Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 12/1 maq. 6-7
  • U ka Thusoa Hore U Utloisise Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Thusoa Hore U Utloisise Bibele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BATHO BA NE BA THUSOA JOANG NAKONG E FETILENG?
  • BATHO BA THUSOA JOANG KAJENO?
  • Websaete e Ikhethang
    Tsoha!—2014
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2014
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2014
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 12/1 maq. 6-7

SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA KHONA HO UTLOISISA BIBELE

U ka Thusoa Hore U Utloisise Bibele

A re re u qala ho etela naheng e ’ngoe. Ha u le moo, u kopana le batho bao u sa ba tsebeng, ba nang le meetlo e sa tšoaneng, ba jang lijo tseo u sa li tloaelang ebile ba sebelisa chelete e fapaneng le ea naheng ea heno. Hoa utloahala hore ebe u ka ’na ua ferekana.

Mohlomong u ikutloa joalo ha u qala ho bala Bibele kaha e bua ka lintho tsa mehleng ea khale tseo u sa li tsebeng. Ha u ntse u e bala, u utloa e bua ka batho ba bitsoang Bafilista, ka litso tse sa tloaelehang tse kang ho ‘hahola liaparo,’ u boetse u ithuta ka lijo tse bitsoang manna le chelete ea tšepe e bitsoang drakema. (Exoda 16:31; Joshua 13:2; 2 Samuele 3:31; Luka 15:9) Lintho tsena kaofela li ka u ferekanya. Ha ho potang hore u ka thabela hore motho e mong a u hlalosetse tsona, feela joalokaha u ne u ka thaba ha motho ea itseng a ne a ka u hlalosetsa lintho tseo u li bonang naheng eo u e etetseng.

BATHO BA NE BA THUSOA JOANG NAKONG E FETILENG?

Ho tloha ha mangolo a halalelang a qala ho ngoloa lilemo tse 1513 pele Jesu a hlaha, batho ba ’nile ba thusoa hore ba a utloisise. Ka mohlala, Moshe, e leng moeta-pele oa pele oa sechaba sa Iseraele o ile “a qala ho hlalosa” se neng se ngotsoe molaong.—Deuteronoma 1:5.

Lilemo tse sekete ka mor’a moo, ho ne ho ntse ho e-na le batho ba tšoanelehang ba rutang Mangolo. Ka selemo sa 455 pele Jesu a hlaha, Bajuda ba bangata ba akarelletsang bana, ba ile ba bokana lebaleng la sechaba motseng oa Jerusalema. Mesuoe ea Bibele e ne e le teng moo, e ‘bala buka e halalelang.’ Empa ha ea ka ea etsa seo feela. E ile ea “tsoela pele ho etsa hore ’malo o utloisisoe.”—Nehemia 8:1-8.

Lilemo tse makholo a mahlano hamorao, Jesu Kreste le eena o ile a tšoareha mosebetsing oa ho ruta. Ha e le hantle, o ne a tsejoa e le mosuoe. (Johanne 13:13) O ne a ruta batho ka lihlopha kapa ba le bang. Ka lekhetlo le leng, o ile a fana ka Thuto ea Thabeng ka pel’a letšoele le leholo ’me “bongata bo ile ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta.” (Matheu 5:1, 2; 7:28) Ka selemo sa 33, mehleng ea hae, Jesu o ile a bua le barutuoa ba hae ha ba ntse ba tsamaea tseleng motsaneng o haufi le Jerusalema, ‘a ba hlalosetsa Mangolo ka botlalo.’—Luka 24:13-15, 27, 32, Bibele ea Sesotho.

Barutuoa ba Jesu le bona e ne e le mesuoe ea Lentsoe la Molimo. Ka lekhetlo le leng, letona le tsoang Ethiopia le ne le bala karolo e itseng ea Mangolo. Morutuoa ea bitsoang Filipi o ile a ea ho lona ’me a re: “Na u tseba seo u se balang?” Letona leo le ile la re: “Ka sebele, nka tseba joang ntle leha e mong a ka ntataisa?” Eaba Filipi o le hlalosetsa se boleloang ke karolo eo.—Liketso 8:27-35.

BATHO BA THUSOA JOANG KAJENO?

Joaloka mesuoe ea Bibele ea nakong e fetileng, kajeno Lipaki Tsa Jehova li ruta batho Bibele linaheng tse 239 lefatšeng lohle. (Matheu 28:19, 20) Beke le beke li thusa batho ba fetang limilione tse robong hore ba utloisise Bibele. Bongata ba batho bao hase balumeli. Lipaki li ruta batho Bibele mahala mahaeng a bona kapa libakeng tse ling tse ba loketseng. Ho sebelisoa lifouno kapa livideo le lik’homphieutha ho ruta batho ba bang Bibele.

E le hore u fumane hore na thuto ea Bibele e tšoaroa joang, u ka ikopanya le Lipaki Tsa Jehova. Ha u ntse u ithuta, u tla hlokomela hore u ka khona ho utloisisa Bibele kaha e “molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka,” e le hore u ka “tšoaneleha ka botlalo, [ua] hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.”—2 Timothea 3:16, 17.

Sheba video ea Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele? ho www.jw.org/st

Sheba video ea Ho Etsahala’ng Thutong ea Bibele? ho www.jw.org/st

Fumana Thuso Websaeteng

Mosali e mong o shebile websaete ea jw.org ha a ntse a lutse ka ntle lebenkeleng

Na u ka rata ho itlhahlobela Bibele? Haeba ho joalo, ka kōpo kena websaeteng ea jw.org. E na le boitsebiso bo mabapi le Bibele boo u ka ipallang bona mahala ka lipuo tse fetang 700. U ka ’na ua thabela ho ithuta ka lihlooho tse latelang:

Lipotso tseo batho ba atisang ho li botsa

  • Morero oa bophelo ke ofe?

  • Ke hobane’ng ha batho ba shoa?

  • Ho etsahala’ng ka uena ha u shoa?

(Sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA)

Mathata

  • Seo u ka se etsang ha u tepelletse maikutlo

  • Ho mamella boloetse bo sa foleng

  • Mathata a lichelete le likoloto

(Sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA)

Se ka thusang malapa

  • Kamoo banyalani ba ka khaotsang ho ngangisana

  • Ho hōlisa bana ba nang le boikarabelo

  • Ho ruta bana ba hao melao e nepahetseng ea boitšoaro

(Sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > BANYALANI LE BATSOALI)

Likeletso bakeng sa bacha

  • Kamoo u ka sebetsanang le ho hlekahlekoa

  • Seo u ka se etsang ha u sotloa ke bo-mpoli

  • Seo u ka se etsang ha u jeoa ke bolutu

(Sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > BACHA)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela