Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 53
  • Ho Etsahala’ng ha U Shoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsahala’ng ha U Shoa?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Meea ha ea ka ea Phela Lefatšeng le ho Shoella Teng
    Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
  • Ho Etsahala Eng ha Motho a E-shoa?
    Tsoha!—2007
  • Bibele e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Potso ea 2: Ho Tla Etsahala’ng ka ’na ha ke E-shoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 53

Ho Etsahala’ng ha U Shoa?

Karabo ea Bibele

Bibele e re: “Etsoe ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5; Pesaleme ea 146:4) Ka lebaka leo, ha re shoa, re khaotsa ho phela. Bafu ba ke ke ba nahana, ba etsa letho kapa ba utloa letho.

“U tla khutlela lerōleng”

Molimo o ile a bolela hore na ho etsahala’ng ha re shoa ha a ne a bua le motho oa pele, Adama. Kaha Adama ha a ka a mamela, Molimo o ile a re ho eena: “U lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:19) Pele Molimo a bōpa Adama “ka lerōle la lefatše,” Adama o ne a le sieo. (Genese 2:7) Ka ho tšoanang, ha Adama a shoa, o ile a khutlela lerōleng ’me a khaotsa ho ba teng.

Ho etsahala ntho e tšoanang ka batho ba shoang hona joale. Ha Bibele e bua ka batho le liphoofolo e re: “Bohle ba bile teng ba tsoa lerōleng, ’me bohle ba khutlela lerōleng.”​—Moeklesia 3:19, 20.

Lefu hase qetello ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe

Hangata Bibele e bapisa lefu le boroko. (Pesaleme ea 13:3; Johanne 11:11-14; Liketso 7:60) Motho ea ileng le sephume sa boroko ha a tsebe se etsahalang. Ka ho tšoanang, batho ba shoeleng ha ba tsebe letho. Empa Bibele e ruta hore Molimo a ka tsosa bafu joalokaha eka ba tsoha borokong ’me ba boele ba phele. (Jobo 14:13-15) Ho bao Molimo a ba tsosang, lefu hase qetello ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela