Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • T-36 leq. 1
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Joang?
    U Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Joang?
  • Hantle-ntle ke Mang ea Laolang Lefatše?
    Hantle-ntle ke Mang ea Laolang Lefatše?
  • Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?
    Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?
  • Na Mahlomola a Tla ke a Fele?
    Na Mahlomola a Tla ke a Fele?
Bala Tse Ling
’Muso oa Molimo ke Eng?
T-36 leq. 1
Batho ba merabe e fapaneng ba rapella hore ’Muso oa Molimo o tle

’Muso oa Molimo ke Eng?

Na u ne u ka re ke . . .

  • boikutlo bo ka pelong ea hao?

  • mokhabo-puo?

  • ’muso o leholimong?

SEO BIBELE E SE RUTANG

“Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa felisoa le ka mohla.”—Daniele 2:44, Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha.

‘Re filoe mora, ’muso o tla lula lehetleng la hae.’—Esaia 9:6 naletsana.

SEE SE KA BOLELA’NG HO UENA

  • ’Muso o lokileng o ka u tsoelang molemo.—Esaia 48:17, 18.

  • Lefatšeng le lecha le tlang, bophelo e tla ba bo phethahetseng le bo thabisang.—Tšenolo 21:3, 4.

Batho baa lema le ho thabela bophelo paradeiseng tlas’a ’Muso oa Molimo

NA RE KA TŠEPA SEO BIBELE E SE BUANG?

E, bonyane ka mabaka a mabeli:

  • Jesu o ile a bontša hore na ’Muso oa Molimo o tla re etsetsa’ng. Jesu o ile a ruta balateli ba hae ho rapella ’Muso oa Molimo hore o tle le hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng. (Matheu 6:9, 10) Jesu o ile a bontša hore na thapelo eo e tla arajoa joang.

    Ha Jesu a sa le lefatšeng, o ile a fepa ba lapileng, a folisa ba kulang a ba a tsosa le bafu. (Matheu 15:29-38; Johanne 11:38-44) Joaloka Morena ’Musong oa Molimo, Jesu o ile a re bontša selelekela sa seo ’Muso oo o tla se etsetsa batho ba busoang ke oona.—Tšenolo 11:15.

  • Maemo a lefatše a netefatsa hore ’Muso oa Molimo o tla tla haufinyane. Jesu o ile a bolela esale pele hore nakoana pele ’Muso oo o tlisa khotso, lefatše le ne le tla apareloa ke tlala, lintoa le litšisinyeho tsa lefatše.—Matheu 24:3, 7.

    Lintho tseo lia etsahala kajeno. Kahoo re ka kholiseha hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla felisa mathata ao kaofela.

SEO U KA NAHANANG KA SONA

Lefatše le letle le busoang ke ’Muso oa Molimo

Bophelo bo tla ba joang tlas’a ’Muso oa Molimo?

Bibele e araba potso eo ho PESALEME EA 37:29 le ho ESAIA 65:21-23.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela