Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 9/8 maq. 20-23
  • Khatello e Bakiloeng ke Ketsahalo e Ferekanyang Kelello—Ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khatello e Bakiloeng ke Ketsahalo e Ferekanyang Kelello—Ke Eng?
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho ka Etsoa Eng?
  • Khatello ea Kelello e Molemo Le e Mpe
    Tsoha!—1998
  • Khatello e Bakoang ke Ketsahalo e Ferekanyang Kelello e Tla Fela!
    Tsoha!—2001
  • Ha Tšabo e Hlasela
    Tsoha!—2001
  • Kamoo U ka Thusang ba Nang le Maloetse a ho Tšoenyeha
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 9/8 maq. 20-23

Khatello e Bakiloeng ke Ketsahalo e Ferekanyang Kelello—Ke Eng?

LILEMONG tse fetileng, khatello e bakiloeng ke ketsahalo e ferekanyang kelello e bang teng ka mor’a ho hlaheloa ke ntho e bohloko (PTSD) hangata e ne e bitsoa ho hatelleha ho hoholo kelellong kapa ho tepella ho hoholo ’me ho ne ho hlahella haholo-holo masoleng a ntoa. Kajeno ho na le phetoho e khōlō. Hase masole feela a tšoaroang ke PTSD. Motho ea pholohileng ketsahalong e itseng e ferekanyang kelello o ba le eona.

Ketsahalo eo e ka ba ntho leha e le efe ho qala ka ntoa ho ea tekong ea peto kapa kotsi ea koloi. Tokomane ea boitsebiso ea Setsi sa Sechaba sa PTSD United States, e beha taba tjena: “Hore motho a fumanoe a tšoeroe ke PTSD, o tlameha a be a fetile ketsahalong e ferekanyang kelello.” ’Me ketsahalo ena e “lokela ho amana le mofuta o itseng oa kotsi kapa tlhekefetso ea sebele kapa e batlileng e etsahala ’MELENG.”

Jane ea boletsoeng sehloohong se etellang sena pele, o re: “Ke ithutile hore ketsahalo e tšosang e hlahang ka tšohanyetso e etsa hore li-hormone tse ling li phahame, ’me li-hormone tsena li etsa hore kelello ea motho e lule e lisitse kotsi ho feta tekanyo. Ka tloaelo, li-hormone li khutlela setloaeling ka mor’a hore kotsi e fete, empa tabeng ea mokuli oa PTSD, li lula li phahame.” Ketsahalo e bile nakong e fetileng, empa tšabo eo e e bakileng e bonahala e leka ho ba teng ka ho sa feleng kelellong ea Jane, feela joaloka mohiri ea iphapanyetsang molaetsa oa hore a tsoe ntlong eo a e hirileng.

Haeba u pholohile ketsahalong e ferekanyang kelello ’me u na le matšoao a tšoanang, ke habohlokoa hore u tsebe hore hase uena feela. Bukeng eo mongoli Linda E. Ledray a e ngotseng mabapi le peto, o hlalosa hore PTSD “ke boitšoaro bo tloaelehileng bo bang teng bathong ba phelang hantle ba ileng ba hlaheloa ke ntho eo ba neng ba ke ke ba e laola.”

Leha ho le joalo, hore PTSD e tloaelehile ha ho bolele hore e hlahela motho e mong le e mong ea pholohileng ketsahalo e ferekanyang kelello. Ledray oa hlokomela: “Phuputso ea 1992 e ile ea fumana hore beke ka mor’a peto, karolo ea 94 lekholong ea baphonyohi e ne e e-na le matšoao a PTSD ’me ka mor’a libeke tse leshome le metso e ’meli, karolo ea 47 lekholong ea bona e ile ea tsoela pele e e-na le ’ona. Karolo ea 50 lekholong ea basali ba bileng teng Setsing sa Tšebeletso ea Tlhekefetso Litabeng Tsa Thobalano, Minneapolis ka 1993 e ne e ntse e e-na le matšoao a PTSD selemo ka mor’a peto.”

Lipalo-palo tseo li senola hore PTSD e tloaelehile haholo ho feta kamoo batho ba bangata ba elelloang kateng. ’Me e tšoara batho ba mefuta eohle, ho ea ka liketsahalo tse ngata tse fapaneng tse etsahetseng. Lingoli Alexander C. McFarlane le Lars Weisaeth ba re: “Liphuputso tsa morao tjena li bontšitse hore liketsahalo tse ferekanyang kelello li hlahela baahi hangata nakong ea khotso, haesitana le masole le bahlaseluoa ba ntoa, ’me baphonyohi ba bangata ba liketsahalo tseo tse etsahalang khafetsa ba ba le PTSD.” Esita le mehato e itseng ea phekolo kapa ho ba le lefu la pelo ho ’nile ha baka PTSD bathong ba bang.

Lingoli tsena tse qotsitsoeng ka holimo li re: “Ho bonahala PTSD e le lefu le tloaelehileng haholo.” Ba tsoela pele ho re: “Tlhahlobo e ileng ea etsoa feela tjee bacheng ba Maamerika ba 1 245 e ile ea bontša hore 23% e ile ea hlekefetsoa ’meleng kapa tabeng ea thobalano, haesitana le ho ba lipaki tse boneng ha ba bang ba hlekefetsoa. A le mong ho ba bang le ba bang ba bahlano ba bacha bao o bile le PTSD. Sena se bolela hore bacha ba ka bang limilione tse 1,07 ba United States hona joale ba na le PTSD.”

Haeba lipalo-palo tseo li nepahetse, hoo ho bolela hore ho na le bacha ba bangata ba nang le bothata boo naheng e le ’ngoe feela! Batho ba joalo ba ka etsetsoa eng, hammoho le ba bang ba limilione tse ngata lefatšeng ka bophara ba nang le bothata bo tšoanang?

Ho ka Etsoa Eng?

Haeba u lumela hore uena kapa motho eo u mo tsebang e ka ’na eaba le tšoeroe ke PTSD, ho na le litlhahiso tse latelang.

Loanela ho ba le kemiso e ntle ea moea. Jane oa hlalosa: “Kamehla ke ne ke e-ea libokeng Holong ea rōna ea ’Muso. Esita le nakong eo ke neng ke sitoa ho tsepamisa mohopolo ho se neng se buuoa, ke ne ke tseba hore Jehova Molimo o mpatla ke le moo. Litho tsa phutheho li ne li le lerato ka tsela e makatsang li bile li ’matlafatsa, ’me lerato le thahasello tseo ke ileng ka li bontšoa li ile tsa bolela ho hoholo ho ’na nakong eo eohle ea mahlomola.” Jane oa phaella: “Ho bala lipesaleme le hona ho ile ha nthusa. E ne eka lithapelo tsa ba utloileng bohloko li hlalosa maikutlo a ka. Ha ke ne ke sitoa ho bua seo ke batlang ho se bua thapelong, ke ne ke re feela ‘Amen.’”

U se ke ua qoba ho khothatsa mohlaseluoa. Haeba u na le moratuoa oa hao ea loantšanang le mehopolo ea ketsahalo e tšabehang e ileng ea mo ferekanya maikutlo, utloisisa hore ha a feteletse lintho kapa hona ho iketsisa. Ka lebaka la ho ba shoohlo maikutlong, ho tšoenyeha kapa ho halefa, a ka ’na a se ke a arabela ka tsela eo u ka ratang ka eona boitekong ba hao ba ho mo tšehetsa. Empa u se ke ua tela! Joalokaha Bibele e bolela, “motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.”—Liproverbia 17:17.

Mohlaseluoa o tlameha ho amohela le ho qoba ho sebelisa mekhoa e seng bohlale e ka bakang kotsi e eketsehileng ha a ntse a sebetsana le boemo. Sena se akarelletsa ho sebelisa lithethefatsi tse seng molaong le ho noa joala ho tlōla. Le hoja joala le lithethefatsi li ka ’na tsa bonahala eka li imolla motho ka nakoana, li mpefatsa boemo ka potlako. Hangata li tlatsetsa tabeng ea ho itšehla thajana, ho qhela batho ba batlang ho thusa, ho ba lekhoba la mosebetsi, ho hlōleha ho laola bohale, ho se je hantle kapa ho ja ka tsela e feteletseng, kapa ho ba le litloaelo tse ling tse ka u ntšang kotsi.

Ikopanye le litsebi tse tšoanelehang tsa bongaka. Ho ka ’na ha fumaneha hore mohlaseluoa ha a na bothata ba PTSD, empa haeba a e-na le bona, phekolo e sebetsang ea fumaneha.a Haeba u fumana thuso ea litsebi, bolella motho eo ’nete ’me u kōpe thuso ea ho hlōla mekhoa leha e le efe e boletsoeng ka holimo.

Hopola: Maqeba a ’mele hangata ke ’ona a folang pele, empa batho ba nang le PTSD ba ka lemala ka litsela tse ngata ’meleng, maikutlong le moeeng. Sehlooho se latelang se tla tšohla litsela tse eketsehileng tseo mokuli le ba mo potolohileng ba ka li nkang ho kenya letsoho mehatong ea ho fola ’me se be se tšohle le tšepo eo bohle ba hlokofatsoang ke letšoho le bakiloeng ke ketsahalo e ferekanyang kelello.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lipaki tsa Jehova ha li buelle kapa ho khothalletsa ka molao mokhoa leha e le ofe oa phekolo, ebang ke oa bongaka kapa oa mafu a kelello.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]

Matšoao a Khatello e Bakiloeng ke Ketsahalo e Ferekanyang Kelello

Batho ba bangata ba phonyohileng boemong bo ferekanyang kelello ba iphumana ba e-ba le ketsahalo eo khafetsa kelellong. Hangata baphonyohi ba sitoa ho laola maikutlo ana kapa hona ho a thibela ho ba teng. Liphello li ka akarelletsa:

• Ho hopola ketsahalo eo e fetileng—ho ba le maikutlo ao e kang ketsahalo eo e ferekanyang kelello e boetse ea etsahala

• Litoro tse tšosang le ho phofa

• Mokhoa oa ho tšosoa ke lerata le leholo kapa ke motho ea ba hlahang ka morao ka tšohanyetso

• Boikutlo ba ho se tsitse le ho fufuleloa

• Ho otla ha pelo ka potlako kapa ho hema ka thata

• Ho utloisoa bohloko ke ho bona ntho e itseng, ho e utloa, ho e thetsa, ho e fofonela kapa ho e latsoa ’me e le e khutlisetsang mohopolo ketsahalong e ileng ea ferekanya kelello

• Ho tšoenyeha kapa tšabo—boikutlo bo kang motho o kotsing hape

• Ho thatafalloa ke ho laola maikutlo hobane lintho tse u hopotsang ketsahalo eo li etsa hore hang-hang u tšoenyehe, u halefe kapa u khopehe

• Ho thatafalloa ke ho tsepamisa mohopolo kapa ho nahana ka ho hlakileng

• Ho thatafalloa ke ho khaleha kapa ho hlobaela

• Ho tsukutleha le ho ba seli ka linako tsohle hore kotsi e se etsahale hape

• Ho shoa maikutlong kapa ho se tsotelle

• Ho thatafalloa ke ho rata ba bang kapa ho ba le maikutlo leha e le afe a matla

• Boikutlo ba hore tikoloho ea makatsa kapa hase ea sebele

• Ho lahleheloa ke thahasello linthong tseo pele motho a neng a li thabela

• Bothata ba ho hopola lintlha tsa bohlokoa tse etsahetseng ketsahalong e ferekanyang kelello

• Boikutlo bo kang motho o tlositsoe lefatšeng le mo potolohileng le linthong tse mo etsahallang

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Liketsahalo tse sa tšoaneng tse ferekanyang kelello li ka baka PTSD

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela