Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 4/1 leq. 16
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 4/1 leq. 16

LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA

Bophelo bo tla ba joang nakong e tlang?

Lelapa le hlokomela nkhono e mong oa morabe o sa tšoaneng le oa lona

Ke joang lefu la Jesu le etsang hore batho ba ratane?

Ha ho pelaelo hore batho ba ntse ba hatela pele litabeng tsa saense. Empa na ho na le mohla ba tla etsa hore batho ba ratane? Che. Batho ba kajeno ke baithati ebile ba meharo. Leha ho le joalo, Molimo o tšepisa hore bophelo ba rōna bo tla ntlafala.—Bala 2 Petrose 3:13.

Lentsoe la Molimo le re tšepisa hore ho na le nako eo ka eona batho ba tla ratana lefatšeng lohle. Ba tla phela ba sireletsehile ’me ho se motho ea tla ba ntša kotsi.—Bala Mikea 4:3, 4.

Boithati bo tla felisoa joang?

Motho e ne e se moithati ha Molimo a mo bōpa tšimolohong. Leha ho le joalo, motho oa pele e ile ea e-ba moetsalibe ka mor’a hore a ikhethele ho se mamele Molimo. Re futsitse boithati ho eena. Empa Molimo o tla sebelisa Jesu ho etsa hore batho ba boele ba phethahale.—Bala Baroma 7: 21, 24, 25.

Tumellanong le thato ea Molimo, Jesu o ile a shoa lefu la sehlabelo e le hore a tlose liphello tsa sebe sa Adama. (Baroma 5:19) Kahoo, Jesu o entse hore re be le bokamoso bo molemo ’me ha re sa tla hlola re e-ba baithati.—Bala Pesaleme ea 37:9-11.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 5 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova

U ka boela ua e fumana ho www.jw.org/st

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela