Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 9/8 leq. 19
  • Ha Tšabo e Hlasela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Tšabo e Hlasela
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na eo e Bile Qetello e Thabisang?
  • Khatello e Bakiloeng ke Ketsahalo e Ferekanyang Kelello—Ke Eng?
    Tsoha!—2001
  • Ho Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Bo-nkhono le Bo-ntate-moholo ba “Bacha”
    Tsoha!—1999
  • Seo U ka se Etsang ha Molekane a U Soetsa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 9/8 leq. 19

Ha Tšabo e Hlasela

“Ke tšoere thipa! Thōla, ho seng joalo ke tla u bolaea!”

E NE e le lehlabula ’me ho le monate thapameng eo, ’me Janea ea lilemo li 17, eo e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ne a ntse a tsamaea ka li-roller skate serapeng sa boikhathollo sa sechaba Virginia, U.S.A. Ka tšohanyetso, serapa seo se ile sa bonahala se se na motho, eaba o etsa qeto ea ho tsamaea. Ha a lutse haufi le vene eabo e nyenyane a ntse a rola li-roller skate, motho eo a sa mo tsebeng o ile a tla ho eena. Ka mantsoe a tšosang a ngotsoeng ka holimo, o ile a batla ho beta Jane, a mo tšoara ’me a leka ho mo sutumelletsa ka veneng. O ile a hoeletsa ka lentsoe lohle la hae, empa seo ha sea ka sa emisa tlhaselo.

Hamorao Jane oa hopola: “Ke ile ka ikutloa ke se na mokhoa oa ho itšireletsa. E ne eka ke kokoanyana e loantša seqhenqha. Empa ke ile ka tsoela pele ho hoeletsa le ho itoanela. Qetellong ke ile ka bitsa Molimo, ka re ‘Jehova, ke kōpa u se ke ua lumella hore ke hlaheloe ke sena!’” Ho bonahala seo se ile sa tšosa mohlaseli, eo ka potlako a ileng a mo tlohela ’me a baleha.

Ha motho eo ea batlileng a mo beta a kena koloing ea hae, Jane o ile a inotlella ka veneng eabo, a thothomela. O ile a nka cell phone, ’me a iqobella hore a tsitse. O ile a founela mapolesa ’me a fana ka tlhaloso e nepahetseng ea koloi ea motho eo le linomoro tsa eona, e leng tse ileng tsa etsa hore a tšoaroe ka mor’a metsotso e seng mekae.

Na eo e Bile Qetello e Thabisang?

E, empa e seng hang-hang. Phihlelo e bohloko ea Jane e ne e le hona e qalang. Le hoja mapolesa le likoranta ba ile ba mo rorisa bakeng sa ho nahana ka potlako le ho nka khato tlhaselong eo ka kelello e hlaphohetsoeng, ka mor’a hore letsoalo la pele le kokobele, Jane o ile a ikutloa a sa hlaphoheloa ho hang. Oa pheta: “Ka mor’a libeke tse ’maloa, ke ile ka qala ho nyahama. ’Mele oa ka o ne o lula o nyaroha, e leng se neng se ntlhobaetsa ha ke robala. Ka mor’a libeke tse ’maloa sena se etsahetse, ke ne ke sitoa ho ithuta kapa ho tsepamisa mohopolo. Ke ne ke boetse ke lula ke tletse tšabo. Sekolong, morutoana-’moho le ’na ea batlileng a tšoana le motho ea neng a ile a ntlhasela o ile a mphaphatha lehetleng ’me a mpotsa hore na ke nako mang, ’me ke ile ka batla ke akheha.”

O re: “Ke ne ke hlomola pelo. Ke ile ka sitoa ho kopana le metsoalle ea ka ’me bolutu bo ile ba mpakeletsa ho tepella maikutlong. Ke ile ka ipeha molato oa hore ke itumelletse ho hlaseloa, ’me ka llela botho bo thabileng, bo ka tšeptjoang boo ke neng ke e-na le bona pele sena se etsahala. Ke ne ke utloa eka botho boo bo shoele.”

Jane o ne a e-na le matšoao a tloaelehileng a boemo ba ho ferekana kelellong ho bang teng ka mor’a ho hlaheloa ke ntho e bohloko (PTSD). PTSD ke eng, ’me ho ka etsoa eng ho thusa ba hlokofatsoang ke matšoao a eona a mabe? Sehlooho se latelang se tla arabela lipotso tsena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lebitso le fetotsoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela