Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 9/1 leq. 7
  • Ke Hobane’ng ha re Buisana le Batho ka Bibele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha re Buisana le Batho ka Bibele?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likeletso Tse Ling Tse Ka Thusang Malapa
    Tsoha!—2018
  • Re ka Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsa Bohlokoa Bophelong Hokae?
    Re ka Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsa Bohlokoa Bophelong Hokae?
  • U ka Thusoa Hore U Utloisise Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • “E-eang ’me le Etse Batho ba Lichaba Tsohle Barutuoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 9/1 leq. 7
Lipaki Tsa Jehova tse peli li bolela sebakeng sa bolulo

SEHLOOHO SE KA NTLE | LIPAKI TSA JEHOVA KE BO-MANG?

Ke hobane’ng ha re buisana le batho ka Bibele?

Ho ka etsahala hore re tsebahala haholo ka mosebetsi oa rōna oa ho buisana le batho ka Bibele ka ntlo le ntlo, libakeng tsa sechaba le hohle moo re ba fumanang teng. Ke hobane’ng ha re etsa mosebetsi oo?

Lipaki Tsa Jehova li etsa mosebetsi ona e le hore li tlotlise Molimo le ho tsebisa batho lebitso la hae. (Baheberu 13:15) Re boetse re batla ho mamela taelo ea Kreste Jesu e reng: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Matheu 28:19, 20.

Ho feta moo, re rata baahelani ba rōna. (Matheu 22:39) Ke ’nete hore rea hlokomela hore batho ba bangata ba na le bolumeli ba bona le hore hase bohle ba thahasellang molaetsa oa rōna. Empa re lumela hore lithuto tsa Bibele li pholosa bophelo. Ke ka lebaka leo re tsoelang pele re “sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste,” joaloka Bakreste ba mehleng ea baapostola.—Liketso 5:41, 42.

Antonio Cova Maduro, eo e leng setsebi sa thuto ea kahisano o ile a ngola a re, “Lipaki Tsa Jehova li etsa boiteko ba . . .  hore litaba tsa Bibele li fihle hohle lefatšeng.”—Koranta ea El Universal, Venezuela

Batho ba bangata ba balang lingoliloeng tsa rōna hase Lipaki Tsa Jehova. Ba bangata bao re ithutang Bibele le bona ke litho tsa malumeli a mang. Empa ba thabela hore ebe Lipaki Tsa Jehova lia ba etela.

Haeba u na le lipotso tseo u ipotsang tsona ka Lipaki Tsa Jehova, u ka fumana likarabo ka hore u

  • Botse e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

  • Kene websaeteng ea rōna ea www.pr418.com.

  • Etele libokeng tsa rōna moo ho amoheloang batho bohle ’me ba sa batloe koleke.

Jesu o romela barutuoa ba babeli hore ba il’o bolela
Thaba e aparetsoeng ke lehloa

Ha u batla ho tseba haholoanyane ka Lipaki Tsa Jehova, shebella video ea Lipaki Tsa Jehova—Li Hlophiselitsoe ho Bolela Litaba Tse Molemo, ho www.pr418.com/st. (Sheba tlas’a LINGOLILOENG > LIVIDEO)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela