Ho Loantša Litšitiso ka ho Ipehela Lipakane
FOLETE e ’ngoe e pel’a Boema-fofane ba LaGuardia, New York, ke lehae la William (Bill) Meiners le mosali oa hae, Rose. Teng, Rose ea lilemong tse mahareng tsa bo-70, ea tsebang ho hlokomela batho, o amohela moeti oa hae ka thabo. Ka har’a folete, ntle ho tikatiko motho o bona kamore ea ho phomola e khathollang mahlo e bontšang boikutlo ba hae bo thabileng. Tsela e hohelang eo lipalesa li hlophisitsoeng ka eona pel’a monyako le litšoantšo tse mebala-bala tse leboteng li fetisa boikutlo ba nyakallo le ho thabela bophelo.
Haufi le kamore ea ho phomola ke kamore e khanyang eo Bill ea lilemo li 77 a robetseng ho eona, mokokotlo oa hae o tšehelitsoe ka materase a khonang ho kojoa kamoo ho hlokahalang kateng. Ha a bona moeti oa hae, mahlo a hae a mosa aa khanya ’me sefahleho sa hae se tlala pososelo. O ne a ka rata ho ema, a lumelise motho enoa ka letsoho le ho mo kopa ka matsoho, empa oa sitoa. Ntle le letsoho la hae le letšehali, Bill o shoele litho ho tloha molaleng ho ea maotong.
Kaha Bill o ’nile a tobana le mathata le bokuli ho tloha ha a le lilemo li 26, oa botsoa hore na o thusitsoe ke eng hore a sebetsane ka katleho le bokuli ka lilemo tse fetang 50. Bill le Rose ba shebana ka ho qaboha. Rose o re: “Ha re tsebe ho e-na le motho ea kulang!” ha a bua joalo letšeho la hae le tsoang pelong le tlala kamore. Mahlo a Bill a phatsima thabo; oa tšeha ’me o lumela ka ho ōma ka hlooho. A bua e ntse eka oa feheloa, ka lentsoe le tebileng, o re: “Ha ho na motho ea kulang mona.” Rose le Bill ba fapanyetsana mesoaso e itseng ’me ho e-s’o ee kae, kamore eo ke ha e tletse ka litšeho. Ho hlakile hore lerato leo Bill le Rose ba ileng ba ratana ka lona ha ba ne ba kopana khale koana ka September 1945, le sa phela. Bill o botsoa hape: “Empa ha re se re kena tabeng, ke litšitiso life tseo u ileng ua thulana le tsona? ’Me u thusitsoe ke’ng hore u sebetsane ka katleho le tsona le ho lula u thabela bophelo?” Ka mor’a ho qophelloa ho itseng ka bonolo, Bill o lumela ho bolela pale ea hae. Se latelang ke likarolo tse qotsitsoeng meqoqong e ’maloa eo Tsoha! e bileng le eona le Bill le mosali oa hae.
Ho Qaleha ha Litšitiso
Ka October 1949—lilemo tse tharo ka mor’a hore Bill a nyale Rose ’me ho fetile likhoeli tse tharo morali oa bona Vicki, a hlahile—o ile a bolelloa hore o na le nama e hōlang ea kankere kolung, ’me hlahala eo e ile ea tlosoa. Likhoeli tse ’maloa hamorao, ngaka ea Bill e ile ea mo lemosa ka tšitiso e ’ngoe hape—kankere eo e ne e amme qoqotho eohle. “Ke ile ka bolelloa hore haeba ke sa tlosoe qoqotho eohle, ke tla be ke saletsoe ke lilemo tse peli feela ke phela.”
Bill le Rose ba ile ba bolelloa hore na liphello tsa ho buuoa hoo e ne e tla ba life. Qoqotho, kapa moo lentsoe le hlahang teng, e kenella motsong oa leleme ho ea fihla molomong oa ’metso. Ka har’a qoqotho ho na le kolu. Ha moea o tsoang matšoafong o feta kolung, ea thothomela ’me e hlahise molumo oa mantsoe. Ha qoqotho e tlosoa, bokaholimo ba ’metso bo kopanngoa le lesoba le entsoeng ka pele molaleng. Ka mor’a ho buuoa, mokuli o hema ka lesoba lena—empa o lahlehetsoe ke lentsoe.
Bill o re: “Ke ile ka utloa ke halefile ha ke utloa tlhaloso ena. Re ne re e-na le moralinyana, ke e-na le mosebetsi o motle, re bile re e-na le litebello tse phahameng ka bophelo ba rōna, ’me joale ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re neng re e tšepile e ne e e-ea le metsi.” Empa kaha ho ntša qoqotho ho ne ho ka pholosa bophelo ba hae, Bill o ile a lumela ho buuoa. Bill oa bolela: “Ka mor’a hore ke buuoe, ke ne ke sitoa ho koenya. Ke ne ke sitoa ho bua lentsoe leha le le leng. Ke ne ke le semumu.” Ha Rose a etela Bill, o ne a ka bua le eena feela ka ho ngola mantsoe pampiring. Eo e ne e le nako e bohloko. E le hore ba loantše tšitiso ena, ba ile ba tlameha ho ipehela lipakane tse ncha.
Ho ba Semumu le ho Hloka Mosebetsi
Ho tlosoa ha qoqotho ha hoa ka ha siea Bill e le semumu feela, empa hape o ile a felloa ke mosebetsi. O ne a sebetsa moo ho sebetsanoang le mechine, empa kaha joale o ne a se a ka hema feela ka lesoba le molaleng oa hae, lerōle le mosi li ne li ka beha matšoafo a hae kotsing. O ile a tlameha ho batla mosebetsi o mong. A ntse a sitoa ho bua, o ile a ngolisa sekolong hore a ithute ho etsa lioache. Bill o re: “O ne o nkhopotsa mosebetsi oa ka oa pele. Ke ne ke tseba ho kopanya likarolo tsa mechine, ’me ha u etsa oache u boetse u kopanya likarolo hammoho. E mpa e le hore likarolo tseo li ne li se boima ba lik’hilograma tse 23!” Hang ka mor’a hore a qete sekolong sa ho etsa lioache, o ile a fumana mosebetsi oa ho etsa lioache. O ne a finyeletse pakane e le ’ngoe.
Ho sa le joalo, Bill o ne a boetse a kena sekolo se rutang ho bua ka ’metso. Ha motho a bua ka ’metso, molumo ha o hlahisoe ke kolu, empa o hlahisoa ke ho thothomela ha ’metso, e leng phaephe e nkang lijo ho li isa ka mpeng. Qalong, motho o ithuta ho koenya moea ’me a o qobelle hore o theohe ka ’metso. Ka mor’a moo, motho o bohla ka tsela e laolehileng. Ha moea o tsoa, o etsa hore mabota a ’metso a thothomele. Sena se etsa hore ho be le molumo o tebileng, o ka laoloang ka molomo le lipounama hore o ntše puo.
Ka pososelo Bill o re: “Pele ke ne ke bohla feela ha ke jele haholo, empa joale ke ne ke lokela ho ithuta ho bohla nako le nako. Ha ke qala, ke ne ke khona ho ntša lentsoe le le leng ka nako, ka tsela e tjena: ‘[Ke ne ke hula moea, ke o koenye, ke bohle] U [ke hule moea, ke o koenye, ke bohle] phela [ke hule moea, ke o koenye, ke bohle] joang?’ Ho ne ho se bonolo. Joale tichere ea ka e ile ea mpolella hore ke noe ginger ale haholo hobane moea o senong seo o tla nthusa hore ke bohle. Ka hona, neng le neng ha Rose le Vicki ba ne ba tsamaea ba il’o ikotlolla maoto, ke ne ke e-noa ebe kea bohla, ke noe, ke bohle. Ke ile ka ho sebeletsa ka thata!”
Le hoja karolo ea 60 lekholong ea bakuli bohle ba ntšitsoeng liqoqotho e hlōleha ho tseba ho bua ka ’metso hantle, Bill o ile a hatela pele. Ka nako eo, Vicki ea neng a ka ba lilemo li peli o ile a mo susumetsa a sa hlokomele. Bill oa hlalosa: “Vicki o ne a ee a mpuise ebe oa ncheba, a emetse hore ke mo arabele. Empa ke ne ke sitoa ho ntša lentsoe leha le le leng. O ne a ee a bue hape, ebe ha ho be le karabo. A khathatsehile, Vicki o ne a ee a shebe mosali oa ka ebe o re: ‘E-re Ntate a mpuise!’ Mantsoe a hae a ile a ntlhaba pelo ’me a etsa hore ke ikemisetse ho bua hape.” Se thabisitseng Vicki, Rose le ba bang ke hore Bill o ile a atleha. O ne a finyeletse pakane e ’ngoe hape.
Ho Oeloa ke Koluoa e ’Ngoe Hape
Qetellong ea 1951, Bill le Rose ba ile ba tobana le qaka e ncha. Moo lingaka li tšohileng hore kankere e ka ’na ea khutla, li ile tsa khothalletsa Bill hore a tsamaee phekolo ea mahlaseli (radiation). Bill o ile a lumela. Ha phekolo e felile, o ne a chachehela ho tsoela pele le bophelo. O ne a sa elelloe hore koluoa e ’ngoe ea bokuli e ne e le tseleng!
Ho ile ha feta selemo se le seng. Joale, ka letsatsi le leng menoana ea Bill e ile ea e-ba shoohlo. Ka mor’a moo, o ile a se ke a hlola a tseba ho hloa litepisi. Ka potlako ka mor’a moo, o ile a oela fatše ha a ne a ntse a tsamaea ’me a sitoa ho ikemisa. Litlhahlobo li ile tsa senola hore phekolo ea mahlaseli eo Bill a neng a e fumane (eo ka nako eo e neng e se e nepahetseng joaloka ea kajeno) e ne e sentse mothapo oa hae oa lesapo la mokokotlo. O ile a bolelloa hore boemo ba hae bo tla mpefala. Ngaka e ’ngoe e bile ea mo bolella hore menyetla ea hore a pholohe “ha e eo.” Bill le Rose ba ile ba utloa bohloko bo tšabehang.
Leha ho le joalo, moo a lekang ho loantša tšitiso ena, Bill o ile a kena sepetlele likhoeli tse tšeletseng bakeng sa phekolo e akarelletsang lintho tse kang ho thojoa, ho otlolloa mesifa le ho sililoa. Le hoja phekolo eo e sa ka ea fetola boemo ba hae ba ’mele, ho lula ha hae sepetlele ho ile ha fetola tsela ea hae ea bophelo—e leng phetoho eo qetellong e ileng ea etsa hore a tsebe Jehova. See se etsahetse joang?
Ho Matlafatsoa ke ho Utloisisa Sesosa sa Litšitiso
Ka likhoeli tseo tse tšeletseng, Bill o ile a arolelana kamore sepetleleng sa Majuda le banna ba bang ba shoeleng litho ba 19—bao kaofela ha bona e neng e le Bajuda ba Maorthodox. Motšehare o mong le o mong oa mantsiboea, banna bana ba ne ba tšohla Bibele. Bill, ea neng a kena kereke ea Baptiste, o ne a mamela feela. Empa nakong eo a neng a tloha sepetlele ka eona, o ne a utloile ho lekaneng hore a etse qeto ea hore Molimo ea Matla ’Ohle o mong feela le hore thuto ea Boraro-bo-bong e hanana le Bibele. Ka lebaka leo, Bill ha aa ka a hlola a khutlela kerekeng ea hae. Leha ho le joalo, o ile a utloa a hloka tataiso ea moea hore a tsebe ho sebetsana ka katleho le litšitiso tsa hae bophelong. Bill o re: “Ke ile ka lula ke kōpa Molimo hore a nthuse, ’me lithapelo tsa ka li ile tsa arabeloa.”
Ka Moqebelo o mong ka 1953, Roy Douglas, monna e mong ea hōlileng eo e neng e kile ea e-ba moahelani oa Bill ’me a utloile ka mahlomola a hae, o ile a mo etela. Roy, eo e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ile a kōpa Bill hore a ithute Bibele le eena, ’me Bill o ile a lumela. Seo Bill a ileng a se bala Bibeleng le bukeng ea “’Nete e be ea Molimo”a se ile sa mo bula mahlo. O ile a arolelana seo a ithutileng sona le Rose, ’me o ile a kopanela thutong. Rose oa hopola: “Kerekeng re ne re boleletsoe hore bokuli ke kotlo e tsoang ho Molimo, empa thuto ea rōna ea Bibele e ile ea bontša hore sena hase ’nete. Re ile ra imoloha haholo.” Bill oa phaella: “Ho ithuta ka Bibeleng ka sesosa sa mathata ’ohle, ho kopanyelletsa le bokuli ba ka, le ho tseba hore bokamoso bo molemo bo tla tla, ho ile ha re thusa hore re amohele boemo ba ka.” Ka 1954, Bill le Rose ba ile ba finyella pakane e ’ngoe hape. Ka bobeli ba ile ba kolobetsoa e le Lipaki tsa Jehova.
Ho Etsa Liphetoho tse Eketsehileng
Ho sa le joalo, ho shoa litho ha Bill ho ne ho ile ha tota hoo a neng a se a sitoa ho tsoela pele mosebetsing. E le hore ba ’ne ba iphelise, Bill le Rose ba ile ba fapanyetsana mesebetsi: Bill o ile a sala hae le Vicki, ’me Rose a qala ho sebetsa k’hamphaning e etsang lioache—e leng mosebetsi oo a ’nileng a o etsa ka lilemo tse 35!
Bill oa bolela: “Ho hlokomela morali oa rōna ho ile ha nthabisa haholoanyane. Vicki e monyenyane le eena o ile a ho thabela. A le motlotlo, o ne a tloaetse ho bolella e mong le e mong eo a kopanang le eena: ‘Ke hlokomela Ntate!’ Hamorao ha a se a kena sekolo, ke ile ka mo thusa ka mosebetsi oa hae oa sekolo o etsetsoang hae, ’me hangata re ne re bapala lipapali tse itseng. Ho feta moo, ke ile ka ba le monyetla o motle oa ho mo ruta Bibele.”
Ho kopanela libokeng tsa Bokreste Holong ea ’Muso e ne e le mohloli o mong oa thabo ho Bill le lelapa la hae. Ho ne ho mo nka hora hore a qhiletse ho tloha hae ho ea fihla Holong ea ’Muso, empa ha aa ka a fosa liboka. Hamorao, ka mor’a hore ba fallele motseng o mong, Bill le Rose ba ile ba reka koloi e nyenyane ’me Rose o ne a khannela lelapa ha le e-ea holong. Le hoja Bill a ne a ka bua nako e khutšoanyane feela, o ile a ngolisa hore e be seithuti Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Bill oa hlalosa: “Ke ne ke ngola puo ea ka ’me mora e mong oeso o ne a fana ka eona. Ka mor’a puo, molebeli oa sekolo o ne a nkeletsa mabapi le seo e neng e se fupere.”
Batho ba fapaneng ka phuthehong le bona ba ile ba thusa Bill hore a nke karolo kamehla mosebetsing oa ho bolela. ’Me ho sa kang ha makatsa ba shebeletseng boinehelo ba hae ke hore hamorao Bill o ile a khethoa joaloka mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong. Joale, qetellong ha maoto a hae a sitoa ho sebetsa ’me a shoa litho ka ho eketsehileng, o ile a tlameha ho lula foleteng ea hae ’me qetellong a phela liphateng. Na o ne a tla loantša tšitiso ee?
Ho Itlosa Bolutu ka Tsela e Khotsofatsang
Bill o re: “Kaha ke ne ke e-ba lapeng letsatsi lohle, ke ile ka batla seo nka itlosang bolutu ka sona. Ke ne ke rata ho nka lifoto pele ke shoa litho. Kahoo, ke ile ka nahana hore nke ke leke ho penta litšoantšo, le hoja ho ne ho se mohla nkileng ka penta bophelong ba ka. Hape, ke sebelisa letsoho le letona, empa kaofela ha lona le ne le shoele, hammoho le menoana e ’meli ea letsoho la ka le letšehali. Leha ho le joalo, Rose o ile a nthekela qubu ea libuka tse buang ka mekhoa ea ho penta. Ke ile ka ithuta tsona ’me ka qala ho penta ka letsoho le letšehali. Boholo ba lintho tseo ke li pentileng li ne li qetella li chesitsoe thotobolong, empa qetellong ke ile ka tseba.”
Pokello e ntle ea litšoantšo tse pentiloeng tseo hona joale li khabisitseng folete ea Bill le Rose e bontša hore Bill o atlehile ho feta kamoo a neng a lebeletse kateng. Bill oa phaella: “Lilemo tse ka bang hlano tse fetileng, letsoho la ka le letšehali le ile la qala ho thothomela haholo hoo ke ileng ka tlameha ho khaotsa ho penta ka ho feletseng, empa ka lilemo tse ngata, mosebetsi oo oa ho itlosa bolutu o ile oa mpha khotsofalo e ngata.”
Pakane e Setseng
Bill o re: “Ho se ho fetile lilemo tse ka holimo ho 50 joale ho tloha ha ke ne ke qala ho kula. Ke ntse ke khothatsoa ke ho bala Bibele, haholo-holo ha ke bala Lipesaleme le buka ea Jobo. Hape ke natefeloa ke ho bala lingoliloeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Ke boetse ke khothatsoa haholo ke ha litho tsa phutheho ea rōna le balebeli ba tsamaeang ba nketela le ho mpolella liphihlelo tse hahang. Hape, thelefono e hokelletsoeng Holong ea ’Muso e ntumella hore ke mamele liboka, ebile ke fumana le litheipi tsa video tsa mananeo a kopano.
“Ke leboha haholo hore ebe ke hlohonolofalitsoe ka mosali ea lerato. Lilemo tsena tsohle, e ’nile ea e-ba molekane oa ka ea haufi. Hape, morali oa rōna eo hona joale a sebeletsang Jehova hammoho le lelapa la hae, e ntse e le mohloli o mong oa thabo e khōlō. Ka ho khetheha, ke leboha Jehova ka ho nthusa hore ke lule ke le haufi le eena. Kajeno, ha ’mele oa ka le lentsoe la ka li ntse li fokola ho ea pele, hangata ke nahana ka mantsoe a moapostola Pauluse: ‘Ha re tele, empa le haeba motho eo re leng eena ka ntle a ntse a senyeha, ka sebele motho eo re leng eena ka hare o ntse a nchafatsoa letsatsi le letsatsi.’ (2 Bakorinthe 4:16) E, ho lula ke falimehile moeeng hafeela ke ntse ke phela—eo e sa ntse e le eona pakane ea ka.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.; ha e sa hatisoa hona joale.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]
“Ka mor’a hore ke buuoe, ke ne ke sitoa ho koenya. Ke ne ke sitoa ho bua lentsoe leha le le leng. Ke ne ke le semumu”
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Bill le Rose kajeno