Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp17 no. 1 leq. 4
  • U Lokela ho Etsa’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Lokela ho Etsa’ng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Fumana Molemo Ofe ha U Bala Bibele?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ikitlaelletse ho Bala
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa Hore le Tloaetse Bana ho Bala?​—Karolo ea Pele: Theknoloji Kapa Libuka?
    Se ka Thusang Lelapa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
wp17 no. 1 leq. 4

SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA ETSA’NG E LE HORE U NATEFELOE KE HO BALA BIBELE?

U Lokela ho Etsa’ng?

Mosali o rapela pele a bala Bibele

U ka etsa’ng e le hore u natefeloe ke ho bala Bibele le hore u fumane molemo ho eona? Hlokomela lintlha tse latelang tse hlano tse thusitseng ba bangata.

Khetha sebaka se loketseng. Balla sebakeng se thotseng. Qoba litšitiso e le hore u utluisise seo u se balang haholoanyane. E le hore u fumane molemo ho seo u se balang, lula sebakeng se nang le khanya le moea o pholileng.

Lokisa kelello ea hao. Kaha Bibele e tsoa ho Ntate oa rona oa leholimo, u tla fumana molemo ho eona haeba u e-ba joaloka ngoana ea thabelang ho rutoa ke ntate ea lerato. Haeba u kile oa utloa lintho tse fosahetseng ka Bibele, leka ho fetola mohopolo oa hao e le hore Jehova a ka u ruta.—Pesaleme ea 25:4.

Rapela pele u bala. Ka Bibeleng ho ngotsoe maikutlo a Jehova, kahoo a ka re thusa hore re e utloisise. Molimo o fana ka “moea o halalelang . . . ho ba mo kopang.” (Luka 11:13) Moea o halalelang o ka u thusa ho utluisisa tsela eo Molimo a nahanang ka eona. Ha nako e ntse e-ea u tla tseba “lintho tse tebileng tsa Molimo.”—1 Bakorinthe 2:10.

Balla ho utloisisa. U se ke oa tatela ho qeta ho bala Bibele. Nahanisisa ka hloko ka seo u se balang. Ipotse lipotso tse kang: ‘Ke makhabane afe ao ke ithutang ’ona ho motho eo ke balang ka eena? Nka sebelisa seo ke ithutileng sona joang bophelong?’

E-ba le sepheo. E le hore ho bala Bibele ho u tsoele molemo, ipehele lintho tseo u batlang ho li finyella. U ka ’na oa re: ‘Ke batla ho ithuta ho eketsehileng ka Molimo,’ kapa oa re: ‘Ke batla ho ba motho ea molemo, monna kapa mosali ea molemo.’ Khetha Mangolo a Bibele a tla u thusa ho finyella sepheo seo.a

Lintlha tsena tse hlano li ka u thusa. Empa ke’ng e ka u thusang hore u natefeloe ke ho bala Bibele? Re tla bua ka taba eo sehloohong se latelang.

a Haeba u sa tsebe hore na u ka fumana Mangolo ao hokae ka Bibeleng, Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u thusa.

ETSA HORE HO BALA HO U TSOELE MOLEMO

  • Iketle, u se ke oa potlakela ho qeta

  • Tebisa maikutlo ha u bala ’me u ipone u le moo

  • Leka ho utloisisa hore na litemana li sebetsa joang

  • Ipotse hore na u ithuta’ng ho seo u se balang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela