Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • T-33 maq. 1-4
  • Hantle-ntle ke Mang ea Laolang Lefatše?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hantle-ntle ke Mang ea Laolang Lefatše?
  • Hantle-ntle ke Mang ea Laolang Lefatše?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Joang?
    U Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Joang?
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    ’Muso oa Molimo ke Eng?
  • Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?
    Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?
  • Na Mahlomola a Tla ke a Fele?
    Na Mahlomola a Tla ke a Fele?
Bala Tse Ling
Hantle-ntle ke Mang ea Laolang Lefatše?
T-33 maq. 1-4

Hantle-ntle ke Mang ea Laolang Lefatše?

Na u nahana hore ke . . .

  • Molimo?

  • batho?

  • kapa ke motho e mong ea itseng?

BIBELE EONA E RE’NG?

E re: “Lefatše lohle le laoloa ke Ea Khopo.”—1 Johanne 5:19.

“Mora oa Molimo o tletse . . . ho felisa mosebetsi oa diabolose.”—1 Johanne 3:8, New Century Version.

HO TSEBA SEE HO KA U THUSA JOANG?

Ho ka u thusa hore u utloisise ka ho hlakileng hore na mathata a lefatše a bakoa ke eng.—Tšenolo 12:12.

Ho ka u thusa hore u be le mabaka a ho lumela hore maemo a lefatše a tla loka.—1 Johanne 2:17.

Satane o laola lipolotiki tsa lefatše, sesole, malumeli le batho

NA KA SEBELE RE KA LUMELA SEO BIBELE E SE BUANG?

E, bonyane ka mabaka a mararo:

  • Puso ea Satane e tla felisoa. Jehova o ikemiselitse ho felisa bolaoli ba Satane holim’a lefatše. O tšepisa hore o tla ‘etsa Diabolose lefeela’ a be a tlose ka ho feletseng tšenyo eohle e bakiloeng ke Satane.—Baheberu 2:14, Phetolelo ea Lefatše le Lecha.

  • Molimo o khethile Jesu Kreste hore a buse lefatše. Jesu o fapane ka ho feletseng le ’musi oa hona joale oa lefatše ea sehlōhō le ea nang le moea oa boithati. Ha Molimo a bua ka puso ea Jesu, o tšepisa hore ‘o tla utloela ea tlaase le ea futsanehileng bohloko . . . O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong.’—Pesaleme ea 72:13, 14.

  • Molimo a ke ke a bua leshano. Bibele e bolela ka ho hlaka hore: ‘Ho ke ke ha khoneha hore Molimo a bue leshano.’ (Baheberu 6:18) Ha Jehova a tšepisa hore o tla etsa ntho e itseng, ho tšoana leha eka e se e etsahetse! (Esaia 55:10, 11) “’Musi oa lefatše lena o tla lahleloa ntle.”—Johanne 12:31.

U KA ’NA UA IPOTSA

Lelapa le thabileng le thabela boikhathollo hammoho

Lefatše le tla ba joang ha ’musi oa lona a se a tlositsoe?

Bibele e araba potso ena ho PESALEME EA 37:10, 11 le ho TŠENOLO 21:3, 4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela