Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp19 no. 2 maq. 4-5
  • Ha re Hlaheloa ke Likoluoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha re Hlaheloa ke Likoluoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO TLA LOKA
  • Na u se u Itokisitse?
    Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Lahlelang Matšoenyeho ’Ohle a Lōna ho Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Khatello e Bakoang ke Ketsahalo e Ferekanyang Kelello e Tla Fela!
    Tsoha!—2001
  • U ka Etsan’g ha U Tšoenyehile?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
wp19 no. 2 maq. 4-5
Bo-ntate ba babeli ba moo moaho o soahlamaneng

Ha re Hlaheloa ke Likoluoa

Ntate Andrew oa Sierra Leone o re:

“Qalong re ne re tsielehile habohloko. Lintho tsohle tsa rona li ne li sentsoe ke likhohola.”

Ntate David oa Virgin Islands le eena o re:

“Ka mor’a leholiotsoana, re ile ra khutlela hae ra fumana ho se na leha e le! Re ne re sa kholoe seo re se bonang. Morali oa ka o ile a itihela fatše eaba o lla habohloko.”

HAEBA u kile oa hlaheloa ke koluoa, mohlomong oa utloisisa hore na batho bana ba ikutloa joang. Baa tšoha, ha ba kholoe se ba etsahaletseng, baa nyahama ebile baa phofa bosiu. Ba bangata ba nyahama hoo ba utloang ba batla ho shoa.

Mohlomong u ikutloa joaloka bona haeba u sa tsoa hlaheloa ke koluoa, u utloa eka ho lekane ka bophelo. Bibele e re thusa ho bona hore bophelo ke ba bohlokoa ebile e tšepisa hore ho tla loka.

HO TLA LOKA

Ho Moeklesia 7:​8, Bibele e re: “Qetello ea taba . . . e molemo ho feta tšimoloho ea eona.” Ha motho a qeta ho hlaheloa ke koluoa, lintho li ka bonahala li sa tšepise. Empa ho ba betere ha a etsa hore bophelo ba hae bo khutlele setloaeling.

Bibele e boetse e re nakong e tlang “ha ho sa tla hlola ho utluoa . . . molumo oa ho lla kapa . . . oa ho utloa bohloko.” (Esaia 65:​19) Lintho tsena kaofela li tla phethahala ha ’Muso oa Molimo o se o entse hore lefatše e be paradeise. (Pesaleme ea 37:​11, 29) E tla ka ke leshano hore likoluoa li kile tsa etsahala. Re ke ke ra hlola re hopola lintho tse bohloko tse kileng tsa etsahala kaha Molimo ea Matla ’Ohle o re: “Lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.”​—Esaia 65:17.

Kaha ’Mopi oa rona o re batlela “bokamoso le tšepo,” re tl’o phela ka khotso. Nahana feela hore na ho tla ba monate hakae! (Jeremia 29:​11) Ebe ho tseba litaba tsee ho ka u tsoela molemo joang? ’Mè Sally eo re buileng ka eena sehloohong se fetileng o re: “Ho hopola hore na bophelo bo tla ba monate hakae nakong e tlang, ho ka u lebatsa mathata ha ba ha u thusa ho mamella.”

E ka ba hantle ha u ka ithuta hore na ’Muso oa Molimo o tl’o etsetsa batho eng. Ha u etsa joalo u tla kholiseha hore bophelo bona ha se phetho, hobane Jehova o tla felisa likoluoa. Bibele e ka re thusa hore na re ka re ka thabela bophelo joang le ha re hlaheloa ke likoluoa ha re ntse re emetse ’Muso oa Molimo. Sehloohong se latelang re tl’o bua ka mehlala e seng mekae ea taba ena.

Litemana Tse ka U Thusang

Iphe nako ea ho phomola.

“Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.”​—Moeklesia 4:6.

Bafuputsi ba bontša hore ho thata hore motho a hlaphoheloe haeba a sa phomole hantle kamor’a ho hlaheloa ke koluoa. Taba ena e paka hore ho phomola hantle ho bohlokoa.

Qoqa le batho.

“Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame, empa lentsoe le molemo le etsa hore e thabe.”​—Liproverbia 12:25.

Bolella motsoalle oa hao kapa motho eo u amanang le eena hore na u ikutloa joang. O tla u mamela a be a u khothatse, a ka ba a u bolella hore na u tsoe le hokae.a

Nahana hore na ho tla ba joang nakong e tlang.

“Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea [Molimo] ’me ho loka ho tla aha ho tsona.”​—2 Petrose 3:13.

a Ha bothata bona bo sa ee moriting, motho o lokela ho ikopanya le ngaka.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela