Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 7/1 leq. 16
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na batho ba tla etsa lintho tse mpe ka ho sa feleng?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Na Botle bo Tla ke bo Hlōle Bobe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 7/1 leq. 16

LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA

Bobe bo qalile joang?

Jesu o hana ha Diabolose a mo fa mebuso ea lefatše

Ke mang ea ileng a leka ho susumetsa Jesu hore a etse bobe?—Matheu 4:8-10

Hangata batho ba batla ho phela har’a batho ba nang le khotso, ba tšepahalang le ba mosa. Joale ke hobane’ng ha ho tletse lintoa, ho hloka toka le bokhopo? Mecha ea litaba e atisa ho hlahisa litaba tse tšosang. Na ho na le motho ea lekang ho susumetsa batho hore ba etse lintho tse mpe?—Bala 1 Johanne 5:19.

Na Molimo o bōpile batho ba e-na le takatso ea ho etsa lintho tse mpe? Che, Jehova Molimo o bōpile batho ka setšoantšo sa hae; ke hore ba e-na le takatso ea ho ba lerato joaloka eena. (Genese 1:27; Jobo 34: 10) Leha ho le joalo, Molimo o file batho bolokolohi ba ho ikhethela. Ha batsoali ba rōna ba pele ba ikhethela ho etsa bobe, ba ile ba hana ho latela mohlala oa Molimo ’me ea e-ba baetsalibe. Kahoo re futsitse sebe ho bona.—Bala Deuteronoma 32:4, 5.

Na batho ba tla etsa lintho tse mpe ka ho sa feleng?

Molimo o batla hore re loantše takatso ea ho etsa lintho tse mpe. (Liproverbia 27:11) Kahoo o re ruta ho qoba ho etsa lintho tse mpe e le hore re fumane thabo ea ’nete. Leha ho le joalo, hona joale re ke ke ra khona ho bontša lerato le tšoanang le la Molimo.—Bala Pesaleme ea 32:8.

Le hoja bobe bo atile kajeno, Molimo o bo lumeletse ka nakoana e le hore bohle ba ka bona liphello tsa bona tse mpe. (2 Petrose 3:7-9) Leha ho le joalo, haufinyane lefatše le tla tlala batho ba thabileng ba bileng ba mamelang Molimo.—Bala Pesaleme ea 37:9-11.

Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 3 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova

U ka boela ua e fumana ho www.jw.org/st

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela