Khatello e Bakoang ke Ketsahalo e Ferekanyang Kelello e Tla Fela!
A RE re u kile ua ba lesole le bileng ntoeng ’me u tšoenngoa ke litoro tse tšosang le ho tleloa ke mehopolo e etsang hore eke ntoa e ntse e kupa le hona joale. Mohlomong u mohlaseluoa oa pefo e sehlōhō e kang peto ’me u utloa eka karolo e ’ngoe ea hao e bolailoe phihlelong eo e nyarosang. Kapa mohlomong moratuoa oa hao o shoele koluoeng ea tlhaho kapa kotsing ea tšohanyetso ’me ho phela ntle ho eena ho u utloisa bohloko bo boholo.
Na ebe ua ipotsa hore na maikutlo a joalo a ka fetoha? Re ka arabela ka kholiseho: E, a ka fetoha! Ho sa le joalo, bohle ba tšoenngoang ke ho ferekana kelellong ba ka fumana matšeliso Lentsoeng la Molimo, Bibele.
Re ka Thusoa ho Mamella Khatello e Bakiloeng ke Ketsahalo e Ferekanyang Kelello
Hoo e ka bang lilemo tse likete tse peli tse fetileng, moapostola Pauluse o ile a feta phihlelong e tšosang, e neng e sokela bophelo ba hae. Lipolelo tse hlalosang tse ling tsa liketsahalo tsena li bolokiloe ka Bibeleng. Pauluse o ngotse: “Ha re lakatse hore le hloke tsebo, barab’eso, ka matšoenyeho a ileng a re etsahalla seterekeng sa Asia, hore re ne re le tlas’a khatello e fetisisang e ka nģ’ane ho matla a rōna, hoo re neng re sa tiiseha esita le ka bophelo ba rōna. Ha e le hantle, re ile ra ikutloa ka hare ho rōna hore re ne re amohetse kahlolo ea lefu.”—2 Bakorinthe 1:8, 9.
Le hoja ho sa tsebahale hantle hore na ho ne ho etsahetse eng ketsahalong eo, ha ho pelaelo hore ho ne ho ferekanya kelello. (2 Bakorinthe 11:23-27) Pauluse o ile a sebetsana joang ka katleho le boemo boo?
Ha a nahana ka phihlelo e bohloko eo a bileng le eona Asia, o ngotse: “Ho bokoe Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste, Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna, e le hore re ka khona ho tšelisa ba matšoenyehong a mofuta leha e le ofe ka matšeliso ao re ntseng re tšelisoa ka ’ona ke Molimo.”—2 Bakorinthe 1:3, 4.
E, ba pholohileng ketsahalong e ferekanyang kelello ba ka fumana thuso ho “Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle.” U ka fumana matšeliso a joalo joang?
Mokhoa oa ho Fumana Thuso
Pele ho tsohle—kōpa thuso. Haeba u ikutloa u feletsoe ke tšepo, hopola hore ba bang ba ile ba ikutloa joaloka uena. Hangata ba ileng ba hlōla maikutlo a joalo ba thabela ho thusa ba bang. Joaloka moapostola Pauluse, ba ikutloa ba tlameha ho arolelana le “ba matšoenyehong a mofuta leha e le ofe” matšeliso ao ba a fumaneng ho Molimo nakong ea bona ea teko. U se ke ua ba leqe ho ikopanya le e mong oa Lipaki tsa Jehova—leha e le ofe eo u ikutloang o lokoloha ho eena—’me u mo kōpe hore a u thuse ho fumana thuso ho Jehova, “Molimo oa matšeliso ’ohle.”
Phehella thapelong. Haeba u thatafalloa ke ho rapela ka lebaka la khalefo, kōpa e mong ea tšoanelehang moeeng hore a rapele le uena. (Jakobo 5:14-16) Ha u bua le Jehova Molimo, hopola ho ‘lahlela matšoenyeho ’ohle a hao ho eena, hobane oa u tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Nako le nako Mangolo a hatisa kameho e khethehileng eo Molimo a e lebisang ho bahlanka bohle ba hae.
E ka ’na eaba mongoli oa Pesaleme ea 94 o ile a ba le phihlelo e itseng e mo ferekanyang maikutlong haholo kaha o ngotse: “Hoja Jehova a se ke a nthusa, ka mor’a nakoana moea oa ka o ka be o lutse ka khutso. Ha ke re: ‘Ka sebele leoto la ka le tla therekela,’ Jehova, mosa oa hao o lerato o ile oa ’na oa ntšehetsa. Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na, matšeliso a hao a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.”—Pesaleme ea 94:17-19.
Ba bang ba nang le khatello ea kelello e ferekanyang ba khathatsoa haholo-holo ke ‘menahano e hlokisang botsitso,’ eo ka linako tse ling e ka fetohang tšabo e khōlō kapa khalefo e matla. Leha ho le joalo, thapelo e tlohang botebong ba pelo e ka u “tšehetsa” ho fihlela maikutlo ao a fela. Nka Jehova e le motsoali ea lerato ’me uena u le ngoana e monyenyane eo a mo sireletsang ka lerato. Hopola hore Bibele e tšepisa hore “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.”—Bafilipi 4:7.
Ho fola—ebang ke ’meleng, maikutlong kapa moeeng—ho etsahala butle. Ka hona, e ne e ka ba ho sa utloahaleng ho lebella hore thapelo e tlise khotso hang-hang ho ba lemalitsoeng ke ketsahalo e ferekanyang kelello. Leha ho le joalo, thapelo e phehellang ke ea bohlokoa. E tla thusa mohlaseluoa hore a se imeloe ho tlōla le ho se felloe ke tšepo ka lebaka la ketsahalo e fetileng e ileng ea ferekanya kelello.
Bala le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo. Haeba ho le thata ho tsepamisa mohopolo, kōpa motho e mong hore a bale le uena litlaleho tse tšelisang tsa Bibele. U ka ’na ua khetha litemana tse senolang ho teba ha kameho e bonolo ea Jehova ho batho ba hae ba tšepahalang, ho sa tsotellehe hore na ba nyahame hakae kapa hona ho felloa ke tšepo.
Jane ea boletsoeng lihloohong tse etellang sena pele o ile a fumana matšeliso litemaneng tse ngata tsa Bibele tsa Lipesaleme. Li akarelletsa Pesaleme ea 3:1-8; 6:6-8; 9:9, 10; 11:1-7; 18:5, 6; 23:1-6; 27:7-9; 30:11, 12; 31:12, 19-22; 32:7, 8; 34:18, 19; 36:7-10; 55:5-9, 22; 56:8-11; 63:6-8; 84:8-10; 130:1-6. U se ke ua leka ho bala litemana tse ngata haholo tsa Bibele ka nako e le ’ngoe. Ho e-na le hoo, qeta nako e ngata u thuisa ka tsona ’me u rapele.
Matšoenyeho ao ho Seng Mohla a Kileng a E-ba Teng Kajeno
Ka masoabi, ha rea lokela ho makatsoa ke lipeto, lipolao, lintoa le pefo e sa hlokahaleng tse tletseng hohle kajeno. Hobane’ng? Hobane Jesu Kreste o ile a hlalosa mehla ea rōna e le eo ho eona ho neng ho tla ‘eketseha tlōlo ea molao.’ O ile a phaella: “Lerato la ba bangata le tla fola.”—Matheu 24:7, 12.
Lilemong tsa morao tjena khatello ea maikutlo e tloaelehile haholo—hangata e le ka lebaka la liketsahalo tseo Jesu a ileng a li bolela esale pele. Joalokaha ho tlalehiloe ka Bibeleng ho Matheu khaolo ea 24, ho Mareka khaolo ea 13 le ho Luka khaolo ea 21, Jesu o ile a re nakong ea qetello ea lefatše lena, ho ne ho tla ba le lintoa tsa lichaba, likoluoa tsa tlhaho, keketseho ea tlōlo ea molao le ho hlokahala ha lerato. Leha ho le joalo, Jesu o ile a boela a lemoha hore tokollo ha e hōle.
Ka mor’a hore a hlalose seoa sa lefatše lohle sa maemo a ferekanyang kelello le ho qala ha “matšoenyeho a maholo” a tla latela, hlokomela seo Jesu a ileng a re batho ba lokela ho se etsa: “Le eme tsoee! ’me le phahamise lihlooho, hobane topollo ea lōna ea atamela.” (Matheu 24:21-31; Luka 21:28) E, ha maemo a lefatše a mpefala, re ka kholiseha hore matšoenyeho a maholo tsamaisong ena ea lintho e bakang tsieleho a tla fihla tlhōrōng qetellong ea bokhopo bohle ha ho kena tsamaiso e ncha ea ho loka.—1 Johanne 2:17; Tšenolo 21:3, 4.
Ha rea lokela ho makatsoa ke hore topollo ea rōna e tla tla feela ka mor’a hore bokhopo le pefo li fihle sehlohlolong. Kahlolo ea Molimo nakong e fetileng khahlanong le batho ba mehleng ea Noe le baahi ba silafetseng ba Sodoma le Gomora e ile ea nka boemo bo tšoanang. Likahlolo tseo tse fetileng tsa Molimo li bontša se tla etsahala nakong e tlang.—2 Petrose 2:5, 6.
Ho Fela ha Khatello e Bakoang ke Ketsahalo e Ferekanyang Kelello
Haeba u hlokofatsoa ke boemo ba ho ferekana kelellong bo bang teng ka mor’a ho hlaheloa ke ntho e bohloko (PTSD), u ka ’na ua ipotsa hore na u tla ke u khaotse ho hopola ketsahalo eo e bohloko. Leha ho le joalo, ka sebele karabo ke: E, ho tla ba joalo! Ho Esaia 65:17, Jehova Molimo o re: “Ke bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha; ’me lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.” Le hoja bohloko bo bakiloeng ke ketsahalo e ferekanyang kelello bo ka ’na ba bonahala eka bo ke ke ba fela, lengolo lena le re tiisetsa hore ka letsatsi le leng matla a bona a ho re tšoenya a tla be a felile ka ho feletseng.
Kajeno, nako e fetang selemo ka mor’a hore Jane a batle a betoa, o sebeletsa e le Paki ea Jehova ea pula-maliboho (moevangeli oa kamehla). O sa tsoa re haufi tjena: “Ke ile ka ikutloa e le ’na hape ka mor’a hore nyeoe e fele ’me mohlaseli oa ka a ahloloe—likhoeli tse fetang robeli ka mor’a hore ke hlaseloe. Ka nako ena selemong se fetileng, ke ne ke sa nahane hore ke tla ke ke thabe le ho ba le khotso joaloka hona joale. Ke leboha Jehova ka tšepo e babatsehang ea bophelo bo sa feleng le monyetla oa ho arolela ba bang tšepo eo.”—Pesaleme ea 27:14.
Haeba u loantšana le ho nyahama le maikutlo a shoohlo a bakoang ke PTSD, le uena u ka matlafatsoa ke tšepo eo.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ho ba teng libokeng tsa Bokreste ho ka u thusa hore u sebetsane ka katleho le boemo
[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
Ho bala Lentsoe la Molimo le ho rapela ho ka u matlafatsa
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Haufinyane, boemo bo ferekanyang kelello e tla ba ntho ea nako e fetileng