Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 11/8 leq. 3
  • Aids—Seoa se Ntse se Tsoela Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Aids—Seoa se Ntse se Tsoela Pele
  • Tsoha!—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thusa ba Nang le AIDS
    Tsoha!—1994
  • “Seoa se Bolaeang ka ho Fetisisa Historing ea Batho”
    Tsoha!—2002
  • Aids—Mokhoa oa ho e Loantša
    Tsoha!—1998
  • Ha ba sa Tšaba Bofelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 11/8 leq. 3

Aids—Seoa se Ntse se Tsoela Pele

KAREN o hōletse ka bophirimela ho United States.a Joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ile a boloka litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro bocheng bohle ba hae. Ka 1984, ha a le lilemo li 23, o ile a nyalana le Bill, ea neng a e-na le lilemo tse peli feela e le Paki. Ba ile ba hlohonolofatsoa ka bana ba babeli, oa moshanyana le oa ngoanana.

Ka 1991 lerato la bona le ne le hōlile, ’me ba ne ba khotsofetse ebile ba thabile. Hamorao selemong seo, Bill o ile a hlaha lebali le lesoeu le sa foleng lelemeng. O ile a ea ngakeng.

Nakoana ka mor’a moo, Karen le bana ba ne ba le ka ntle ba ntse ba olla matlakala. Bill o ile a lula setupung sa foranta ’me a bitsa Karen a re a tl’o lula pel’a hae. O ile a mo kopa ka matsoho thekeng ’me a ’molella a sekisitse meokho hore oa mo rata ebile o batla ho phela le eena ka ho sa feleng. Joale ke hobane’ng ha a ne a sekisitse meokho? Ngaka e ne e belaetse hore Bill o tšoaelitsoe HIV, eo e leng kokoana-hloko e tšoarisang AIDS.

Lelapa le ile la hlahlojoa. Litlhahlobo tsa Bill le Karen li ile tsa tiisa hore ba tšoaelitsoe kokoana-hloko eo. Bill o ne a tšoaelitsoe pele a fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova; le eena, o ne a tšoaelitse Karen. Litlhahlobo tsa bana li ile tsa hlaha li sa bontše ho tšoaetsoa. Ka mor’a lilemo tse tharo, Bill o ile a shoa. Karen o re: “Ha ke tsebe hore na nka hlalosa joang boemo ba ho bona monna eo e kileng ea e-ba tjaka, eo u mo ratang le eo u rerang ho phela le eena ka ho sa feleng a mamarana butle-butle ho fihlela ho setse masapo feela. Ke ile ka qeta masiu a mangata ke lla. O ile a shoa re saletsoe ke likhoeli tse tharo hore re qete lilemo tse leshome re nyalane. E ne e le ntate oa lelapa ea molemo le monna ea molemo.”

Le hoja ngaka e ile ea bolella Karen hore haufinyane o tla shoa a latele monna oa hae, o sa ntse a phela. Tšoaetso ena e se e hatetse pele ho fihlela boemong bo qalang ba AIDS.

Karen ke e mong feela oa batho ba ka bang limilione tse 30 bao hona joale ba phelang ba e-na le HIV kapa AIDS, e leng palo e khōlō ho feta palo e kopaneng ea baahi ba Australia, Ireland le Paraguay. Likhakanyo li bontša hore Afrika e na le batho ba joalo ba limilione tse 21. Ho ea ka lipalo-palo tsa Machaba a Kopaneng, mathoasong a lekholo le tlang la lilemo, palo eo e ka ’na ea phahama ho fihla ho batho ba limilione tse 40. Tlaleho e ’ngoe ea Machaba a Kopaneng e bolela hore lefu lena le feta mafu a mang a seoa a maholo ka ho fetisisa historing. Har’a batho ba baholo lefatšeng ba kopanelang liphate ba lilemo li 15 ho ea ho 49, a le mong ho ba 100 o se a ntse a tšoaelitsoe HIV. Ho bona, ke a le mong feela ho ba leshome ea hlokomelang hore o tšoaelitsoe. Likarolong tse ling tsa Afrika, karolo ea 25 lekholong ea batho ba baholo e tšoaelitsoe.

Ho tloha ha seoa sena se qala ka 1981, batho ba lekanyetsoang ho limilione tse 11,7 ba bolailoe ke AIDS. Ho hakanngoa hore ka 1997 feela, ho shoele batho ba ka bang limilione tse 2,3. Leha ho le joalo, ho na le mabaka a macha a ho ba le tšepo ntoeng e khahlanong le AIDS. Lilemong tse ’maloa tse fetileng, ho bile le ho theoha ha lenane la bakuli ba bacha ba AIDS linaheng tse ruileng. Ho phaella moo, meriana e khothatsang e fana ka tšepo ea bophelo bo molemonyana le bo boleletsana.

U ka itšireletsa joang khahlanong le AIDS? Ke lintlafatso life tsa morao-rao tse entsoeng phekolong le lienteng tse thibelang mafu? Na lefu lee le tla ke le hlōloe? Lipotso tsena li tla arajoa lihloohong tse latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela