Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp16 no. 2 maq. 8-10
  • Na Bakreste ba Lokela ho Rapela Libakeng Tseo ho Thoeng Lia Halalela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bakreste ba Lokela ho Rapela Libakeng Tseo ho Thoeng Lia Halalela?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • RAPELA “KA MOEA LE KA ’NETE”
  • BIBELE E RE’NG KA LIBAKA TSEO HO THOENG LIA HALALELA?
  • Na Molimo o Arabela Lithapelo tsa Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Molimo o Amohela Borapeli ba Bo-mang?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Na U Lokela ho ea Tempeleng, Tempelaneng Kapa Kerekeng e le Hore U Rapele Molimo?
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
wp16 no. 2 maq. 8-10

Na Bakreste ba Lokela ho Rapela Libakeng Tseo ho Thoeng Lia Halalela?

SELEMO le selemo, batho ba fetang limilione tse tšeletseng ba ea morung o Hloahloeng ea Shima e Japane. Ba etela Tempeleng e Khōlō ea Ise, e leng moo molimotsana oa letsatsi oa Mashinto, ea bitsoang Amaterasu Omikami, a ’nileng a rapeloa ka lilemo tse ka bang likete tse peli. Pele batho bao ba kena ka tempeleng, ba lokela ho hlatsoa matsoho le molomo. Ha ba qeta ba ema ka pel’a holo ea tempele eo ho rapelloang ho eona e bitsoang haiden, ebe baa inama, ba opa liatla le ho rapela molimotsana eo.a Bolumeli ba Mashinto bo a lumella hore a be malumeling a mang. Mabuddha a mang a ipitsa Bakreste athe a mang ha a bone ho le phoso ho etsa meetlo ea Boshinto tempeleng ena.

Malumeli a mangata a tummeng a mehleng ena a na le libaka tseo ho thoeng lia halalela,b ’me batho ba limilione baa li etela. Linaheng tse ngata tsa batho ba reng ke Bakreste, ho na le likereke tse ngata le libaka tsa borapeli tse etselitsoeng Jesu, Maria le bahalaleli. Tse ling li moo ho ileng ha phela batho ba mehleng ea Bibele kapa moo ho ileng ha etsahala mehlolo mehleng ena kapa moo ho behiloeng litšoantšo tsa bahalaleli. Batho ba bangata ba ea libakeng tsena hobane ba lumela hore Molimo o tla utloa lithapelo tsa bona ha ba le moo. Ba bang ba nka maeto a malelele ho fihla ho tsona.

Batho ba tlileng Tempeleng e Khōlō ea Ise, e Japane le Grotto ea Massabielle, Lourdes, Fora

Batho ba tlileng Tempeleng e Khōlō ea Ise, e Japane le Grotto ea Massabielle, Lourdes, Fora

Na re lokela ho rapela Molimo libakeng tseo ho thoeng lia halalela e le hore a utloe lithapelo tsa rōna? Na Molimo o amohela borapeli ba batho ba nkang maeto a malelele ba ea libakeng tseo? Hona na Bakreste ba lokela ho rapela libakeng tseo? Karabo ea lipotso tsena e tla re thusa ho bona hore na re lokela ho ikutloa joang ka libaka tseo ho thoeng lia halalela le hore na Molimo o amohela borapeli ba mofuta ofe.

RAPELA “KA MOEA LE KA ’NETE”

Jesu o buisana le mosali oa Mosamaria selibeng

Jesu o ne a bolela’ng ha a re re lokela ho rapela ka “moea le ka ’nete”?

Ha Jesu a buisana le mosali oa Mosamaria, o ile a hlalosa hore na Molimo o ikutloa joang ka ho rapela libakeng tseo ho thoeng lia halalela. Jesu o ne a le Samaria ’me a phomola selibeng se neng se le haufi le motse oa Sikare. O ile a buisana le mosali ea neng a tl’o kha metsi selibeng seo. Ha ba ntse ba qoqa, mosali eo o ile a bua ka phapang e khōlō e teng pakeng tsa bolumeli ba Bajuda le ba Basamaria. O ile a re: “Baholo-holo ba rōna ba ile ba rapela thabeng ena; empa lōna le re Jerusalema ke sona sebaka seo batho ba tšoanelang ho rapela ho sona.”—Johanne 4:5-9, 20.

Mosali eo o ne a bua ka Thaba ea Gerizime e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 50 ka leboea ho Jerusalema. Basamaria ba kile ba e-ba le tempele thabeng eo ’me ba ketekela Paseka ho eona. Ho e-na le hore Jesu a bue ka phapang eo, o ile a re: “Mosali, ntumele, Hora ea tla eo ka eona le ke keng la rapela Ntate thabeng ena kapa Jerusalema.” (Johanne 4:21) E tlameha ebe mosali eo o ile a makala ha Jesu a cho joalo haholo kaha e ne e le Mojuda. Ke hobane’ng ha batho ba ne ba tla khaotsa ho rapela Molimo tempeleng e Jerusalema?

Jesu o ile a eketsa ka ho re: “Hora ea tla, ’me ke eona hona joale, eo ka eona barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete, etsoe, ka sebele, Ntate o batla ba joalo hore ba mo rapele.” (Johanne 4:23) Ka lilemo tse ngata, Bajuda ba ne ba nka hore tempele e Jerusalema ke sebaka sa bona sa borapeli. Ba ne ba ea Jerusalema hararo ka selemo e le hore ba etsetse Jehova Molimo oa bona mahlabelo. (Exoda 23:14-17) Empa Jesu o ile a re lintho tseo kaofela li tl’o fela le hore “barapeli ba ’nete” ba ne ba tla rapela “ka moea le ka ’nete.”

Tempele ea Bajuda e ne e le mohaho o sebakeng se itseng. Empa moea le ’nete tsona re ke ke ra li bona ebile ha li sebakeng se itseng. Kahoo, Jesu o ne a re ho ke ke ha hlokahala hore Bakreste ba ’nete ba ee sebakeng se itseng kapa mohahong e le hore ba rapele, ebang ke Thabeng ea Gerizime, tempeleng e Jerusalema kapa sebakeng leha e le sefe.

Ha Jesu a qoqa le mosali oa Mosamaria o ile a boela a re “hora ea tla” ea hore tsela eo batho ba rapelang Molimo ka eona e fetohe. E ne e tla tla neng? Hora eo e ile ea fihla ha Jesu a shoa lefu la sehlabelo eaba Bajuda ba khaotsa tsela eo ba neng ba rapela ka eona ho ea ka Molao oa Moshe. (Baroma 10:4) Leha ho le joalo, Jesu o ile a re: “Hora . . . ke eona hona joale.” Hobane’ng? Hobane kaha ke Mesia o ne a se a ntse a bokella barutuoa ba tla mamela melao ea hae kahoo a re: “Molimo ke Moea, ’me ba mo rapelang ba tla rapela ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) Joale ho bolela’ng ho rapela ka moea le ka ’nete?

Jesu o ne a bua ka ho tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo o re thusang ho utloisisa Bibele. (1 Bakorinthe 2:9-12) Hape ’nete eo Jesu a neng a bua ka eona, ke lithuto tse nepahetseng tse ka Bibeleng. Kahoo, Molimo ha a mamele lithapelo hobane li etsoa sebakeng se itseng, empa o amohela tse etsoang tumellanong le seo Bibele e se rutang.

BIBELE E RE’NG KA LIBAKA TSEO HO THOENG LIA HALALELA?

Bakreste ba lokela ho ikutloa joang ka ho rapela libakeng tseo ho thoeng lia halalela? Taelo ea Jesu ea hore re lokela ho rapela Molimo ka moea le ka ’nete, e hlakisa hore Molimo ha a amohele borapeli bo etsoang libakeng tseo. Ho ekelletsa moo, Bibele e re bolella hore na Molimo o ikutloa joang ha batho ba mo rapela ba sebelisa litšoantšo. E re: “Le balehele borapeli ba litšoantšo” hape “le itebele litšoantšong tse rapeloang.” (1 Bakorinthe 10:14; 1 Johanne 5:21) Kahoo, Mokreste oa ’nete a ke ke a rapela sebakeng seo ho nkoang hore sea halalela kapa moo ho rapeloang litšoantšo. Ka lebaka leo, Bakreste ha ba rapele libakeng tseo ho thoeng lia halalela.

Empa sena ha se bolele hore Lentsoe la Molimo le thibela batho ho ba le sebaka moo ba tla rapela, ba ithute le ho thuisa. Sebaka sa borapeli se boemong bo botle, se nolofalletsa batho ho ithuta le ho tšohla litaba tsa Molimo. Hape ha ho phoso ho beha lejoe (tombstone) lebitleng la motho ea hlokahetseng. Ho etsa joalo ho bontša feela hore re ntse re mo hopola kapa rea mo rata. Leha ho le joalo, ha re nka hore lebitla leo lea halalela kapa re beha litšoantšo tsa bahalaleli, re tla be re le khahlanong le mantsoe a Jesu.

Kahoo, ha ho hlokahale hore u ee sebakeng seo ho thoeng sea halalela e le hore Molimo a utloe lithapelo tsa hao. Hape ha se hore Molimo o tla u amohela kapa a u hlohonolofatse hobane u nkile leeto ho ea sebakeng seo. Bibele e re Jehova Molimo e leng “Morena oa leholimo le lefatše, ha a lule litempeleng tse entsoeng ka matsoho.” Empa sena ha se bolele hore Molimo o hōle le rōna. Re ka mo rapela re le kae kapa kae hobane ha a “hōle le e mong le e mong oa rōna.”—Liketso 17:24-27.

a Lintho tseo Mashinto a li etsang litempeleng tsa ’ona li fapana ho ea ka libaka.

b Sheba lebokose le reng “Sebaka se Halalelang Ke’ng?”

Sebaka se Halalelang Ke’ng?

Batho ba ’nile ba rapela litšoantšo kapa bahalaleli libakeng tse itseng. Hangata ba lumela hore litšoantšo kapa bahalaleli ba na le matla a ho etsa mehlolo le ho bona lipono tseo ba reng li tsoa ho Molimo. Mehleng ena batho ba nka hore litempele, likereke kapa libaka tseo ba rapellang ho tsona lia halalela. Ba bang ba iketselitse libaka tseo ba reng lia halalela ka matlung a bona. Batho ba Linaheng tsa Bochabela le tsa Bophirimela, ba entse libaka tsena ka matlung a bona e le hore ba rapele, ba thuise kapa ba etse linyehelo ho tsona.

Empa ha se kamehla batho ba rapellang libakeng tseo ho thoeng lia halalela. Ho etsa mohlala, lefatšeng ka bophara, batho ba hlokahalletsoeng ke metsoalle likotsing tsa likoloi ba beha litšoantšo, lipalesa kapa lifapano moo e etsahetseng teng ho e hopola. Batho ba bang bona ba beha lipalesa kapa lintho tse ling ho ikhopotsa ntoa kapa batho ba ileng ba shoela ntoeng kapa kotsing e itseng. Le hoja lintho tseo li fa batho monyetla oa hore ba thuise le ho llela bafu ba bona, hangata li bontša hore na ba li behileng ke ba bolumeli bofe.

Paki ea Jehova e ithuta Bibele le ’mè ea nang le setšoantšo sa Maria ka tlung
    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela