Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp17 no. 4 maq. 4-7
  • Se Etsahalang ha Motho a Shoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Se Etsahalang ha Motho a Shoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BIBELE E FANA KA KARABO
  • THUTO EA BOHETENE EA ATA
  • “NETE E TLA LE LOKOLLA”
  • Tumelo ea Hao e Matla Hakae Tsohong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Pono ea Hao ka Moea e Ama Bophelo ba Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Na Sephefumolohi se Tsoela Pele ho Phela ka Mor’a Lefu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Tšepo e Molemo Bakeng sa Moea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
wp17 no. 4 maq. 4-7
Setopo se ka lebitleng

SEHLOOHO SE KANTLE | HA E LE HANTLE HA MOTHO A SHOA O EA HOKAE?

Se Etsahalang ha Motho a Shoa

Ha re bala ka tlaleho ea popo e hlahang lengolong la Genese, re ithuta hore Molimo o ile a re ho Adama: “U ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore u khotsofale. Empa ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe u se ke ua ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.” (Genese 2:16, 17) Taba eo e bontša hore hoja Adama o ile a mamela Molimo, a ka be a ile a tsoela-pele a phela serapeng sa Edene.

Adama le Eva ha ba se ba tsofetse

Ka bomalimabe, ho fapana le hore a mamele taelo eo ea Molimo ’me a tsoele pele a phela, Adama o ile a khetha ho se mamele eaba o ja tholoana e thibetsoeng ha mosali oa hae Eva a mo fa eona. (Genese 3:1-6) Re ntse re kopana le mathata a tlisoang ke ho se mamele hoo ha hae ho fihlela mehleng ena. Moapostola Pauluse o hlalosa boemo ba rona ka tsela ena: “Feela joalokaha sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) “Motho a le mong” eo ho buoang ka eena mona ke Adama. Empa sebe seo a neng a se entse ke sefe, hona ke hobane’ng ha se ile sa hlahisa lefu?

Sebe seo Adama a se e ntseng ke ho se mamele Molimo le ho tlola molao oa hae ka boomo. (1 Johanne 3:4) Joalokaha Molimo a ile a bolella Adama, moputso oa sebe ke lefu. Haeba Adama le bana bao a neng a tla ba le bona ba ne ba ka mamela Molimo, ho ka be ho se na sebe ’me batho ba ne ba ke ke ba shoa. Molimo o ile a bopa batho e le hore ba phele ka ho sa feleng eseng hore ba shoe.

Ha ho potang hore lefu le “nametse ho batho bohle” joalokaha Bibele e boletse. Empa na ho na le karolo e itseng ho rona e tsoelang pele e phela ha re shoa? Ba bangata ba re karolo eo ea rona e tsoelang pele e phela ke moea. Empa haeba seo e ne e le ’nete, e ne e tla ba hore Molimo o buile leshano ha a re motho o tla shoa ha a etsa sebe. Bibele e re: “Ha ho khonehe hore Molimo a bue leshano.” (Baheberu 6:18) Bonneteng, ke Satane ea neng a le leshano ha a ne a re ho Eva: “Ka sebele le ke ke la shoa.”—Genese 3:4.

Joale haeba thuto ea hore moea oa motho ha o shoe ke leshano, ha e le hantle ho etsahala’ng ka rona ha re shoa?

BIBELE E FANA KA KARABO

Tlaleho e buang ka popo bukeng ea Genese e re: “Jehova Molimo a etsa motho ka lerōle la lefatše ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” Poleloana “moea o phelang” e fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Seheberu e leng ne’phesh, eo ha e le hantle e bolelang ‘ntho kapa motho ea phelang.’—Genese 2:7

Bibele e hlakisa hore batho ha baa boptjoa ba e-na le moea o sa shoeng. Ho fapana le hoo, e re “motho ea e-ba moea o phelang”. Kahoo ha hona moo Bibele e buang ka “moea o sa shoeng.”

Kaha haho moo Bibele e rutang hore motho o na le moea o sa shoeng, joale ke hobane’ng ha likereke tse ngata hakaale li ruta se fapaneng? Hore re fumane karabo ea potso ena, re lokela ho tseba se neng se etsahala Egepeta ea boholo-holo.

THUTO EA BOHETENE EA ATA

Herodotus, eo e leng rahistori oa Mogerike ea phetseng lilemong tsa bo-500 pele ho mehla ea Jesu, o re Baegepeta ke bona “batho ba pele ba ileng ba buella thuto ea ho se shoe ha moea.” Bababylona le bona ba ile ba bua ka thuto ea ho se shoe ha moea. Nakong eo ka eona Alexandere e Moholo a hapang Bochabela bo Hare ka 332 pele ho mehla ea Jesu, bo rafilosofi ba Bagerike ba ne ba se ba atisitse thuto ea ho se shoe ha moea, ’me e ne e le hohle pusong oa Bagerike.

Ha ho na moo Bibele e buang ka “moea o sa shoeng”

Mehleng ea Jesu, lihlopha tse kholo tsa bolumeli ba Sejuda, e leng Baessene le Bafarisi, li ile tsa ruta thuto ea hore moea ha o shoe. Jewish Encyclopedia e re: “Bajuda ba ithutile thuto ena ho Bagerike ba neng susumetsoa ke filosofi ea Plato, ’muelli ea ka sehloohong oa thuto ena.” Ka ho tšoanang, rahistori oa Mojuda Josephus o ile a ruta ka thuto eo, e sa tsoeng ka Mangolong a halalelang, empa a e nka ho “tumelo ea bara ba Greece,” ’me a e nka e le pokello ea lipale tsa bona tsa litumela-khoela.

Ha tšusumetso ea Bagerike e ntse e ata, ba ipitsang Bakreste le bona ba ile ba amohela thuto eo ea bohetene. Ho latela rahistori Jona Lendering, “lithuto tsa Plato tsa hore moea o ea sebakeng se seng kapa o il’o phela lefatšeng le leng, li ile tsa etsa hore ho be bobebe hore lithuto tseo li kopanngoe le lithuto tsa Bokreste.” Ka hona, thuto ena ea bohetene ea moea o sa shoeng e ile ea kena ka hare ho likereke tsa “Bokreste” ’me ea e-ba thuto e ka sehloohong ea lithuto tseo ba li lumelang.

“NETE E TLA LE LOKOLLA”

Moapostola Pauluse o ile a fana ka temoso ena: “Polelo e bululetsoeng e bolela ka tieo hore linakong tsa morao ba bang ba tla oa tumelong, ba ela hloko lipolelo tse bululetsoeng tse khelosang le lithuto tsa bademona.” (1 Timothea 4:1) Ruri seo Pauluse a se buileng ke ’nete. Thuto ea ho se shoe ha moea ke e ’ngoe ea “lithuto tsa bademona.” Ha e hlahe ka Bibeleng, empa e hlaha lifilosofing le malumeling a khale a bohetene.

Se thabisang ke hore, Jesu o ile a re: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Ka ho tseba ’nete, re lokolotsoe lithutong tse hlomphollang Molimo le tse khothalletsoang ke malumeli a bohata. Ho feta moo, Lentsoe la Molimo le re thusitse ho tlohela meetlo le litumela-khoela tse rutang seo e seng ’nete ka boemo ba bafu.—Sheba lebokose le reng “Bafu ba Hokae?”

’Mopi oa rona ha aa re bopela ho phela lefatšeng lilemo tse 70 kapa tse 80 feela ebe re fetela sebakeng se seng moo re tla phela ka ho sa feleng. Ha e le hantle morero oa hae ho tloha qalong e ne e le hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatšeng e le bana ba hae ba mamelang. Morero ona o bontša hore Molimo o rata batho haholo, ’me Bibele e re tiisetsa hore o ntse o tla phethahala. (Malakia 3:6) Mopesaleme o ile a bua a kholisehile a re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.

E le hore u ithute seo Bibele e se buang ka hore na bafu ba hokae, sheba khaolo ea botšelela ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. E boetse e fumaneha ho www.jw.org/st.

Na Motho a ka Phela ka ho sa Feleng?

Lilemong tse ’maloa tse fetileng, bafuputsi ba tlalehile hore ba fumane limela tse ling tse phelang ka tlas’a metsi tseo ba lumelang hore li na le lilemo tse likete li phela. Mohlomong li phetse nako e telele ho feta ntho leha e le efe e phetseng lefatšeng. Limela tsena li bitsoa Posidonia oceanica, li fumaneha leoatleng la Mediterranean pakeng tsa Spain le Cyprus.

Haeba limela li phela nako e telele hakaalo, na ho ka etsahala hore motho a phele nako e telele joalo? Bo-ramahlale ba bang ba ithutang ka ho hola ha motho, ba lumela hore motho a ka phela ho feta nako eo a e phelang hona joale. Re sa ntse re lebeletse ho bona hore na khatelo pele litabeng tsa bo-ramahlale e tla tlisa phetoho efe ho lelefatseng bophelo ba batho.

Leha ho le joalo, tebello ea ho phela ka ho sa feleng ha ea itšetleha tsoelo-peleng ea saense. Hobane Bibele e re ka Jehova ’Mopi oa rona: “Etsoe mohloli oa bophelo o ho uena.” (Pesaleme ea 36:9) Jesu o ile a re ha a rapela: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Boiteko ba rona ba ho khahlisa Jehova le Jesu Kreste bo tla putsoa ka bophelo bo sa feleng.

Mohloa o ka leoatleng

Bafuputsi ba tlalehile hore ba fumane limela tse ling tse phelang ka tlas’a metsi tseo ba lumelang hore li na le lilemo tse likete li phela

Bafu Ba Hokae?

Jesu o tsosa Lazaro

Ka mantsoe a bonolo, Bibele e re bafu ba mabitleng ’me ba emetse tsoho. (Johanne 5:28, 29) Ha ba utloe letho leha e le hore ba utloa bohloko hobane ba “shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a tšoantša lefu le boroko bo tebileng. (Johanne 11:11-14) Kahoo, ha rea lokela ho tšaba bafu, ebile ha rea lokela ho nahana hore re ka ba thabisa ka ho ba etsetsa ntho e itseng. Le bona ba ke ke ba re thusa ka letho hobane ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale lebitleng. (Moeklesia 9:10) Molimo o tla tsosa bafu, a be a felise lefu.—1 Bakorinthe 15:26, 55; Tšenolo 21:4.

Lebaka Leo U Lokelang ho Lumela Seo Bibele e se Buang

Re ka kholiseha hore seo Bibele e se rutang ke ’nete ’me re lokela ho tšepa seo e re bolellang sona. Hobane’ng? Nahana ka lintlha tse latelang:

  • Lesiba le enke

    E Ngotsoe ka Tsela e Ikhethang: Bibele e entsoe ka libuka tse 66 tse ngotsoeng ke banna ba ka bang 40, ho nkile lilemo tse 1 600 hore e ngoloe. Leha ho le joalo, seo e se rutang se hlakile, hape ea lumellana ho tloha qalong ho fihlela qetellong. Sena ke bopaki ba hore e ngotse ke Molimo. O ile a tataisa batho ba neng ba e ngola hore na ba ngole eng.

  • Tšiea

    E Nepahetse Litabeng Tsa Histori: Litlaleho tsa liketsahalo tse ka Bibeleng li nepahetse ebile histori e paka seo. Buka e bitsoang A Lawyer Examines the Bible e re: “Bangoli ba libuka tse buang ka lipale tsa marato le litlaleho tse buoang ka liketsahalo tse itseng, ba iqapela nako, sebaka le boemo boo ba reng li etsahetseng ho bona e le hore litlaleho tseo li lumellane, . . . empa Bibele eona e bolela ka tsela e nepahetseng nako le sebaka tseo liketsahalo tse tlalehiloeng ka ho eona li etsahetseng ka eona.”

  • Athomo

    E Nepahetse Litabeng Tsa Saense: Bibele ha se buka ea saense, empa moo e amang litaba tsa saense teng, e nepahetse, ebile e tšoere litaba tse tsoetseng pele ha li bapisoa le se neng se tsejoa ka nako eo e neng e ngoloa ka eona. Ka mohlala, likhaolo tsa 13 le 14 tsa buka ea Levitike li ngotse melao e neng e fuoe Baiseraele ba boholo-holo. Likhaolo tsena li re motho ea neng a e-na le lefu le tšoaetsanoang o ne a aroloa sechabeng hape li ruta ka bohloeki. ’Me ba filoe melao ena nako e telele pele batho ba tseba ka lintho tsena. Bibele e boetse e re lefatše le selikalikoe ebile le sepakapakeng, e leng taba eo bo-ramahlale ba qetileng nako e telele ba sa e tsebe.—Jobo 26:7; Esaia 40:22.

Ena ke mehlala e seng makae e pakang hore Bibele e nepile ha e re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho.”—2 Timothea 3:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela