Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp19 no. 2 maq. 8-9
  • Ha Molekane a sa Tšepahale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Molekane a sa Tšepahale
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LITEMANA TSE KA U THUSANG
  • Ho Loantša Litšitiso ka ho Ipehela Lipakane
    Tsoha!—2001
  • U ka Fumana Matšeliso ha U le Mathateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Na Poelano e ka Khoneha?
    Tsoha!—1999
  • Ke Khethile Mosebetsi o Nepahetseng
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
wp19 no. 2 maq. 8-9
’Mè ea rapelang

Ha Molekane a sa Tšepahale

’Mè Maria oa Spain o re:

“E ne eka nka re lefatše ngamoha ke kene ha monna oa ka a mpolella hore o batla ho nyala motho e mong ea bileng a leng monyane le ho ’na. Ha ke hopola lintho tseo ke li tetseng ka lebaka la hae, ke ne ke utloa a ntlhokela toka.”

Ntate Bill oa Spain o re:

“Ke ne ke utloa ke le shohlo ka hare ha mosali oa ka a arohana le ’na. Merero eohle ea rona e ile ea nyopa. Ho na le linako tseo ke neng ke nahana hore ke hantle, athe ke ne ke ithetsa.”

KE NTHO e nyahamisang haholo ha molekane a sa tšepahale. Ke ’nete batho ba bang ba khona ho tšoarela balekane ba bona ebe ba tsoela pele ka bophelo,a empa molekane ea qhekeletsoeng eena o utloa bohloko bo boholo ho sa tsotellehe hore na litaba lia loka kapa che. Ebe thuso ea bona e tla tsoa hokae?

LITEMANA TSE KA U THUSANG

Batho ba bangata ba thusitsoe ke Bibele ha ba ne ba utloile bohloko. Ba hlokometse hore Molimo o utloisisa boemo ba bona hantle ebile bo mo utloisa bohloko.​—Malakia 2:​13-16.

“Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na, matšeliso a hao a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.”​—Pesaleme ea 94:19.

Ntate Bill o re: “Ha ke bala temana ena ke ne ke utloa eka Jehova o nthoba pelo joaloka motsoali.”

“Ho ea tšepahalang u tla etsa ka botšepehi.”​—Pesaleme ea 18:25.

Mohatsa oa ’mè Carmen o qetile likhoeli tse ngata a sa tšepahale. ’Mè enoa o re: “Ho tseba hore Jehova oa tšepahala ebile a ke ke a mphoqa ho ne ho ntšelisa haholo.”

“Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli . . . likopo tsa lona tse matla li ke li tsebisoe Molimo ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lona.”​—Bafilipi 4:​6, 7.

’Mè Sasha o re: “Ke ne ke bala temana ena ka makhetlo-khetlo ke bile ke rapela ’me Molimo o ile a nthusa hore ke be le khotso.”

Qalong batho bohle bao ho builoeng ka bona mona ba ne ba utloa eka ba ka akhela thaole. Empa ba ile ba tšepa Jehova Molimo eaba ba imatlafatsa ka ho bala Lentsoe la hae. Ntate Bill o tiisa taba ena ka ho re: “Tumelo ea ka e ile ea ntiisa mooko le hoja ho ne ho le lerootho. Le hoja ke ne ke tsamaea ‘phuleng ea moriti o lefifi,’ Molimo o ne a e-na le ’na.”​—Pesaleme ea 23:4.

a U ka bala haholoanyane ka taba ena ho Tsoha! ea May 8, 1999 e nang le sehlooho se reng “Ha Molekane e Mong a sa Tšepahale.”

Batho ba Bang ba Thusitsoe ke Eng?

Litemana tsa Bibele.

Ntate Bill o re: “Ke ne ke bala Lengolo la Jobo le Lipesaleme ke bile ke tšoaea litemana tsohle tse hlalosang tsela eo ke ikutloang ka eona. Ke ile ka hlokomela hore batho bao ke neng ke bala ka bona mangolong ao, ba kile ba ikutloa joaloka ’na.”

Lipina kapa lintho tse ling.

’Mè Carmen o re o ne a letsa lipina ha a hlobaetse hobane li ne li mo tšelisa haholo. Batho ba bang bona ba re ba ne ba thojoa maikutlo ke lintho tse kang ho ithuta ho letsa katara, ho toroea, ho penta, ho nka lifoto kapa ho etsa mesebetsi ea matsoho.

Ho se pate maikutlo.

Ntate Daniel o re eena o ne a sa tloaela ho bolella batho hore na o ikutloa joang empa o ile a thusoa ke ho phetela metsoalle ea hae tsela eo a ikutloang ka eona, ebang oa ba ngolla kapa ba bua ba shebane mahlong. ’Mè Sasha le eena o re: “Lelapa leso le ile la nthusa haholo. Haesale ’Mè a ntšehelitse, o ne a ’mamela ha ke mo bolella maikutlo a ka. Ntate le eena haesale a nthata hape a ntlhokometse, a bile a ’mamelletse ha pelo e ntse e kokobela.”

Ho rapela ka thata.

’Mè Carmen o re: “Ke ne ke lula ke rapela, ke bona hantle hore Molimo oa ’mamela ebile o ntšehelitse mathateng ana a ka. Taba ena e ile ea etsa hore ke mo rate le ho feta.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela