“Temohisiso ea Motho e Liehisa Bohale ba Hae”
Mokoetlisi o lelekoa mosebetsing ka lebaka la ho ba bohale.
Ngoana oa ithaburanya ha a khalemeloa.
’Mè o tjolietsana le mora oa hae hobane a sa hloekisa kamore.
KAOFELA ha rōna re kile ra bona motho ea halefileng, ebile ha ho potang hore re kile ra loloma ke bohale. Le hoja e ka ’na eaba re lumela hore ho halefa ha hoa loka le hore re lokela ho ithiba hore re se ke ra halefa, hangata re ee re nke hore re na le lebaka le utloahalang la ho koata, haholo ha ho bonahala eka motho e mong oa re tella. Sehlooho se seng se ngotsoeng ke mokhatlo o bitsoang American Psychological Association se re: “Ho koata ke ntho e tloaelehileng, ho thusa motho ho phela hantle ebile ke boikutlo ba botho.”
Pono e joalo e ka ’na ea bonahala e utloahala ha re nahana ka seo moapostola Pauluse a ileng a se bua a le tlas’a pululelo. O ile a lumela hore ka linako tse ling motho a ka ’na a halefa, ’me a re: “Halefang, leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le likella le halefile.” (Baefese 4:26) Na tumellanong le temana ee, re lokela ho halefa le feela kapa re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho ithiba?
NA U LOKELA HO HALEFA?
Ha Pauluse a ne a fana ka keletso eo e mabapi le ho halefa, ho totobetse hore o ne a nahanne ka mantsoe a mopesaleme ea ileng a re: “Halefang, empa le se ke la etsa sebe.” (Pesaleme ea 4:4) Joale re ka re ke hobane’ng ha Pauluse a ile a fana ka keletso ee e bululetsoeng? O ile a tsoela pele ho re: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe bohle.” (Baefese 4:31) Ha e le hantle Pauluse o ne a khothalletsa Bakreste hore ba ithibe hore ba se ke ba halefa. Ho thahasellisang ke hore sehlooho sa American Psychological Association seo re buileng ka sona pejana, se tsoela pele ho re: “Lipatlisiso li bontša hore ‘ho inehella’ ho koata ho fella ka ho halefa kapa ho ba mabifi ’me ha ho thuse ka letho . . . ebile ha ho rarolle bothata.”
Joale, ke joang re ka ‘tlosang’ khalefo hammoho le liphello tsa eona tse mpe? Morena Solomone ea bohlale oa Iseraele ea boholo-holo o ile a re: “Ka sebele temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae, ’me ho hlokomoloha tlōlo ke botle ho eena.” (Liproverbia 19:11) “Temohisiso ea motho” e mo thusa joang ha a tlallana ke bohale?
KAMOO KUTLOISISO E LIEHISANG BOHALE
Kutloisiso ke bokhoni ba ho bona taba ka ho hlaka. Ho ba le kutloisiso ho bolela ho bona lintlha tse ling tse poteletseng mabapi le taba e itseng. Seo se ka re thusa joang ha ba bang ba re khopisa kapa ba re halefisa?
Ha re bona ho hloka toka, re ka ’na ra fela pelo. Leha ho le joalo, haeba re nkoa ke maikutlo kapa re betoa ke pelo, re ka ’na ra intša kotsi kapa ra utloisa ba bang bohloko. Feela joalokaha mollo o sa laoloeng o ka chesa ntlo lore! ho tuka ke bohale ho ka re hlokisa seriti ha ba ha senya kamano ea rōna le ba bang kapa le Molimo. Ka hona, ha re utloa re tlallana ke bohale, e ka ba hantle hore re nahanisise lintho ka hloko. Ho bona litaba ka mahlakore ’ohle ho tla re thusa ho laola maikutlo.
Ho ne ho sale hanyane Morena Davida e leng ntate oa Solomone a bolaea monna ea bitsoang Nabale hoja a se ke a thusoa hore a bone lintho hantle. Davida le banna ba hae ba ile ba sireletsa linku tsa Nabale tse neng li le lehoatateng la Juda. Ha Nabale a ntse a kuta linku, Davida o ile a kōpa hore a mo fe lijo. Nabale o ile a araba ka ho re: “Na ke lokela ho nka bohobe ba ka le metsi a ka le nama ea ka e hlabiloeng eo ke e hlabetseng bakuti ba ka ’me ke e fe banna bao ke sa tsebeng le hore na ba tsoa hokae?” Hoo e ne e le tlhapa ruri! Ha Davida a utloa mantsoe ao, o ile a tloha le banna ba hae ba 400, ba ikemiselitse ho ea bolaea Nabale le ba ntlo ea hae.—1 Samuele 25:4-13.
Mosali oa Nabale e leng Abigaile, o ile a utloa ka taba eo ’me a tsoa ho ea khahlanyetsa Davida. Ha a kopana le Davida le banna ba hae, o ile a itihela maotong a hae ’me a re: “Ka kōpo, e-re lekhabunyane la hao le bue moo u ntseng u utloa, ’me u mamele mantsoe a lekhabunyane la hao.” Ka mor’a moo o ile a hlalosetsa Davida hore Nabale o bile booatla ’me a boela a bontša Davida hore o ne a tla itšola haeba a ne a iphetetsa ’me a tšolla mali.—1 Samuele 25:24-31.
Davida o ile a ithuta’ng mantsoeng a Abigaile e ileng ea mo thusa ho rarolla bothata boo? Ntho ea pele, o ile a hlokomela hore Nabale ha a na kelello ka tlhaho, ea bobeli, Davida o ile a bona hore a ka ’na a bolaea haeba a ka iphetetsa. Joaloka Davida, u ka ’na ua halefisoa ke ntho e itseng. U lokela ho etsa’ng? Sehlooho se ngotsoeng ke Mayo Clinic se re: “Khoba matšoafo ka hore u heme ka matla ka makhetlo a leshome.” Ema hanyane ’me u nahane ka sesosa sa bothata ba hao le ka liphello tsa seo u nahanang ho se etsa. Lumella hore kutloisiso e etse hore u liehe ho halefa kapa hore u se ke ua halefa ho hang.—1 Samuele 25:32-35.
Ka tsela e tšoanang, kajeno ho na le batho ba bangata ba thusitsoeng ho laola khalefo. Sebastian o ile a hlalosa hore ha a sa le lilemo li 23 ’me e le motšoaruoa naheng ea Poland, ho ithuta Bibele ho ile ha mo thusa ho laola khalefo le ho koata. O ile a re, “Ntho ea pele, ke nahana ka sesosa sa bothata ba ka. Ebe ke leka ho sebelisa keletso ea Bibele. Ke ithutile hore keletso ea Bibele e tsoa pele.”
Ho sebelisa keletso ea Bibele ho ka u thusa ho laola khalefo
Setsuo le eena o etsa se tšoanang. O re: “Ke ne ke tloaetse ho khahlapetsa basebetsi-’moho le ’na ha ba ntena. Kaha ke se ke ithutile Bibele, ho e-na le ho halefa ke qala ka ho ipotsa: ‘Ha e le hantle ke mang ea molato? Na ha se ’na ea bakang bothata?’” Ho nahana ka lipotso tse kang tseo ho etsa hore a liehe ho halefa, ’me seo se mo thusitse ho ithiba ha a tlallana ke khalefo.
Boikutlo ba khalefo bo ka ba matla, empa keletso e fumanoang ka Bibeleng e matla le ho feta. Ka ho sebelisa keletso ea Bibele e bohlale le ka ho rapela Molimo hore a u thuse, u ka lumella kutloisiso hore e etse hore u liehe ho halefa kapa u laole khalefo.