Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp17 no. 5 leq. 6
  • Na ho na le Mangeloi a Khopo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho na le Mangeloi a Khopo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Mangeloi—Kamoo a Amang Bophelo ba Rōna Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Mangeloi ke “Meea Bakeng sa Tšebeletso ea Sechaba”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Na Bademona ke Batho ba Sebele?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
wp17 no. 5 leq. 6
Bademona kapa mangeloi a khopo

SEHLOOHO SE KANTLE | NA MANGELOI A HLILE A TENG?

Na ho na le Mangeloi a Khopo?

Haeba mangeloi a khopo a teng, a tsoa hokae? Molimo o bopile mangeloi a e-na le bolokolohi ba ho khetha ho mo mamela kapa ho se mo mamele. Nakoana ka mor’a hore Molimo a bope Adama le Eva, le leng la mangeloi le ile la khothalletsa batho hore ba se ke ba mamela Molimo. (Genese 3:1-7; Tšenolo 12:9) Bibele ha e re bolelle lebitso la lengeloi leo ebile ha e hlalose hore na boemo ba lona e ne e le bofe leholimong. Empa e bitsa lengeloi leo Satane Diabolose kaha le ile la hanyetsa Molimo la ba la mo etselletsa.—Matheu 4:8-11.

Ka bomalimabe, lengeloi lena ha se lona feela le ileng la fetohela Molimo. Mehleng ea Noe mangeloi a mang ha aa ka “a boloka sebaka sa ’ona” leholimong kaha a ile a iphetola batho eaba a tla lefatšeng ho etsa lintho tse khahlanong le morero oa Molimo.—Juda 6; Genese 6:1-4; 1 Petrose 3: 19, 20.

Ha Molimo a felisa lefatše ka moroallo, a ile a iphetola mangeloi hape. Empa Molimo ha aa ka a a lumella ho khutlela leholimong. Ho fapana le hoo Bibele e re Molimo o ile a “a akhela Tartarase” e leng boemong bo bontšang hore ha a sa a amohela. (Juda 6; 2 Petrose 2:4) Mangeloi ana a bitsoang bademona, a ile a itumella ho laoloa ke Satane Diabolose eo Bibele e reng ke “’musi oa bademona” eo hape ‘a ntseng a iphetola lengeloi la leseli.’—Matheu 12:24; 2 Bakorinthe 11:14.

Bibele e ruta hore ’Muso oa Molimo o qalile ho busa ka 1914.a Ka mor’a ketsahalo eo ea bohlokoa, Satane le bademona ba ile ba lelekoa leholimong eaba ba lahleloa lefatšeng. Ho hloka boitšoaro hoo e leng kobo-anela lefatšeng, ke bopaki ba hore Satane o halefile ebile o susumetsa batho ho etsa lintho tse fosahetseng.—Tšenolo 12:9-12.  

Tsela eo bobe bo totileng ka eona e bontša hore haufinyane bo tla fela. Ho e-s’o ee kae mangeloi ana a khopo a tla felisoa. Ha ’Muso oa Molimo o se o busitse lefatšeng ka lilemo tse 1 000, mangeloi ana a khopo a tla fuoa monyetla oa ho qetela oa ho khelosa batho ebe ka mor’a moo aa felisoa.—Matheu 25:41; Tšenolo 20:1-3, 7-10.

a E le hore u ithute ho eketsehileng ka ’Muso oa Molimo, sheba khaolo ea 8 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. E boetse e fumaneha ho www.pr418.com/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela