Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • T-31 maq. 1-4
  • U Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Joang?
  • U Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Joang?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    ’Muso oa Molimo ke Eng?
  • Na Mahlomola a Tla ke a Fele?
    Na Mahlomola a Tla ke a Fele?
  • Hantle-ntle ke Mang ea Laolang Lefatše?
    Hantle-ntle ke Mang ea Laolang Lefatše?
  • Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?
    Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?
Bala Tse Ling
U Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Joang?
T-31 maq. 1-4

U Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Joang?

Na boemo ba lefatše . . .

  • bo ke ke ba fetoha?

  • bo tla mpefala?

  • kapa bo tla ntlafala?

BIBELE EONA E RE’NG?

“Molimo . . . o tla hlakola meokho eohle ea bona. Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng. Masoabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tse neng li etsahala pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4, Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha.

HO TSEBA SEE HO KA U THUSA JOANG?

U ka ba le mosebetsi o thabisang le o khotsofatsang.—Esaia 65:21-23.

U ka phela u sa kule ebile ho se na lintho tse utloisang bohloko.—Esaia 25:8; 33:24.

U ka phela ka ho sa feleng le ba lelapa le metsoalle le thabile.—Pesaleme ea 37:11, 29.

Monna le mosali ba talima bokamoso ka tšepo; ngoananyana o tšella limela; basebetsi ba kaho ba haha ntlo

NA RE KA LUMELA SEO BIBELE E SE BUANG?

E, bonyane ka mabaka a mabeli:

  • Molimo o na le matla a ho phethahatsa seo a se tšepisitseng. Ka Bibeleng, Jehova Molimo ke eena feela ea bitsoang “ea Matla ’Ohle,” kaha o na le matla a sa lekanyetsoang. (Tšenolo 15:3) Ka hona o na le matla a ho phethahatsa tšepiso ea hae ea ho ntlafatsa lefatše. Joalokaha Bibele e bolela, “lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.”—Matheu 19:26.

  • Molimo o labalabela ho phethahatsa seo a se tšepisitseng. Ka mohlala, Jehova o tla hopola ho tsosa bafu.—Jobo 14:14, 15.

    Bibele e boetse e bontša hore Jesu, Mor’a Molimo, o ile a folisa batho ba kulang. Ke hobane’ng ha a ile a etsa joalo? Ke hobane o ne a batla ho ba thusa. (Mareka 1:40, 41) Jesu o ile a bonahatsa ka ho phethahetseng botho ba Ntate oa hae ka takatso eo a neng a e-na le eona ea ho thusa batho ba hlokang thuso.—Johanne 14:9.

    Kahoo re ka kholiseha hore Jehova le Jesu ba batla ho re thusa hore re thabele bokamoso.—Pesaleme ea 72:12-14; 145:16; 2 Petrose 3:9.

U KA ’NA OA IPOTSA

Motho o supa temana ka Bibeleng

Molimo o tla ntlafatsa lefatše joang?

Bibele e araba potso ena ho MATHEU 6:9, 10 le ho DANIELE 2:44.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela