Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 9/8 maq. 28-31
  • “Ba Mpolelletse Hore Nke ke ka Hlola ke Tsamaea Hape!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ba Mpolelletse Hore Nke ke ka Hlola ke Tsamaea Hape!”
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boikutlo ba Pele
  • Bohlokoa ba ho Talimana le Phephetso
  • Ho Mamella Mathata
  • Ke Eng se ka Etsoang?
  • Lithuso Lia Fumaneha
  • Pheko ea ’Nete
  • Ho Loantša Litšitiso ka ho Ipehela Lipakane
    Tsoha!—2001
  • Nka Sebetsana le Kholofalo ea Ka Joang?
    Tsoha!—1993
  • Ke Hobane’ng ha ke Kula Hakaale?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ba Holofetse—Empa ba Beha Litholoana
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 9/8 maq. 28-31

“Ba Mpolelletse Hore Nke ke ka Hlola ke Tsamaea Hape!”

HA ED a le lilemo li 20, o ile a ameha kotsing e tšabehang ea koloi. Ha a hlaphoheloa, o ne a sitoa ho ema. O ile a hlokomela hore o holofetse empa a nahana hore e tla ba ha nakoana feela. Ed o hopola se ileng sa etsahala hamorao sepetlele: “Ba mpolelletse hore nke ke ka hlola ke tsamaea hape!” O ne a holofetse ho tloha sefubeng ho ea maotong.

Ntat’a Ed oa hopola: “Ke ne ke ferekane haholo ha mor’a ka a ne a tsoile kotsi. E ne e le mohlankana ea phetseng hantle, empa joale o ne a ke ke a hlola a tseba ho tsamaea. Kotsi ena e ile ea khaotsa mosebetsi oa hae.” Ed o ne a phehella pakane ea tšebeletso ea nako e tletseng, e leng bopula-maliboho, kamoo Lipaki tsa Jehova li e bitsang ka teng.

Mohlankana e mong, Bill, ha a le lilemong tsa bo20, a bapala o ile a itahlela har’a leqhubu ’me a ratlana ka hlooho lehlabatheng. Ka ho panya ha leihlo, o ne a sa tsebe ho sisinyeha kapa ho phefumoloha. Re leboha metsoalle e neng e le haufi hobane Bill ha a ka khangoa ke metsi. Leha ho le joalo, o ile a holofala ho tloha molaleng ho ea maotong. Lingaka li ile tsa bolella Bill hore le eena o ne a ke ke a hlola a tseba ho tsamaea.

Boikutlo ba Pele

Bill o boletse: “Ke ne ke batla ho ipolaea empa ke ne ke sitoa ho ipolaea ha ke le betheng.” Bill o sebelelitse Ntoeng ea Vietnam ’me o ne a ikemiselitse ho ba mokhanni oa sefofane. Ha a ne a tsoa kotsi ka 1969, merero ea hae kaofela e ile ea senyeha ’me o ne a sa bone lebaka la ho phela.

Boikutlo ba Ed ba pele bo ne bo fapane ha a bolelloa hore o tla holofala ka ho sa feleng. “Ke ne ke sa nyahama, ’me lebaka la sena ebile tumelo ea ka litšepisong tsa Molimo tse ka Bibeleng. Ke ile ka hlokomela hore boemo ba ka e ka ba ba ka ho sa feleng hona joale empa le hore e ke ke ea ba ba ka ho sa feleng.” Ka lebaka la tšepo eo a neng a e-na le eona, Ed o tsebile ho sebetsana le kholofalo ea hae ka katleho ka lilemo tse fetang 25 joale.

Bohlokoa ba ho Talimana le Phephetso

Ka lehlakoreng le leng, Bill, o ne a sa tsebe ka litšepiso tsa Molimo. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng o ile a hlaheloa ke ntho e ’ngoe e ileng ea mo susumelletsa ho etsa ho hong.

Ka mor’a hore a lule likhoeli tse robeli sepetlele, mooki oa monna o ile a khanna Bill ka setulo se nang le mabili ho ea phaposing ea ho hlapela ho ea mo beola. O re: “Ha ke icheba ka seiponeng, ke ile ka bona motho osele.”

Bill e ne e le senatla se boima ba lik’hilograma tse 90 le bolelele ba limithara tse 1,85 empa hona joale e se e le masapo a boima ba lik’hilograma tse 40. O ile a latola bosehla hore setšoantšo seo a neng a se bona ka seiponeng e ne e le sa hae. Phihlelo ena e ile ea tsosa moea oa ho hana ho amohela phephetso ea kholofalo ea hae. Bill o re: “Selemo sa pele sa kholofalo ea hao ke nako e bohloko haholo hobane ke nakong eo u etsang qeto ea hore na u tla lebisa kae.”

Ho Mamella Mathata

Ed hase motho ea itšohang feela, empa oa lumela hore o ile a ferekana maikutlong ka linako tse ling. Oa hlalosa: “Ka linako tse ling ke thatafalloa ho etsa lintho tse bonolo tse kang ho nanabela ntho e ’ngoe, ’me ka nako e ’ngoe ke ee ke tepelle maikutlong.

Bill o fumana bothata bo boholo ka ho fetisisa e le ho phela ka ’mele o holofetseng empa boko bo sa holofala. O itse: “Ho tšoana le ho ba le kelello e lebelo joaloka sefofane sa jet ’meleng o tsamaeang butle joaloka selei sa likhomo.”

Ho boetse ho na le mathata a rarahaneng ’meleng a ho tsoa kotsi mokokotlong a kang ho hlōleha ho laola senya le mala, matetetso, le mathata a ho phefumoloha. Ed o bile le bothata ba liphio haesale a tsoa kotsi ’me o bile le nako ea matsatsi a tšeletseng ho isa ho a supileng moo mocheso oa hae e neng e e-ba 40°Celsius. Ho se tsebe ho laola senya le mala ke ntho e boetseng e nyahamisang ho Bill. Joalokaha a hlalosa: “Le ka mohla ha u tloaele ho ba le ’mele oa lesea.”

Ed o phehella batho bohle ba holofetseng hore ba ikemele ka hohle kamoo ho ka khonehang. O itse: “Leka sohle se matleng a hao ho iketsetsa sona, ’me u tla fumana ho eketsehileng.” Ke kahoo e itseng ha a tsoa sepetlele ntho ea pele eo a ileng a e etsa e bile ho kenya koloi ea hae lisebelisoa tsa letsoho tsa ho khanna bakeng sa batho ba holofetseng hore a tsebe ho khanna. Hona joale Ed o sebelisa teraka e nang le lisebelisoa tse khethehileng bakeng sa mosebetsi oa hae o atlehileng oa ho hloekisa.

Ed oa eletsa: “Leka ho lebala ho holofala ha hao, u phele bophelo ba hao hamolemo kamoo u ka khonang. Haeba u sa itšoare joaloka motho ea holofetseng, batho ba ke ke ba u tšoara joaloka eena.” Bill o etsa seo a se bolelang. O bile le khoebo le ho sebetsana le eona ka katleho ha a ntse a tsamaea ka koloi ea batho ba holofetseng, setulo sa hae sa batho ba holofetseng le ka lithupa tsa batho ba holofetseng.

Ke Eng se ka Etsoang?

Ho ka boleloa hore mokoallo o mong oa motho ea holofetseng o ka har’a likelello tsa batho ba sa holofalang. Tsela e molemo ka ho fetisisa ho tlosa mokoallo ona ke kutloisiso. Batho ba holofetseng ba batla tlhokomelo le kutloisiso tse neng li tla nehoa batho ba sa holofalang ’meleng.

Batho ba bang ba ikutloa ba tšohile kapa ba sa lokoloha ha ba tobane le motho ea holofetseng. Bill o re: “Ha e le hantle kaofela ha rōna re holofetse ka tsela e ’ngoe kapa e itseng. Ba bang ba holofetse ho feta ba bang.” Ka mohlala, ba holofetseng e mpa e le batho bao ho etsahetseng hore ba se khone ho tsamaea, ho bona, kapa ho utloa joaloka batho ba bang. Ke habohlokoa hore re talime bofokoli leha e le bofe joaloka boemo ’me re bone motho ea felletseng.

Ed o re: “Ke ho ananela haholo ha batho ba ntalima joaloka motho e mong le e mong. Nchebe. Se ke ua sheba setulo.” Joale a pheta phihlelo eo eena le mosali oa hae ba bileng le eona ntlong ea ho jela: “Mofepi oa mosali o ile a nka odoro ea mosali oa ka pele ’me joale a botsa eena ho e-na le ’na seo ke se batlang. Ha ke sethōlō! Ke mpa ke sa tsebe ho tsamaea.”

Ed oa hlalosa: “Batho ba bangata ba batla ho bontša ho nahanela batho ba holofetseng, empa ha ba tsebe seo ba ka se etsang.” Keletso ea hae ke hore: “Ntho ea bohlokoa ke ho ema ’me u fumane seo u ka se etsang pele u kenella ’me u etsa ho hong.”

Kahoo tiiseha ho botsa pele, “Na nka thusa?” Kapa, “Na ho na le hoo nka thusang ka hona?” U se ke ua lekanya hore motho ea holofetseng u batla thuso ea hao; mohlomong ha a e hloke.

Bill oa eletsa: “Ntho e khōlōhali ho motho ea holofetseng eo u ka mo babatsang ka eona ke ho mo tšoara joaloka motho ea phetseng hantle, u ikamahanye le eena joalokaha u ne u tla ikamahanya le motho e mong le e mong.” Ke ’nete, ba bang ba ka thatafalloa ho etsa joalo. Ho ka ba le mokoallo oa botho kapa oa kelello kapa oa maikutlo pakeng tsa bona le batho ba holofetseng. Leha ho le joalo, ha re tloaela batho bana ba holofetseng joaloka motho ka mong, re nahana ka ho fokolang ka kholofalo ea bona.

Ed, ea ileng a kopanela le phutheho e le ’ngoe ea Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse ngata, oa hlalosa: “Metsoalle ea ka e mengata ha e ’nahane ke le motho ea holofetseng. Bonneteng, mosebetsing oa rōna oa boboleli oa phatlalatsa, ba ee ba re ke etse leeto la ho boela ntlong e nang le methati e leshome! Joale ke ee ke khutle ’me ke ba bolelle hore ba romele motho e mong.”

Na Ed oa halefa ha metsoalle ea hae e lebala hore o holofetse? Che ha ho joalo. Ho joalokaha a bolela: “Ke ntho e khōlō ha ba nahana hore ha ke hloke thuso leha e le efe. Ke ananela seo haholo hobane ke ikutloa hore ho bona ha kea holofala empa ke motho e mong ea phetseng hantle.”

Lithuso Lia Fumaneha

Lilemong tsa morao tjena linaha tse ngata li tsoetse pele haholoanyane bakeng sa ho thusa batho ba holofetseng. Mekhatlo e mengata, lihlahisoa le litšebeletso lia fumaneha ho ba thusa ho thabela bophelo ba boikemelo. Libakeng tse ngata, seo feela motho a hlokang ho se etsa ke ho sheba buka ea linomoro tsa thelefono tsa sebaka seo bakeng sa boitsebiso ka mekhatlo ena le litšebeletso tsena.

Hona joale meaho e mengata ea sechaba le libaka tsa mesebetsi li hahiloe ka tsela e bonolo bakeng sa batho ba holofetseng. Litšebeletso tse ling tsa lifofane le mekhatlo ea bohahlauli e fana ka maeto a khethehileng bakeng sa batho ba holofetseng. ’Me kajeno ba holofetseng matsoho le maoto ba ka thabela ho itsamaela ka bolokolohi likoloing le liveneng tse nang le lisebelisoa tse khethehileng bakeng sa batho ba holofetseng.

Boqapi ba saense ea kajeno, boo ka linako tse ling bo tsebileng ho lokisa tšebetso ea methapo e tsoileng kotsi, bo nolofallelitse batho ba bang ba holofetseng hore ba boele ba tsebe ho tsamaea. Leha ho le joalo, Dr. J. Petrofsky, pula-maliboho phuputsong ena oa lumela hore batho ba ka ba le likhopolo tse fosahetseng ka boqapi bo joalo. Ba ka lumela hore seo se ka nolofalletsa motho e mong le e mong ea holofetseng hore a boele a tsebe ho tsamaea. Dr. Petrofsky o bolela hore, “Sohle seo u ka se etsang ke hore u tšepahale, ’me u leke ho ba bolella ’nete ka boemo ba phuputso eo. Ua tseba hore ha re phekole letho.”

Pheko ea ’Nete

Leha ho le joalo, ha nako e ntse e tsamaea pheko ea ’nete le ea ka ho sa feleng ea mefokolo eohle e tla finyelloa. Tšepo ena ea sebele ea ho boela a tseba ho tsamaea hape e matlafalitse Ed ’me e mo thusitse ho mamella kholofalo ea hae ka lilemo tse ngata. Tšepiso ea Bibele ke hore: “Mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joaloka khama, leleme la semumu le tla bina.”—Esaia 35:5, 6.

Ho phekoloa ha mefokolo eohle ho tla finyelloa hona mona lefatšeng ha ’Muso oa Molimo o nkela mebuso ea batho sebaka. (Daniele 2:44) Ka sebele, ’Muso oa Molimo, oo Kreste a rutileng balateli ba hae ho o rapella o tla tlisa lefatše le lecha moo tšepiso ena ea Bibele e tla phethahatsoa: “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24, NW; Mattheu 6:9, 10.

Nakong eo Bill a neng a hlaheloa ke kotsi ena o ne a se seli ka se boleloang ke litšepiso tsena tsa Bibele le hoja ka mehla a ne a e-na le tlhompho e tebileng ka Bibele. Lilemong tse hlano tsa pele tsa kholofalo ea hae, o ile a qala ho sebelisa lithethefatsi haholo. O itse: “Ke sebelisitse lithethefatsi Vietnam ho itebatsa sehlōhō, ’me hamorao ka li sebelisa ho mamella bophelo setulong sa batho ba holofetseng.”

Leha ho le joalo, ka 1974, ka thuso ea Lipaki tsa Jehova, Bill o ile a lumela hore Bibele ehlile ke ’nete le hore litšepiso tsa eona lia tšepahala. O re: “Ho tloha nakong eo ho ea pele kamoo ho leng ka teng, ho ile ha oa makhapetla mahlong a ka!” Likhoeli tse supileng hamorao Bill o ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova Molimo, ’me kapelenyana eena le mosali oa hae ba ile ba qala bophelo tšebeletsong ea nako e tletseng e le bo-pula-maliboho.

Ha a nahana ka phihlelo ea hae ea nako e fetileng, Bill oa lumela hore kotsi ea hae le kholofalo e ileng ea latela li bile bohloko. Oa hatisa: “Empa ke fumane ho hongata kotsing ena.” Ke joang a neng a ka bolela joalo?

Oa hlalosa: “Kea ipotsa hore na nkabe ke le Mokreste oa ’nete kajeno haeba e ne e se ka lebaka la kholofalo ena. Pele ke ne ke le motho ea ikhohomosang, ea laba-labelang ho tseba haholo, ’me mohlomong ke ne nke ke ka lula sebakeng se le seng ka ho lekaneng ho amohela molaetsa oa Bokreste.”

Hona joale, joaloka Ed, Bill o na le tumelo e tiileng hore haufinyane lefatšeng le lecha la Molimo, o tla sebelisa ’mele oa hae ka botlalo. Ho sa tsotellehe se bonahalang e le boemo bo nyahamisang, motho leha e le ofe ea holofetseng a ka ba le tšepo e tšoanang ea matla a Molimo a phekolang. Ka mehla pelo ea motho ea joalo e ka matlafatsoa ke tiisetso ea hore: “Kea tseba ke tla tsamaea hape!”—E Nehetsoe.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Ho sa tsotellehe kholofalo ea hae, Ed o kopanela ka ho felletseng tšebeletsong ea Bokreste

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela