Na Mahlomola a Tla ke a Fele?
U ka araba potso ee joang? Ka . . .
e?
che?
kapa ka mohlomong?
BIBELE EONA E RE’NG?
E re: “Molimo . . . o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, esita le mahlomola, kapa lillo kapa bohloko.”—Tšenolo 21:3, 4, Bibele—Phetolelo e Ncha.
SEE SE KA U TSOELA MOLEMO JOANG?
Se ka u kholisa hore hase Molimo ea re bakelang mathata.—Jakobo 1:13.
Se ka u fa matšeliso a ho tseba hore Molimo o re utloela bohloko ha re le mahlomoleng.—Zakaria 2:8.
Se ka u fa tšepo ea hore mahlomola ’ohle a tla fela.—Pesaleme ea 37:9-11.
NA KA SEBELE RE KA LUMELA SEO BIBELE E SE BUANG?
E, bonyane ka mabaka a mabeli:
Molimo o hloile mahlomola le ho hloka toka. Nahana kamoo Jehova Molimo a ileng a ikutloa kateng ha batho ba hae ba ne ba tšoaroa hampe nakong ea ha ho ne ho ngoloa Bibele. Bibele e re o ne a utloa bohloko ka lebaka la “ba neng ba ba hlorisa.”—Baahloli 2:18, Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha.
Molimo o hloile batho ba hlorisang ba bang. Ka mohlala, Bibele e bolela hore Molimo o nyonya batho ba ‘bolaeang batho ba se nang molato.’—Liproverbia 6:16, 17.
Molimo o tsotella e mong le e mong oa rona. Jehova o tseba bohloko ba e mong le e mong oa rona, feela joalokaha motho ‘e mong le e mong a tseba ntho e mo utloisang bohloko.’—2 Likronike 6:29, 30.
Haufinyane Jehova o tla sebelisa ’Muso oa hae ho felisa mahlomola a motho e mong le e mong. (Matheu 6:9, 10) Empa hona joale, ka mosa o tšelisa ba mo batlang ka tieo.—Liketso 17:27; 2 Bakorinthe 1:3, 4.
U KA ’NA OA IPOTSA
Ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahlomola?
Bibele e araba potso ena ho BAROMA 5:12 le ho 2 PETROSE 3:9.