Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 11/1 leq. 3
  • Molimo o Ikutloa Joang ka Ntoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Ikutloa Joang ka Ntoa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntoa
    Tsoha!—2017
  • Maikutlo a Molimo ka Ntoa Mehleng ea Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Ntoa e Tla Felisa Lintoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Maikutlo a Molimo ka Ntoa Mehleng ea Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 11/1 leq. 3
Masole, kanono le sefofane sa libomo

SEHLOOHO SE KA NTLE

Molimo o Ikutloa Joang ka Ntoa?

U ka araba potso eo joang? Batho ba bangata ba nahana hore Molimo ha a tsotelle ha batho ba loana. Ba re Bibele e tiisa hore nakong e fetileng, Molimo o ile a khothalletsa barapeli ba bang ba hae hore ba loane. Leha ho le joalo, ba bang baa hlokomela hore Jesu, Mor’a Molimo o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba rate lira tsa bona. (Matheu 5:43, 44) Kahoo, ba nahana hore Molimo o ile a fetola maikutlo a hae ka ntoa ’me kajeno o khahlanong le eona.

Uena u re’ng? Na Molimo o khothalletsa batho ho loana? Haeba ho joalo, o tšehetsa lehlakore lefe? Ho tseba likarabo tsa lipotso tsena ho ka u thusa hore u hlahlobe tsela eo u ikutloang ka eona ka ntoa. Ka mohlala, haeba u ne u ka bolelloa hore Molimo o khothalletsa batho ho loana ebile o tšehetsa lehlakore la hao ntoeng e itseng, mohlomong u ne u tla thaba hobane u tseba hore le tla hlōla. Ka lehlakoreng le leng, u ne u tla ikutloa joang haeba u bolelloa hore Molimo o tšehetsa ba lireng? Mohlomong maikutlo a hao a ne a tla fetoha.

Ke habohlokoa hore u tsebe hore na Molimo o ikutloa joang ka ntoa, kaha seo se ka ama tsela eo u mo talimang ka eona. Haeba u e mong oa batho ba limilione ba anngoeng ke ntoa, ha ho pelaelo hore u batla ho tseba karabo ea potso e reng, Na batho ba reng Molimo ke mohlohlelletsi oa ntoa, ebile ha a tsotelle batho ba hateletsoeng ba nepile?

U ka ’na ua makala ha u utloa hore Bibele e araba potso eo ka tsela e fapaneng hōle le maikutlo a batho bao. Ho phaella moo, tsela eo Molimo a ’nileng a talima ntoa ka eona ha e-s’o fetohe. A re ke re hlahlobeng hore na Bibele e re Molimo o ne a ikutloa joang ka ntoa mehleng ea khale le mehleng ea Jesu. Seo se tla re thusa ho bona hore na Molimo o ikutloa joang ka ntoa kajeno le hore na e tla ke e ee moriting.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela