Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp18 no. 2 leq. 10
  • Litšepiso Tsa Molimo li Tla Phethahala

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšepiso Tsa Molimo li Tla Phethahala
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “KA SEBELE LE TLA ATLEHA”
  • Metsoalle ea Molimo e Tla Phela Paradeiseng
    U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • E-ba le Tšepo
    Tsoha!—2018
  • Nakong eo Batho Bohle ba Tla Ratana
    Tsoha!—1998
  • Mathata a Aparetseng Lefatše, Tharollo ea ’Ona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
wp18 no. 2 leq. 10
Ntate o shebile lithaba

Litšepiso Tsa Molimo li Tla Phethahala

Litaba tse tsoang ka Bibeleng tse mabapi le ’Muso li boleloa hohle lefatšeng joalokaha Jesu a ile a profeta. (Matheu 24:14) Ka Bibeleng, lengolo la Daniele e re ’Muso oo ke oa Molimo. Khaolong ea bobeli ea lengolo leo, ho na le boprofeta bo buang ka tatellano ea mebuso ho tloha ’musong oa Babylona ho fihlela mehleng ena. Khaolong eo, temana ea 44 e re:

“Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”

Boprofeta bona bo ile ba bolela hore ’Muso oa Molimo o tla nkela mebuso ea batho sebaka ’me o buse batho ka khotso lefatšeng. Ebe bophelo bo tla ba joang ’Musong oo? Molimo o re tšepisitse lintho tse monate tse tla etsahala haufinyane.

  • Ho tšoarana ka matsoho

    NTOA E TLA FELA

    Pesaleme ea 46:9 e re: “[Molimo] o felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše. O roba seqha ’me o robakanya lerumo.”

    Nahana hore na lefatše le ne le tla ba joang ha chelete e sebelisetsoa ho thusa batho ho e-na le ho etsa libetsa. Tšepiso eo e tla phethahala ’Musong oa Molimo.

  • Ho hloa

    HO KULA HO TLA FELA

    Esaia 33:24 e re: “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”

    Nahana hore na ho tla ba joang lefatšeng ha batho ba se ba sa tšoaroe ke mafu a kang lefu la pelo, kankere, malaria le mafu a mang. Lipetlele le meriana li tla be li se li sa hlokahale. Batho ba phelang lefatšeng ba tla ba le bophelo bo botle.

  • Lijo

    LIJO LI TLA BA NGATA

    Pesaleme ea 72:16 e re: “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.”

    Lefatšeng lijo li tla lekana motho e mong le e mong ’me kaofela ba tla li fumana. Batho ba tla ja ka tsela e nepahetseng ’me ba khore.

  • Ntate, ’mè le ngoana

    BATHO HA BA SA TLA SHOA LE HO UTLOA BOHLOKO

    Tšenolo 21:4 e re: “[Molimo ]o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”

“KA SEBELE LE TLA ATLEHA”

Na litšepiso tsee ke toro feela? Batho ba bangata ba lumela hore bophelo boo Molimo a re tšepisitseng bona bo tl’o ba monate. Leha ho le joalo, ba bang bona ha ba lumele hore ho phela ka ho sa feleng ke ntho e tla etsahala. Ha ho makatse kaha ha ho na motho ea seng a kile a phela ka ho sa feleng.

Haesale batho ba phela e le baetsalibe ba bile ba sesa ka har’a mathata a mangata ka nako e telele hoo ba seng ba bile ba nahana hore mathata ao ke karolo ea bophelo. Empa Jehova o ne a sa rera hore batho ba phele ka tsela ena.

Molimo o ile a re kholisa hore litšepiso tsa hae li tla phethahala ha a re: “Lentsoe la ka . . . le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana, empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang, ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:11.

Bibele e hlalosa Jehova e le Molimo “ea ke keng a bua leshano.” (Tite 1:2) O re tšepisitse hore o tla re etsetsa lintho tsena tse monate nakong e tlang. Empa na ehlile batho ba ka phela ka ho sa feleng Paradeiseng? Hona re lokela ho etsa’ng e le hore re tle re phele ka ho sa feleng? Lipotso tsena li tla arajoa lihloohong tse latelang tsa makasine ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela