Nka Sebetsana le Kholofalo ea Ka Joang?
“ONTSE a ka khona ho tsamaea,” ho bolela ’m’a ngoananyana eo re tlang ho ’mitsa Maggie. “Empa litho tse itseng tsa ’mele oa hae ha li sebelisane hantle, ’me ha a bua mantsoe a mang ha a utloahale.” Maggie o na le lefu la tsitsipano ea methapo ’me ke e mong oa bacha ba limillione lefatšeng lohle ba nang le bohloko ba kholofalo ’meleng.
Mohlomong u e mong oa bona. ’Me hore na u hlahile u le joalo kapa u holofalitsoe ke ho kula kapa kotsi,a ha ho hlokahale hore u etse qeto ea hore morero oa bophelo o felile. Ka ho etsa boiteko bo nang le mamello, u ka khona ho nka mehato e loketseng ea ho sebetsana ka katleho le boemo ba hao.
Leraba la ho Lakatsa Eka
Ke ’nete hore ka tlhaho batho ha ba rate ho amohela boemo ba sebele bo sa thabiseng empa ho lakatsa ka tšepo hore kholofalo e tla feta. Kamoo ho bonahalang ka teng moapostola Pauluse o ne a e-na le lefu la mofuta o itseng le neng le ama mahlo a hae. (Bapisa le Ba-Galata 6:11.) Ha Pauluse a bua ka leeto la hae la pele ho Bakreste ba Galatia, o itse: “Lea tseba hoba, mohla ke qalang ho le bolella Evangeli, e ne e le ka baka la phokolo ea nama. Ha lea ka la ’nyelisa, leha e le ho nkhana ka baka la moleko oa ka o nameng ea ka.” (Ba-Galata 4:13, 14) Liithuti tse ling li nahana hore bohloko ba Pauluse bo ne bo etsa hore mahlo a hae a ’ne a tsoe melaka kapa ka tsela e itseng bo ne bo etsa hore chebahalo ea hae e be e sa thabiseng. Ka hona, hase ho makatsang ha Pauluse a “rapetse Morena hararo” hore ho kula ha hae ho fele. Empa ha hoa ka ha fela. (2 Ba-Korinthe 12:8, 9) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe kholofalo ea hae, o ile a thabela mosebetsi o khethehileng e le moromuoa, seithuti, le mongoli.
Ka ho tšoanang, ho ka etsahala hore le uena u se u tloaetse kamoo u shebahalang ka teng. Bukeng ea Living With the Disabled, mongoli Jan Coombs oa ngola: “E le hore mokuli a ka etsa hore bophelo ba hae bo lumellane le kholofalo ea hae, pele o lokela ho lumela hore o holofetse. O lokela ho ithuta hore bofokoli bona bo ka ’na ba mo sitisa empa ha bo theole boleng ba hae joaloka motho.” Haeba ho se na tšepo e tiileng bakeng sa phekolo, ho latola boemo ba hao ba sebele ho tla u tetebetsa boemong ba ho ikutloa u le molato, u le tlokotsing, le masoabing. Ka lehlakoreng le leng, Bibele ho Liproverbia 11:2 (NW) e bolela hore “bohlale bo ho ba ikokobetsang,” ’me motho ea ikokobetsang o tseba mefokolo ea hae ’me oa e amohela. Hona ha ho bolele ho phela ka ho ikarola ho ba bang, ho felloa ke thabo. Ho fapana le hoo boikokobetso bo kopanyeletsa ho hlahloba boemo ba hao ka botšepehi le ho ipehela lipakane tsa sebele.
Nka Bohato ka Tsebo
U boetse u hloka ho ba le tsebo e nepahetseng mabapi le mofuta oa kholofalo ea hao. Liproverbia 13:16 e re: “Ea masene o etsa tsohle ka tsebo.” (Bapisa le Liproverbia 10:14.) Hona ho ka ’na ha bolela hore u bale lingoliloeng tse ling tsa meriana kapa u botse ngaka ea hao lipotso tse khethehileng hammoho le litsebi tse ling tsa bophelo tse u alafang. Ho ithuta ka bouena kholofalo ena ho ka u lokolla litlhalosong tse fosahetseng tse neng li ka u thibela ho sebelisa matla a hao ka mokhoa o feletseng.
Ho ka ’na ha boetse ha u thusa ho lula u tseba mekhoa e mecha ea meriana le liphekolo tsa meriana tse nakong tse ka ’nang tsa ntlafatsa boemo ba hao. Ka mohlala, ho se ho entsoe matsoho le maoto a maiketsetso ka thepa e ncha e bobebe, ha a na tšitiso e khōlō ’me a tenyetseha habonolo haholoanyane. Makasine oa Time o tlaleha ka “keketseho e khōlō” ea lisebelisoa tse thusang batho ba holofetseng. Mohlomong lihlahisoa tse joalo lia fumaneha sebakeng sa heno ’me lelapa leno le ka khona ho li reka.
Lisebelisoa tse ngatanyana tse tloaelehileng, tse kang tse u thusang ho utloa, mare, lithupa, mabanta a tšehetsang litho tsa ’mele tse fokolang, li ka ’na tsa ba molemo haholo. Bacha ba bang ba ka ’na ba ikutloa ba sa phutholoha ho hang ho sebelisa lithuso tse joalo. Empa Morena Salomone ka bohlale o hlokometse: “Haeba selepe sa hao se le botsoa ’me u sa se leotse, u tlameha ho sebetsa ka thata ka sona.” (Moeklesia 10:10; Today’s English Version) Le uena u ka iqeta matla—kapa ua itšitisa ho kopanela mesebetsing e thabisang—haeba u hlōleha ho sebelisa thepa e ka u thusang. Ke hobane’ng ha u ka lumella boikhantšo ho etsa hore bophelo ba hao bo be thata ho sa hlokahale? Salomone o ile a qetella ka ho re: “Ho sebelisa bohlale bo isang katlehong ho bolela molemo.”
E, ke molemong oa hao ho sebelisa ntho e ’ngoe e tla u thusa ho tsamaea, ho bona, kapa ho utloa hamolemonyana. Ke ’nete hore ho tla hlokahala boikoetliso le mamello e itseng hore u tsebe ho sebelisa lithupa, maoto kapa matsoho a maiketsetso, kapa lintho tse thusang motho hore a utloe. ’Me lisebelisoa tsena hase hakaalo hore li tla ntlafatsa chebahalo ea hao. Empa nahana ka tokoloho eo li ka u nehang eona le menyetla eo li ka ’nang tsa u bulela eona! Ngoanana e mong ea holofetseng oa Afrika ea bitsoang Jay o ne a phela boinotšing ka mehla a sa kopane le batho ba bang, ’me o ile a leka ho tsoa motseng o monyenyane oo a neng a phela ho oona ka lekhetlo la pele ha a le lilemo li 18. Ka mor’a ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, o ile a qala ho ba teng libokeng tsa Bokreste. Hona ho ne ho mo hloka hore a “tsamaee” matlong a mangata, a ikhulanyetsa pele ka matsoho a hae, a ritsisa ’mele oa hae ka mor’a hae. Ha Paki ea Europe e utloela ka boemo bo bohloko ba Jay, e ile ea mo romella setulo sa liqhoala se nang le mabili a mararo. Se ne se kentsoe ketane ea ho soaela e kang ea libaesekele eo Jay a neng a ka e soaela ka matsoho a hae. Na o ne a shebahala a le motle ho eona? Che. Empa mokhoa ona o neng o bonahala o le tšopholi oa ho tsamaea o ile oa mo nolofaletsa ho ea libokeng le ho kopanela mosebetsing oa ntlo le ntlo oa boboleli. Itšusumetse ka Bouena!
Leha ho le joalo, hlokomela hore u se hōlise boikutlo bo fosahetseng ba kelello. Morena Salomone ea bohlale o itse: “Ea elang moea hloko a ke ke a jala, ea talimang maru a ke ke a kotula.” (Moeklesia 11:4) Na u lumella tšabo kapa pelaelo ho u thibela ho etsa lintho tseo u batlang ho li etsa le tseo u hlokang ho li etsa? Nahana ka Moshe. Ha Molimo a mo khetha ho ea lokolla Baiseraele bokhobeng Egepeta, Moshe o ile a leka ho kōpa hore a lokolloe kabelong eo ka lebaka la ho ba le bofokoli ba ho bua hantle. Moshe o ile a re: ‘’Na ke motho ea molomo o thata,’ mohlomong o ne a supa bofokoli bo itseng bo neng bo sitisa ho utloahala ha molumo oa lentsoe ha a bua. (Exoda 6:12) Empa Moshe o ne a hlile a inyatsa. Hamorao, o ile a paka hore o ne a khona ho bua ha phollatsi—ha a bua le sechaba sohle sa Iseraele.—Deuteronoma 1:1.
U se etse phoso e tšoanang ea ho inyatsa. Ikhanne ’me u itšusumetse! Ka mohlala, Becky e monyenyane o na le bothata bo itseng ba ho bua ka mor’a kotsi e mo etsahalletseng ha a le lilemo li hlano. Empa batsoali ba hae ha baa ka ba mo lumella ho tela ho bua. Che, ba ile ba mo ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova. Ha Becky a le lilemo tse supileng, o ne a nehelana ka lipuo tse khutšoanyane ka pel’a bamameli. Becky oa hopola: “Ho nehelana ka lipuo ho ile ha nthusa. Ho ile ha ntšusumetsa hore ke ikitlaetse haholoanyane ha ke bua.” Becky hape o ile a khothaletsoa hore a kopanele ka mokhoa o feletseng mosebetsing oa boboleli oa ntlo le ntlo. “Ke nahana hore ka nako e ’ngoe batho ba ne ba hloile ho utloa ha ke bua; ke khathatseha ka hore na ba nahana eng. Empa ebe kea ipolella hore, ‘Ke etsa sena bakeng sa Jehova,’ ’me ke mo kōpa hore a nthuse ho atleha bothateng bona.” Kajeno, Becky o sebetsa e le ’moleli oa evangeli oa nako e tletseng.
Craig, ea seng a hōlile, o holofetse ka baka la kholofalo bokong. Le eena ka ho tšoanang o hanne ho lumella kholofalo ea hae hore e mo sitise ho ba setho sa bohlokoa sa phutheho ea Bokreste. O re: “Ke itšetlehile ka Jehova, ’me o ntumelletse ho thabela litlhohonolofatso tse ngata tsa hae. Ke ile ka khona ho sebeletsa ke le pula-maliboho e thusang [’moleli oa evangeli] ka makhetlo a mahlano. Ke fana ka lipuo tsa Bibele Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ’me ke khona ho hlokomela libuka tsa lichelete tsa phutheho.”
E boetse “e teng nako ea ho tšeha,” ’me ka ho etsa joalo nako le nako, mohlomong u ka ’na ua thabela mesebetsi e itseng e qabolang le bacha ba bang. (Moeklesia 3:4) Becky oa lumela: “Nke ke ka bapala lipapali tse kang volleyball hobane tsamaiso ea methapo ea ’mele oa ka e sebetsa butle. Empa ke khona ho matha. ’Me hang ka mor’a ho ba kotsing ’mè o ile a nkhothaletsa hore ke ithute ho palama baesekele. Ka mehla o ne a nkhothaletsa ho leka lintho tse ling tse ncha.”
U se Leke ho Iketsetsa Lintho Tsohle Ntle ho Thuso
Ho sebetsana le kholofalo ’meleng ha ho bonolo. Moapostola Pauluse o ile a bitsa ho kula ha hae “phatsa e hlabang ka nameng.” (2 Ba-Korinthe 12:7) Ka lehlohonolo, ha ua tlameha ho tobana le bothata bona u le mong. Sarne, mofumahatsana ea holofetseng qholong, o re: “Kea hlokomela hore ho ba mokhatlong o nepahetseng oa baena oa Bokreste le tšehetso e lerato ea lelapa le ea metsoalle ka phuthehong e bile tsa bohlokoa haholo ho ’na.” E, se ke ua ikarola. (Liproverbia 18:1) Ho isa moo ho ka khonehang, ‘u ’ne u eketse ka mehla ho sebeletsa Morena.’ (1 Ba-Korinthe 15:58) Sarne oa hlalosa: “Ho ba mafolo-folo mesebetsing ea ’Muso ho nthusa hore ke be le pono e nepahetseng ka mathata a ka.” Becky oa hlokomela: “U bua le batho bao ka sebele ba holofetseng ho u feta hobane ha ba na tšepo bakeng sa nako e tlang. Seo se nthusa ho lebala ka mathata a ka.”
Ka holim’a tsohle, talima ho Jehova Molimo bakeng sa tšehetso. O utloisisa litlhoko tsa hao le maikutlo a hao ’me ebile a ka u neha “matla a fetang a tloaelehileng” ho u thusa hore u tsoelle. (2 Ba-Korinthe 4:7, NW) Mohlomong hamorao u ka ba le pono e tletseng tšepo joaloka mocha oa Mokreste ea holofetseng ea bitsoang Terrence. Terrence o ile a foufala ha a le lilemo li robong empa o ile a hanela bofofu hore bo mo hlōle, a re: “Bofofu ba ka hase kholofalo; e mpa e le tšitiso feela.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Haeba u sa tsoa holofala, ke ho utloahalang hore ebe mohlomong u ntse u loantšana le maikutlo a ho utloa bohloko, a khalefo, le a ho hloka thabo. Bonneteng, ke boikutlo ba tlhaho—le bo fanang ka bophelo bo botle ’meleng—ho utloa bohloko ka lebaka la tahlehelo ena e tebileng. (Bapisa le Baahloli 11:37; Moeklesia 7:1-3.) Tiiseha hore ha nako e ntse e feta, le ka tšehetso e lerato ea lelapa le metsoalle, maikutlo a matla joalo a ho utloa bohloko a tla fokotseha.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ithute sohle seo u ka se khonang ka kholofalo ea hao