Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w14 12/1 leq. 16
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Re ka Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsa Bohlokoa Bophelong Hokae?
    Re ka Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsa Bohlokoa Bophelong Hokae?
  • Likeletso Tse Ling Tse Ka Thusang Malapa
    Tsoha!—2018
  • Na Mahlomola a Tla ke a Fele?
    Na Mahlomola a Tla ke a Fele?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
w14 12/1 leq. 16

LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA

U ka thusa bana ba hao joang hore ba rate Molimo?

Motsoali o ruta ngoana oa hae a sebelisa pōpo

Sebelisa lintho tseo re ka ithutang tsona pōpong hore u thuse bana ba hao ho tseba le ho rata Molimo

Bana ba hao ba ka rata Molimo ha feela ba e-na le bopaki ba hore o teng le hore oa ba rata. E le hore ba rate Molimo, ba lokela ho mo tseba. (1 Johanne 4:8) Ka mohlala, ba lokela ho tseba hore na: Ke hobane’ng ha Molimo a ile a bōpa motho? Ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore re utloe bohloko? Ke’ng seo Molimo a tla se etsetsa batho nakong e tlang?—Bala Bafilipi 1:9.

E le hore u thuse bana ba hao hore ba rate Molimo, u lokela ho ba bontša hore ua mo rata. Ha ba bona seo, ba ka latela mohlala oa hao.—Bala Deuteronoma 6:5-7; Liproverbia 22:6.

U ka finyella lipelo tsa bana ba hao joang?

Lentsoe la Molimo le matla. (Baheberu 4:12) Ka hona, ruta bana ba hao lithuto tsa motheo tsa Bibele. E le hore Jesu a finyelle lipelo tsa batho, o ne a ba botsa lipotso, a ba mamela a bile a ba hlalosetsa Mangolo. Haeba u batla ho finyella bana ba hao pelo, u ka etsisa tsela eo Jesu a neng a ruta ka eona.—Bala Luka 24:15-19, 27, 32.

Ho phaella moo, lipale tsa Bibele tse bontšang kamoo Molimo a ’nileng a sebetsana le batho kateng li ka thusa bana ho tseba Molimo le ho mo rata. Ho na le lingoliloeng tse entsoeng ka morero oa ho thusa bana ho rata Molimo ho www.jw.org\st.—Bala 2 Timothea 3:16.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 14 bukeng ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova

U ka boela ua e fumana ho www.jw.org/st, kapa u ngolle ho e ’ngoe ea liaterese tse leqepheng la 2 hore u e fumane mahala

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela