Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w18 October leq. 32
  • Re U Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re U Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Setefane—“Molimo o ne a mo Rata Hape a mo File Matla”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Setefane o Tlepetsoa ka Majoe
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Tsamaea Tšabong ea Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
w18 October leq. 32

Re U Lome Tsebe?

Morutuoa Setefane o ile a thusoa ke’ng hore a lule a khobile matšoafo?

Setefane ha aa tsoha le hoja a le lekhotleng Sanhedrine

SETEFANE o ile a tobana le mokhopi oa banna ba mo hanyetsang. Mokhoping oo, ho ne ho e-na le baahloli ba lekhotla la Sanhedrine ba 71 ’me ba ne ba le matla haholo. Ba ne ba bitsitsoe ke Moprista ea Phahameng Kaifase eo e neng e le moahloli ha Jesu a ahloleloa lefu. (Mat. 26:57,59; Lik. 6:8-12) Ha mokhopi oo o ntse o fana ka bopaki ba bohata khahlanong le Setefane, o ile oa hlokomela ntho e sa tloaelehang ho eena. Sefahleho sa hae se ne le se le “joaloka . . . sa lengeloi.”—Lik. 6:13-15.

Setefane o ile a thusoa ke’ng hore a lule a khobile matšoafo a bile a khutsitse ha a tšosoa? Moea o halalelang o ile oa mo thusa hore a ithukhubetse ha a ruta batho ka ’Muso oa Molimo pele a isoa Lekhotleng la Sanhedrine. O ile oa boela oa mo matlafatsa oa ba oa mo hopotsa lintho tseo a ithutileng tsona ha a thulana le liteko. (Joh. 14:16) Liketso khaolo ea 7 e bontša hore moea o halalelang o ile oa boela oa mo hopotsa lintho tse ka bang 20 kapa ho feta tseo a ithutileng tsona Mangolong a Seheberu ha a ntse a itšireletsa ka lekhotleng. (Joh. 14:26) Tumelo ea hae e ile ea matlafala le ho feta ha a bona pono eo ho eona Jesu a neng a le ka letsohong le letona la Molimo.—Lik. 7:54-56, 59, 60.

Ka linako tse ling le rona re ka tšosoa kapa ra hlorisoa. (Joh. 15:20) Empa ha re ithuta Bibele letsatsi le letsatsi ebile re le mafolofolo mosebetsing oa ho ruta batho Bibele, re tla be re lumella moea o halalelang hore o re thuse. Re tla boela re be le khotso re be re eme re tiile ha re hanyetsoa.—1 Pet. 4:12-14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela