Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp17 no. 2 maq. 6-7
  • U ka Bontša Joang Hore U Ananela Mpho eo Molimo a U Fileng Eona?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Bontša Joang Hore U Ananela Mpho eo Molimo a U Fileng Eona?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thekollo ke Mpho ea Molimo e Khōlō ka ho Fetisisa
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Thekollo ke Mpho ea Bohlokoa e Tsoang ho Molimo
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Jesu Kreste—Molaetsa oa Hae o U Ama Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Mpho eo Molimo a Faneng ka Eona ke ea Bohlokoa Haholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
wp17 no. 2 maq. 6-7
’Mè o ithuta Bibele

SEHLOOHO SE KA NTLE | AMOHELA MPHO EA BOHLOKOA E TSOANG HO MOLIMO!

U ka Bontša Joang Hore U Ananela Mpho eo Molimo a U Fileng Eona?

“Lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella . . . O ile a shoela bohle e le hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela, empa ba phelele ea ileng a ba shoela.”​—2 Bakorinthe 5:14, 15.

MPHO eo Molimo a re fileng eona e etsa hore re batle ho mo etsetsa ho itseng. Jesu o ile a bua ka sena ka mor’a ho folisa banna ba leshome ba neng ba tšoeroe ke lefu le bohloko, le neng le se na pheko ka nako eo. E mong oa banna bao o ile a khutlela ho Jesu ho ea mo leboha, “a tlotlisa Molimo ka lentsoe le phahameng.” Jesu o ile a re ho eena: “Ho hloekisitsoe ba leshome, na ha ho joalo? Joale, ba bang ba robong ba hokae?” (Luka 17:​12-​17) Re ithuta’ng tabeng ee? Ho bonolo ho lebala liketso tse mosa tseo ba bang ba re etselitseng tsona.

Thekollo e fapane hole le limpho tse ling. Ke mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Joale, u lokela ho etsa’ng ho bontša hore u ananela seo Molimo a u etselitseng sona?

  • Tseba Mofani oa mpho eo haholoanyane. Ha ho itlele feela hore thekollo e u fe bophelo bo sa feleng. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a bua ka sena thapelong ha a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete , le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Haeba u ne u ka bolelloa hore motho ea itseng o pholositse bophelo ba hao ha u sa le ngoana, na u ne u ke ke oa batla ho tseba haholoanyane ka motho eo le hore na o ile a susumetsoa ke’ng? Jehova Molimo, ea ileng a fana ka mpho ea thekollo e pholosang bophelo, o batla hore u mo tsebe le hore u be motsoalle oa hae. Bibele e re ho rona: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lona.”​—Jakobo 4:8.

  • ’Mè oa rapela

    E-ba le tumelo sehlabelong sa thekollo. Bibele e re: “Ea bontšang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:​36) Ho bolela’ng ho bontša tumelo? Ho bolela ho etsa liketso tse bontšang hore u na le tumelo sehlabelong sena sa thekollo. (Jakobo 2:​17) Ke liketso tsa mofuta ofe tseo ho buuoang ka tsona? Haeba motho a u fa mpho ’me u e nka, u bontša hore oa e amohela. Joale, u lokela ho etsa se tšoanang ka mpho ea thekollo. Ka tsela efe? Ithute kamoo Molimo a batlang hore u phele kateng ’me u sebelise seo u ithutang sona.a Rapela ’me u kope hore Molimo a u tšoarele le hore a u thuse ho ba le letsoalo le hloekileng. Haeba u bontša tumelo sehlabelong sa thekollo, u tla ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le renang khotso le le sireletsehileng.​—Baheberu 11:1.

  • Ho fanoa ka puo Sehopotsong sa lefu la Jesu

    E-ea Sehopotsong sa lefu la Jesu. Jesu o ile a theha mokete oa selemo le selemo o re thusang ho hopola mpho ea thekollo. Ha a bua ka mokete ona, Jesu o ile a re: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:​19) Lipaki Tsa Jehova li tla ikhopotsa lefu la Jesu ka Labobeli, la la 11 April 2017, ka mor’a hore letsatsi le likele. Ketsahalong ena e ka nkang hora, ho tla ba le puo ea Bibele e hlalosang bohlokoa ba lefu la Jesu le melemo eo re e fumanang ka lebaka la lona. Selemong se fetileng, batho ba ka bang limilione tse 20 lefatšeng lohle ba ile ba ea Sehopotsong. Re u mema hore u be le rona ha re bontša hore re ananela mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo Molimo a re fileng eona.

a Tsela e molemo ea ho tseba haholoanyane ka Molimo ke ka ho ithuta Lentsoe la hae, e leng Bibele. Kopa e mong oa Lipaki Tsa Jehova ho u bontša hore na u ka ithuta Bibele joang kapa u kene websaeteng ea rona ea www.jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela