Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp19 no. 1 maq. 13-14
  • Molimo o Tla Etsetsa Batho Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Tla Etsetsa Batho Eng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MOLIMO O TLA FELISA BOKHOPO
  • MOLIMO O TLA ETSA LEFATŠE PARADEISE
  • MOLIMO O TLA FELISA HO KULA LE LEFU
  • MOLIMO O TLA HLOMA ’MUSO O TLA BUSA KA HO SA FELENG
  • ’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • ’Muso oa Molimo ke oa Bohlokoa Hakae ho Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
wp19 no. 1 maq. 13-14
Bahlanka ba Molimo ba tla etsa hore lefatse ebe paradeise

Molimo O Tla Etsetsa Batho Eng?

Ha u e-⁠na le mathata u hloka motsoalle oa hao hore a u thuse. Batho ba bang ba re Molimo ha se motsoalle oa bona hobane ba nahana hore ha a ba thuse ha ba e-⁠na le mathata. ’Nete ke hore Molimo oa re thusa ha re e-⁠na le mathata ebile o re tšepisa hore o tla felisa lintho tsohle tse re utloisang bohloko. O tla etsetsa batho eng?

MOLIMO O TLA FELISA BOKHOPO

O tla qala ka ho felisa motho ea bo bakang. Bibele e re: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:​19) Jesu o ile a re motho eo “ea khopo” ke Satane Diabolose e leng eena “ ’musi oa lefatše lena.” (Johanne 12:​31) Satane ke eena ea bakelang batho mathata a mangata lefatšeng. Jehova o tla etsa’ng?

O tla sebelisa Jesu e le hore “a ka etsa lefeela ea nang le mokhoa oa ho baka lefu, ke hore, Diabolose.” (Baheberu 2:​14; 1 Johanne 3:⁠8) Bibele e re Diabolose oa “tseba hore o na le nako e khutšoanyane” pele a timetsoa. (Tšenolo 12:​12) Hape, Molimo o tla boela a felise batho bohle ba khopo.​—⁠Pesaleme ea 37:⁠9; Liproverbia 2:⁠22.

MOLIMO O TLA ETSA LEFATŠE PARADEISE

Ka mor’a hore Molimo a felise bokhopo, o tla phethahatsa morero oa hae oa hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatšeng. Ke melemo efe eo re tla e fumana?

Re tla phela ka khotso ebile re sireletsehile. “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”​—⁠Pesaleme ea 37:⁠11.

Ho tla ba le lijo tse ngata. “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhoro tsa lithaba.”​—⁠Pesaleme ea 72:⁠16.

Re tla ba le matlo a matle le mosebetsi o khotsofatsang. “Ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. . . . Bakhethoa ba ka ba tla sebelisa mosebetsi oa matsoho a bona ka botlalo.”​—⁠Esaia 65:​21, 22.

Na u labalabela ho bona ha lintho tsee li etsahala? Haufinyane li tla phethahala ’me re phele hamonate ka ho sa feleng.

MOLIMO O TLA FELISA HO KULA LE LEFU

Ke ’nete hore batho kaofela baa kula ebile baa shoa empa e ke ke ea e-⁠ba ka ho sa feleng. Re tla fumana melemo e mengata kaha Jesu o ile a re shoela “e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:​16) Re tla fumana melemo efe?

Ha re sa tla kula. “Ha ho moahi ea tla re, ‘kea kula.’ Batho ba lulang naheng eo e tla ba ba tšoaretsoeng liphoso tsa bona.”​—⁠Esaia 33:⁠24.

Ha re sa tla hlola re shoa. “O tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.”​—⁠Esaia 25:⁠8.

Re tla phela ka ho sa feleng. “Mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rona.”​—⁠Baroma 6:⁠23.

Bafu ba tla tsosoa. “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Liketso 24:​15) Batho bohle ba hlokahetseng ba tla tsosoa hobane Jesu o ile a re shoela.

Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsee joang?

MOLIMO O TLA HLOMA ’MUSO O TLA BUSA KA HO SA FELENG

O tla phethahatsa litšepiso tsa hae ka hore a hlome ’muso leholimong oo morena oa ’ona e tla ba Jesu Kreste. (Pesaleme ea 110:​1, 2) ’Muso ona ke ’ona oo Jesu a ileng a ruta balateli ba hae hore ba rapelle hore o tle, ba re: “Ntat’a rona ea maholimong, . . . ’muso oa hao o ke o tle.”​—⁠Matheu 6: 9, 10.

’Muso oa Molimo o tla busa lefatse lohle ’me o felise lintho tsohle tse bohloko. ’Muso oo o molemo ho feta mebuso eohle ea batho. Ke kahoo ha Jesu a ne a le lefatšeng a ileng a sebetsa ka thata ho “bolela litaba tse molemo tsa ’muso” ’me a laela balateli ba hae hore le bona ba etse se tšoanang.​—⁠Matheu 4:​23; 24:⁠14.

Kaha Jehova Molimo o rata batho, o tšepisitse ho ba etsetsa lintho tsena tse molemo. Na litšepiso tsee ha li etse hore u utloe u batla ho tseba Molimo le ho mo rata haholo? U tla fumana melemo efe haeba u tseba Molimo ebile u mo rata? Sehlooho se latelang se tla araba potso ena.

MOLIMO O TLA ETSETSA BATHO ENG? O tla felisa ho kula le lefu ’me a etse hore lefatše e be paradeise

’MUSO OA MOLIMO KE’NG?

  • Ke ’muso oo Molimo a o hlommeng leholimong e le hore a phethahatse merero ea hae.​—⁠Genese 1:​28; Matheu 6:​9, 10.

  • Morena oa ’muso oo o khethiloe ke Molimo ’me o na le matla a ho busa leholimong le lefatšeng.​—⁠Esaia 9:​6, 7; 11:​2-⁠4; Matheu 28:⁠18.

  • Melao ea ’ona e thehiloe lithutong tsa Jesu.​—⁠Matheu 22:​37-39; Jakobo 2:⁠8.

  • ’Muso ona o se o ntse o busa, ’me batho ba limilione ba ntse ba bolela ‘litaba tse molemo tsa ’muso ’ona lefatšeng lohle.​—⁠Matheu 24:​14; 28:​19, 20.a

a Ho fumana lintlha tse eketsehileng ka ’muso oa Molimo, u ka bala khaolo ea 8 ea buka ea Re ka Ithuta Eng Bibeleng? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. U ka boela oa e fumana ho www.jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela