Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 11/8 maq. 4-7
  • Aids—Mokhoa oa ho e Loantša

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Aids—Mokhoa oa ho e Loantša
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Linotlolo Tsa Thibelo
  • Nako eo Litlhahlobo li Lokelang ho Etsoa ka Eona
  • Thuto e ka Thusa Joang?
  • Ho na le Liphekolo Life Tse ka Khethoang?
  • Na Liente Tse Thibelang Mafu ke Eona Pheko?
  • Tsoelo-pele Toantšong ea AIDS
    Tsoha!—2004
  • AIDS e ja Setsi Afrika
    Tsoha!—2002
  • Pheko ea AIDS—E Hlokoa ka Potlako!
    Tsoha!—2004
  • Nka Qoba ho Tšoaroa ke AIDS Joang?
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 11/8 maq. 4-7

Aids—Mokhoa oa ho e Loantša

HONA joale ha ho na phekolo bakeng sa AIDS, ’me ha ho bonahale botsebi ho tsa meriana bo tla khona ho e fumana haufinyane. Le hoja liphekolo tse ncha li liehisa hore lefu leo le tsoele pele, ho molemohali ke hore ho tloha sethathong, motho a qobe ho tšoaetšoa. Leha ho le joalo, pele re buisana ka ho le thibela, a re tšohleng hore na kokoana-hloko ea AIDS (HIV) e fetisetsoa joang ho motho e mong le hore na ke joang e ke keng ea fetisetsoa ho eena.

Motho a ka tšoaetsoa ka litsela tse ’nè tse ka sehloohong: (1) ka ho sebelisa nale kapa botlolo ea ente e silafetseng, (2) ka ho kopanela liphate (ho sebelisoa litho tsa botona le botšehali, marao, kapa lehano) le motho ea tšoaelitsoeng, (3) ka tšelo ea mali le lihlahisoa tsa mali, le hoja tšokelo ena e se e fokotsehile linaheng tse tsoetseng pele haholoanyane moruong moo hona joale mali a hlahlojoang hore na a na le likokoana-hloko tse bakang HIV, le (4) ke ’mè oa hae ea tšoaelitsoeng HIV, ea ka tšoaetsang lesea pele ho pelehi kapa nakong ea pelehi kapa ha a ntse a le anyesa.

Ho ea ka Centers for Disease Control and Prevention (CDC) ea United States, bopaki ba hona joale ba saense bo bolela hore (1) u ke ke ua tšoaetsoa AIDS joalokaha u ne u tla tšoaetsoa mokhohlane kapa ntaramane, (2) u ke ke ua e fumana ka ho lula pel’a motho ea nang le AIDS kapa ka ho tšoara kapa ho kopa motho ea tšoaelitsoeng, (3) u ke ke ua e fumana ka ho ja lijo tse tšoeroeng, tse lokisitsoeng, kapa tse ngoathiloeng ke motho ea tšoaelitsoeng, ’me (4) u ke ke ua e fumana ka ho sebelisa ntloana e le ’ngoe, thelefono, liaparo, kapa lijana tseo ho jelloang ho tsona kapa tseo ho noelloang ho tsona. Ho feta moo, CDC e bolela hore kokoana-hloko ena ha e fetisoe ke menoang kapa likokoanyana leha e le life tse ling.

Linotlolo Tsa Thibelo

Kokoana-hloko ea AIDS e lula maling a batho ba tšoaelitsoeng. Haeba motho ea tšoaelitsoeng a entoa, mali a mang hammoho le kokoana-hloko li ka ’na tsa salla naleng kapa ka botlolong ea ente. Haeba motho e mong a entoa ka nale e silafetseng joalo, kokoana-hloko eo e ka ’na ea fetisetsoa ho eena. Le ka mohla u se ke ua tšaba ho botsa ngaka kapa mooki ha u belaella nale kapa botlolo ea ente. U na le tokelo ea ho tseba; bophelo ba hao ke bona bo kotsing.

Kokoana-hloko ea AIDS e boetse e teng mohlapong oa banna kapa lerong la setho sa botšehali la batho ba tšoaelitsoeng. Kahoo, CDC e khothalletsa tjena, mabapi le thibelo: “Boithibo ke eona feela tšireletso e tiileng. Haeba u fela u kopanela liphate, ema ho fihlela u le kamanong ea nako e telele, ea ho tšepahala e mong ho e mong, joaloka lenyalo, le molekane ea sa tšoaetsoang.”

Hlokomela hore bakeng sa hore u sireletsehe, ho tlameha ho bolokoe “kamano ea ho tšepahala e mong ho e mong.” Haeba uena u tšepahala empa molekane oa hao a sa tšepahale, ha ua sireletseha. Hangata sena se hlahisa bothata bo boima bakeng sa basali ba lulang metseng eo ho eona ba hatelloang ke banna litabeng tsa botona le botšehali le moruong. Linaheng tse ling basali ha baa lumelloa le ho bua ka litaba tsa botona le botšehali le banna, ho sa thoe letho ka ho buisana ka mekhoa e sireletsehileng ea ho kopanela liphate.

Leha ho le joalo, hase basali bohle ba joalo ba se nang matla. Phuputso e entsoeng naheng e ’ngoe ea Afrika Bophirimela e ile ea bontša hore basali ba bang ba itjereng licheleteng ba khona ho hana ho kopanela liphate le banna ba bona ba tšoaelitsoeng, ka ntle le hore ho felle ka pefo. New Jersey, U.S.A., basali ba bang ba ile ba hana ho kopanela liphate haeba monna a sa batle ho khoesa khohlopo. Ha e le hantle, le hoja likhohlopo li ka fana ka tšireletso khahlanong le HIV le mafu a mang a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, li tlameha ho sebelisoa ka nepo le kamehla.

Nako eo Litlhahlobo li Lokelang ho Etsoa ka Eona

Ho ne ho se letho le lekaalo leo Karen, ea boletsoeng sehloohong se fetileng, a neng a ka le etsa ho itšireletsa hore a se ke a tšoaetsoa. Monna oa hae o ile a tšoaetsoa lilemo tse ’maloa pele ba nyalana, ’me ba ile ba nyalana nakong eo ka eona seoa sena le ho hlahlobeloa HIV e neng e le hona li qalang. Leha ho le joalo, hona joale ho hlahlobeloa HIV ho se ho fetohile mokhoa o tloaelehileng linaheng tse ling. Kahoo haeba motho a e-na le pelaelo leha e le efe ka boemo ba hae mabapi le HIV, ke bohlale hore ho etsoe litlhahlobo pele motho a kena leferehong. Keletso ea Karen ke ena: “Khetha molekane oa hao oa lenyalo ka bohlale. Khetho e fosahetseng e ka u bakela bohloko bo boholo, esita le ho u amoha bophelo ba hao ka bobona.”

Litlhahlobo li ka ’na tsa thusa ho sireletsa molekane ea se nang molato moo ho bileng le bofebe. Kahobane HIV e ka ’na ea se ke ea hlokomeleha litlhahlobong ho fihlela likhoeling tse tšeletseng ka mor’a ho tšoaetsoa, ho ka ’na ha hlokahala litlhahlobo tse ’maloa. Haeba ho boela ho kopaneloa liphate (e leng ho bolelang hore mofebi o tšoaretsoe), ho sebelisa khohlopo ho ka thusa ho fana ka tšireletso khahlanong le tšoaetso.

Thuto e ka Thusa Joang?

Ke ho tsotehang hore le hoja Bibele e ngotsoe nako e telele pele AIDS e hlaha, ho phela ka melao-motheo ea eona ho sireletsa khahlanong le lefu leo. Ka mohlala, Bibele e nyatsa ho kopanela liphate ka ntle ho lenyalo, e hloka hore ho be le botšepehi lenyalong, ’me e re Bakreste ba lokela ho nyalana feela le batho ba sebelisang melao-motheo ea Bibele ka ho tšoanang. (1 Bakorinthe 7:39; Baheberu 13:4) E boetse e thibela mefuta eohle ea tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le tšelo ea mali, tse silafatsang ’mele.—Liketso 15:20; 2 Bakorinthe 7:1.

Ke bohlale ho ithuta ka likotsi tse ka ’nang tsa ameha ka ho ba le kamano le batho bao ho tiisitsoeng hore ba tšoaelitsoe HIV. Ho ithuta ka AIDS ho hlomella batho ho itšireletsa khahlanong le eona.

AIDS Action League e re: “Maemong a mangata AIDS e ka thibeloa. Ho fihlela ho fumanoa phekolo thuto ke tšireletso e molemohali ’me hajoale ke eona feela e ka sireletsang [sechaba] khahlanong le AIDS.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ke ntho e ntle hore, ka bolokolohi, batsoali ba buisane ka bobona ’me ba buisane le bana ba bona ka AIDS.

Ho na le Liphekolo Life Tse ka Khethoang?

Lipontšo tsa lefu lena ha li atise ho hlaha ho fihlela lilemong tse tšeletseng ho isa ho tse leshome ka mor’a hore motho a tšoaetsoe HIV. Lilemong tseo, ho ba le ntoa ’meleng. Likokoana-hloko ka bonngoe lia ata ’me li bolaea lisele tsa ’mele tse sireletsang mafung. Lisele tsa ’mele tse sireletsang mafung lia itoanela. Qetellong, ha ho ntse ho hlaha likokoana-hloko tse ncha tse likete tsa limilione letsatsi le letsatsi, tšebetso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ea hlōleha.

Ho hlahisitsoe meriana e sa tšoaneng ho leka ho thusa tšebetso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung, meriana e nang le mabitso a rarahaneng a khetholloang ka litlhaku—AZT, DDI, le DDC. Le hoja ba bang ba ne ba lumela hore meriana ena e tšepisa melemo e meholo esita le seo e kang ’nang ea e-ba phekolo e feletseng, tšepo e joalo e ile ea fela kapele. Hase feela hore e felloa ke matla ka mor’a nako empa e boetse e na le liphello tse kotsi ho batho ba bang—ho fela ha lisele tsa mali, boloetse bo amanang le ho etsa mahloele maling le ho senyeha ha methapo ea kutlo matsohong le maotong.

Joale ho se ho fihlile sehlopha se secha sa meriana: protease inhibitors. Lingaka li fana ka eona e le mefuta e meraro e tsamaeang hammoho le meriana e meng e loantšang likokoana-hloko. Litlhahlobo li bontšitse hore le hoja phekolo ena ea meriana e meraro e tsamaeang hammoho e sa bolaee likokoana-hloko, e thibela hore li se ke tsa ata ’meleng, kapa ho sala hanyenyane feela hore e li thibele.

Phekolo ea meriana e meraro e tsamaeang hammoho e tlisitse lintlafatso tse khōlō bophelong ba batho ba kulang. Leha ho le joalo, litsebi li lumela hore meriana ena e sebetsa hamolemohali ha e fanoa qalong ea boloetse ho batho ba tšoaelitsoeng HIV, pele lipontšo li hlahella. Ha ho entsoe joalo, ho ka ’na ha khoneha ho thibela, esita le ka nako e telele, hore tšoaetso e se ke ea fetoha AIDS e iphileng matla. Kaha phekolo ena e ncha, ho sa ntse ho tla bonahala hore na phekolo ena e tla hlōla tšoaetso halelele hakae.

Phekolo ea meriana e meraro e tsamaeang hammoho e theko e boima. Karolelano ea litšenyehelo tsa meriana e meraro e loantšang likokoana-hloko hammoho le litlhahlobo tsa laboratori ke R72 000 ka selemo. Ka ntle le bothata ba lichelete, mokuli ea filoeng phekolo ea meriana e meraro e tsamaeang hammoho o tlameha ho ea sehatsetsing khafetsa, e leng moo meriana ena e lokelang ho bolokoa teng. Ka tloaelo, motho o noa lipilisi tse ling habeli ka letsatsi ’me tse ling o li noa hararo ka letsatsi. Tse ling li lokela ho nooa motho a sa ja letho, tse ling a li noe a khotše. Phekolo ena e rarahana haholoanyane ha motho a tlameha ho noa meriana e eketsehileng hore a loantše litšoaetso tse ling tse ngata tseo mokuli ea tšoeroeng ke AIDS a leng mocheng oa hore li mo kene.

Ntho e khōlō eo lingaka li amehileng ka eona ke hore na ho ka etsahala eng haeba motho a khaotsa ho sebelisa phekolo ea meriana e meraro e tsamaeang hammoho. Likokoana-hloko li ne li tla qala ho ata ka matla haholo, ’me likokoana-hloko tse sa bolaoang ke phekolo ena li ka ’na tsa hlōla meriana eo motho a neng a e noa pele hore a li loantše. Ho ne ho tla ba thata haholoanyane ho phekola mafu a HIV a hlōtseng meriana. Ho feta moo, likokoana-hloko tsena tse sa tloaelehang li ka ’na tsa fetisetsoa ho batho ba bang.

Na Liente Tse Thibelang Mafu ke Eona Pheko?

Bafuputsi ba bang ba AIDS ba lumela hore senotlolo sa ho emisa seoa sena sa lefatše lohle sa AIDS ke liente tse thibelang mafu tse sireletsehileng le tse sebetsang. Liente tse atlehileng tse thibelang yellow fever, maselese, manketela le rubella li etsoa ka likokoana-hloko tse fokolisitsoeng. Ka tloaelo, ha kokoana-hloko e fokolisitsoeng e kenngoa ’meleng, tšebetso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ha e nke khato feela ea ho e bolaea empa e boetse e haha tšireletso e tla atleha ho hlōla tlhaselo leha e le efe ea kokoana-hloko ea sebele.

Liteko tse peli tsa morao-rao tse entsoeng ka litšoene li bontšitse hore bothata ba HIV ke hore esita le kokoana-hloko e fokolisitsoeng e ka ’na ea baka tšenyo. Ka mantsoe a mang, liente tse thibelang mafu li ka ’na tsa baka lefu leo li reretsoeng ho sireletsa motho khahlanong le lona.

Letšolo la ho batla liente tse thibelang mafu e bile le soabisang le le nyahamisang. HIV e lutse e sa etsoa letho ke metsoako e mengata ea liteko eo ntle ho pelaelo e ka beng e bolaile likokoana-hloko tse seng matla hakaalo. Ho feta moo, HIV ea feto-fetoha, e leng ho etsang hore ho be thata ho sebetsana le eona. (Hajoale bonyane ho na le mefuta e leshome ea HIV ho pholletsa le lefatše.) Ho phaella bothateng bona, kokoana-hloko ena e hlasela ka ho toba lisele tsa ’mele tse sireletsang mafung tseo ho neng ho lebeletsoe hore liente tse thibelang mafu li li sireletse.

Moruo le oona o phetha karolo e itseng lipatlisisong. Setsi sa International AIDS Vaccine Initiative se Washington se boletse hore ho na le “boikemisetso bo fokolang li-indastering tse ikemetseng.” Molato oa sena o ile oa behoa tšabong ea hore liente tse thibelang mafu li ke ke tsa tlisa phaello, kaha bongata ba tsona li tla rekisoa linaheng tse sa tsoelang pele hakaalo moruong.

Ho sa tsotellehe mathata ana, bafuputsi ba tsoela pele ho batlisisa mehato e mengata letšolong la ho batla liente tse atlehileng tse thibelang mafu. Leha ho le joalo, hona joale ho bonahala ho ke ke ha khoneha hore ho hlahisoe liente tseo tse thibelang mafu haufinyane. Ha ente e thibelang mafu e khothatsang e ka fela ea hlahisoa laboratoring, joale ho tla latela mosebetsi o boima, o hlokang chelete e ngata, le o ka ’nang oa tlisa likotsi oa ho li leka bathong.

[Lebokose le leqepheng la 5]

Ke Bo-mang ba Tšoaetsoang HIV?

Lefatšeng lohle, hoo e ka bang batho ba 16000 baa tšoaetsoa letsatsi ka leng. Ho boleloa hore ba fetang karolo ea 90 lekholong ba lula linaheng tse tsoelang pele moruong. Hoo e ka bang a le mong ho ba leshome ke ngoana ea ka tlaase ho lilemo tse 15. Ba bang kaofela ke batho ba baholo bao ho bona karolo e fetang 40 lekholong e leng basali ’me ba fetang halofo ba le pakeng tsa lilemo tse 15 le 24.—Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo le Joint United Nations Programme mabapi le HIV kapa AIDS.

[Lebokose le leqepheng la 7]

U ka Tseba Joang Hore na ke Mang ea Tšoaelitsoeng?

U ke ke ua tseba hore motho o tšoaelitsoe ka ho mo talima feela. Le hoja batho ba nang le kokoana-hloko ea HIV ba sa bontšeng lipontšo tsa hore ba tšoaelitsoe ba ka bonahala ba phetse hantle, ba ka fetisetsa kokoana-hloko ena ho ba bang. Na u lokela ho lumela feela ha motho a u bolella hore ha aa tšoaetsoa? Le hanyenyane. Batho ba bangata ba tšoaelitsoeng HIV le bona ka bobona ha ba hlokomele. Ba hlileng ba tsebang ba ka ’na ba ho boloka e le lekunutu, kapa ba ka ’na ba bua leshano. Patlisiso e entsoeng United States e ile ea senola hore batho ba bane ho ba leshome ba tšoaelitsoeng HIV ha baa ka ba bolella batho bao ba kopanetseng liphate le bona ka boemo ba bona.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

Kamano Pakeng Tsa HIV le AIDS

HIV e emela “human immunodeficiency virus,” eo e leng kokoana-hloko eo butle-butle e senyang likarolo tsa tšebetso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung. AIDS e emela “acquired immunodeficiency syndrome.” Ke boemo ba ho qetela, bo behang bophelo kotsing ba tšoaetso ea HIV. Lebitso lena le hlalosa kamoo HIV e seng e bakile tšenyo e khōlō kateng tšebetsong ea ’mele ea ho itšireletsa mafung, e leng ho etsang hore mokuli a kenoe habonolo ke mafu ao ka tloaelo tšebetso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e neng e tla a loantša.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

CDC, Atlanta, Ga.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho hlahlobeloa HIV pele ho nahanoa ka lenyalo ke khetho e bohlale

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela