Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp17 no. 1 maq. 5-6
  • U ka Etsa’ng e le Hore U Thabele ho Bala Bibele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Etsa’ng e le Hore U Thabele ho Bala Bibele?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Mang ea Arotseng Bibele ka Likhaolo le Litemana?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lintho Tse Ka U Thusang Ha U Ithuta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • U ka Fumana Molemo Ofe ha U Bala Bibele?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
wp17 no. 1 maq. 5-6
Mosali o sebelisa lithulusi tsa ho ithuta Bibele ha a ntse a e bala

SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA ETSA’NG E LE HORE U NATEFELOE KE HO BALA BIBELE?

U ka Etsa’ng e le Hore U Thabele ho Bala Bibele?

U ikutloa joang ha u bala Bibele, oa boreha kapa oa natefeloa? Ho itšetlehile ka hore na u e bala joang. Ha re ke re boneng hore na u ka etsa’ng e le hore u thabele ho bala Bibele.

Sebelisa phetolelo e bonolo le e utloahalang. Haeba u sebelisa phetolelo ea khale, e nang le mantsoe a thata, u ka ’na oa se ke oa natefeloa ke ho bala Bibele. Kahoo bala Bibele eo ho leng bonolo ho e utloisisa e le hore e ka u finyella pelo. U lokela ho etsa bonnete ba hore u sebelisa Bibele e fetoletsoeng hantle le e nepahetseng.a

Sebelisa theknoloji. Mehleng ena Bibele e se e fumaneha le lisebelisoeng tsa elektronike. U ka ipalla Bibele inthaneteng, oa e daonlouda k’homphieutheng, tableteng kapa selefounong. Lisebelisoa tse ling tsa elektronike li ka u thusa ho fumana litemana tse ling tse buang ka taba eo u ntseng u bala ka eona le ho bapisa le liphetolelo tse ling. Haeba u motho ea ratang ho mamela ho e-na le ho bala, u ka ’na oa mamela likhatiso tsa mantsoe tse rekotiloeng tsa Bibele. Batho ba bangata ba thabela ho mamela ntho e itseng ha ba ntse ba tsamaea ka lipalangoang tsa sechaba kapa ba etsa mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi. Ke hobane’ng ha u sa sebelise e ’ngoe ea litsela tsee?

Sebelisa lithulusi tsa ho ithuta Bibele. Lithulusi tsa ho ithuta Bibele li ka etsa hore o natefeloe ke ho e bala. Limmapa tse bontšang libaka tse ka Bibeleng li tla u thusa ho bona hore na sebaka seo u ntseng u bala ka sona se hokae. Ho na le lihlooho tse ling tse tšoanang le tse hlahileng makasineng ena, tse ka u thusang ho utloisisa Bibele kapa u ka boela oa sheba websaeteng ho jw.org/st tlas’a “Lithuto Tsa Bibele.”

Sebelisa litsela tse ling. Haeba u bona eka ho bala Bibele ho thata, u ka leka mekhoa e meng e tla etsa hore e u natefele. Mohlomong u ka qala ka ho bala karolo eo u e ratang ka ho fetisisa. Haeba u batla ho ithuta ka batho ba tummeng ba ka Bibeleng, u ka khetha a le mong eo u ka qalang ka eena. Ho entsoe mehlala ea kamoo u ka etsang sena kateng lebokoseng le nang le sehlooho se reng “Tseba Batho Bao Bibele e Buang ka Bona.” Ho ka boela ha etsahala hore u batla ho tseba tatellano eo liketsahalo tse ka Bibeleng li etsahetseng ka eona. Ke hobane’ng ha u sa leke o mong oa mekhoa ee?

a Batho ba bangata ba rata Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang kaha e nepahetse hape e ngotsoe ka tsela e bonolo. Phetolelo ena e hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova, ka lipuo tse fetang 130. U ka boela oa e daonlouda websaeteng ho jw.org/st kapa oa daonlouda JW Library app. Haeba u batla, Lipaki Tsa Jehova li ka u tlisetsa Bibele moo u lulang.

TSEBA BATHO BAO BIBELE E BUANG KA BONA

Basali ba tšepahalang

Abigaile

1 Samuele khaolo ea 25

Esthere

Esthere khaolo ea 2-5, 7-9

Anna

1 Samuele khaolo ea 1-2

Maria

(’mè oa Jesu) Matheu khaolo ea 1-2; Luka khaolo ea 1-2; sheba le Johanne 2:1-12; Liketso 1:12-14; 2:1-4

Rahaba

Joshua khaolo ea 2, 6; sheba le Baheberu 11:30, 31; Jakobo 2:24-26

Rebeka

Genese khaolo ea 24-27

Sara

Genese khaolo ea 17-18, 20-21, 23; sheba le Baheberu 11:11; 1 Petrose 3:1-6

Banna ba tšepahalang

Abrahama

Genese khaolo ea 11-24; sheba le khaolo ea 25:1-11

Davida

1 Samuele khaolo ea 16-30; 2 Samuele khaolo ea 1-24; 1 Marena khaolo ea 1-2

Jesu

Likosepele tsa Matheu, Mareka, Luka le Johanne

Moshe

Exoda khaolo ea 2-20, 24, 32-34; Numere khaolo ea 11-17, 20, 21, 27, 31; Deuteronoma khaolo ea 34

Noe

Genese khaolo ea 5-9

Pauluse

Liketso khaolo ea 7-9, 13-28

Petrose

Matheu khaolo ea 4, 10, 14, 16-17, 26; Liketso khaolo ea 1-5, 8-12

LITHULUSI TSE THUSITSENG BATHO HO UTLOISISA BIBELE

  • JW.ORG​—Websaete ena e na le lintho tse ngata tse akarelletsang karolo ea “Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa.” E boetse e bontša hore na u ka daonlouda JW Library app joang

  • “Bona Naha e Ntle”—Bukana ena e na le limmapa le litšoantšo tse bontšang libaka tse ka Bibeleng

  • Insight on the Scriptures—Ke buka e nang le likarolo tse peli ’me e bua ka batho, libaka le mantsoe a thata a ka Bibeleng, ka tatellano

  • “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”—Buka ena e hlalosa lebaka leo lengolo ka leng le ka Bibeleng le ngotsoeng ka lona le hore na le ngotsoe neng, le ngolloa hokae ’me e boetse e na le kakaretso ea lengolo ka leng

  • Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?—Buka ena e fana ka bopaki bo bontšang hore Bibele ke lentsoe la Molimo le bululetsoeng

  • Bibele—E na le Molaetsa Ofe?​—Bukana ena e maqephe a 32 e bua ka kakaretso ea molaetsa oa Bibele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela