Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 1/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Setefane—“Molimo o ne a mo Rata Hape a mo File Matla”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Setefane o Tlepetsoa ka Majoe
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Tsamaea Tšabong ea Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 1/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na mantsoe a Setefane a ho Liketso 7:59 a bontša hore lithapelo li lokela ho lebisoa ho Jesu?

Liketso 7:59 e re: “Ba tsoela pele ho betsa Setefane ka majoe ha a ntse a etsa boipiletso ’me a re: ‘Morena Jesu, amohela moea oa ka.’” Mantsoe ana a ’nile a etsa hore batho ba bang ba be le lipotso, kaha Bibele e re Jehova ke “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2) Na Setefane o ile a hla a rapela Jesu? Na see se bontša hore Jesu ke motho a le mong le Jehova?

King James Version e re Setefane o ile a “ipiletsa ho Molimo.” Kahoo, hoa utloahala ha ba bangata ba entse qeto e ileng ea etsoa ke mohlalosi e mong oa Bibele Matthew Henry, ea itseng: “Mona Setefane o rapela Kreste, le rōna re tlameha ho etsa joalo.” Leha ho le joalo, pono eo e fosahetse. Hobane’ng?

Ka botšepehi Barnes’ Notes on the New Testament e re: “Lentsoe Molimo ha le eo libukeng tsa pele, ’me le ne le sa lokela hore ebe le teng phetolelong. Ha le eo [libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa] khale kapa liphetolelong.” Lentsoe “Molimo” le ile la kenngoa joang temaneng ee? Setsebi Abiel Abbot Livermore se ile sa re ena ke “taba e bakiloeng ke leeme la bolumeli la bafetoleli.” Kahoo, liphetolelo tse ngata tsa morao tjena, li hlakotse boitsebiso bona ba bohata bo buang ka Molimo.

Leha ho le joalo, liphetolelo tse ngata li re Setefane “o ile a rapela” Jesu. ’Me mongolo o botlaaseng ba leqephe ho New World Translation o bontša hore poleloana “a etsa boipiletso” e ka boela ea bolela “ho etsa kōpo; thapelo.” Na seo se ne se ke ke sa bontša hore Jesu ke Molimo ea Matla ’Ohle? Che. Vine’s Expository Dictionary of Old and New Testament Words e hlalosa hore boemong bona, lentsoe la pele la Segerike, e·pi·ka·leʹo, le bolela: “Ho kōpa thuso, . . . ho ipiletsa ho ea nang le matla.” Pauluse o ile a sebelisa lentsoe lona leo ha a ne a re: “Ke ipiletsa ho Cesare!” (Liketso 25:11) Kahoo, ke ka nepo The New English Bible e reng Setefane o ile a “hoeletsa” ho Jesu.

Ke eng e ileng ea susumetsa Setefane hore a etse boipiletso bo joalo? Ho latela Liketso 7:55, 56, Setefane, “a tletse moea o halalelang, a talima leholimong ’me a re heli! eaba o bona khanya ea Molimo le ea Jesu a eme ka letsohong le letona la Molimo.” Ka tloaelo, Setefane o ne a tla lebisa likōpo tsa hae ho Jehova ka lebitso la Jesu. Empa eitse ha Setefane a bona Jesu ea tsositsoeng ponong, ho bonahala a ile a ikutloa a lokolohile hore a ipiletse ho eena ka ho toba, a re: “Morena Jesu, amohela moea oa ka.” Setefane o ne a tseba hore Jesu o ne a filoe matla a ho tsosa bafu. (Johanne 5:27-29) Ka hona, o ile a kōpa Jesu hore a sireletse moea oa hae kapa matla a hae a bophelo, ho fihlela mohla Jesu a neng a tla mo tsosetsa bophelong ba ho se shoe leholimong.

Na polelo ea Setefane e khutšoanyane e re behela mohlala oa hore re rapele Jesu? Le hanyenyane. Hobane Setefane o ne a tseba hantle hore ho na le phapang pakeng tsa Jesu le Jehova, kaha tlaleho eo e re o ile a bona Jesu “a eme ka letsohong le letona la Molimo.” Hape, maemo ana a ne a ikhetha. Ketsahalo e ’ngoe eo ho eona ho kileng ha tobisoa mantsoe a kang ao ho Jesu, ke eo ho eona moapostola Johanne le eena a ileng a bua le Jesu ka ho toba ha a Mo bona ponong.—Tšenolo 22:16, 20.

Le hoja ka nepo Bakreste kajeno ba lebisa lithapelo tsa bona tsohle ho Jehova Molimo, le bona ba lumela ka tieo hore Jesu ke “tsoho le bophelo.” (Johanne 11:25) Joalokaha ho ile ha etsahala ka Setefane, tumelo matleng a Jesu a ho tsosa balateli ba hae bafung e ka re thusa le ho re boloka linakong tsa liteko.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela