Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 12/1 leq. 16
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho Ntse ho le Bohlokoa ho Bua ’Nete?
    Lihlooho Tse Ling
  • Bakreste ba Rapela ka Moea le ka ’Nete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ho Etsisa Molimo oa ’Nete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Re Mamela Molimo Joang?
    Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 12/1 leq. 16

LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA

Na re ka tseba seo e leng ’nete ka Molimo?

Paki ea Jehova e pakela motho ea lutseng phakeng

Ke hobane’ng ha Molimo a batla hore re tsebe ’nete? Bala Johanne 17:3

Molimo o ile a buisana le batho. A sebelisa moea oa hae o halalelang kapa matla a hae, o ile a susumelletsa bangoli ba Bibele hore ba ngole mehopolo ea hae. (2 Petrose 1:20, 21) Re ka tseba seo e leng ’nete ka Molimo ha re bala Bibele.—Bala Johanne 17:17; 2 Timothea 3:16.

Molimo o senola lintho tse ngata ka eena ka Bibeleng. O re tsebisa hore na ke hobane’ng ha a bōpile batho, o rera ho ba etsetsa’ng nakong e tlang le hore na o batla hore re phele joang. (Liketso 17:24-27) Jehova Molimo o batla hore re tsebe seo e leng ’nete ka eena.—Bala 1 Timothea 2:3, 4.

Lebaka leo Molimo a amohelang batho ba ratang ’nete

Jehova ke Molimo oa ’nete, ’me o ile a romela Mor’a hae, Jesu hore a tl’o ruta batho ’nete. Kahoo, batho ba ratang ’nete ba rata Jesu. (Johanne 18:37) Molimo o amohela borapeli ba batho ba joalo.—Bala Johanne 4:23, 24.

Satane Diabolose o thibetse batho ba bangata ho tseba Molimo ka hore a phatlalatse lithuto tsa mashano mabapi le Molimo. (2 Bakorinthe 4:3, 4) Batho ba sa rateng se molemo ba rata lithuto tseo. (Baroma 1:25) Empa batho ba bangata ba ratang ’nete ba tseba seo e leng ’nete ka Molimo ha ba ithuta Bibele.—Bala Liketso 17:11.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 1 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova

U ka boela ua e fumana ho www.jw.org/st

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela