ’Muso. (Luka 8:1) O ile a laela barutuoa ba hae ho bolela molaetsa ona o tšoanang lefatšeng lohle. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Bakreste ba ’nete ba lumela hore ke ’Muso oa Molimo feela o tlang ho tlisa khotso ea ’nete le tšireletseho lefatšeng lena.—Pesaleme ea 146:3-5.

7. Barutuoa ba Jesu ba tlameha ho se be karolo ea lefatše lena le khopo. (Johanne 17:16) Ha ba itšunya-tšunye litabeng tsa lipolotiki tsa lefatše le litsekisanong tsa sechaba. Ba qoba boitšoaro bo kotsi, mekhoa le boikutlo tse tloaelehileng lefatšeng. (Jakobo 1:27; 4:4) Na u ka khona ho khetholla sehlopha sa bolumeli tikolohong ea heno se nang le matšoao aa a Bokreste ba ’nete?

[Litšoantšo tse leqepheng la 26, 27]

Bakreste ba ’nete baa ratana, ba hlompha Bibele ’me ba bolela ka ’Muso oa Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela