Bacha Baa Botsa . . .
Hobane’ng ha Ke Lokela ho Utloisoa Bohloko ke Kholofalo?
BECKY o sa hopola: “Ke ne ke le lilemo li hlano ha motsoalle a ne a mpalamisitse baesekeleng ea hae ha koloi e hlaha mothinyeng ’me e re chaisa.” Phello? “Ke ile ka robeha leoto ’me ka tsoa likotsi tse mpe hloohong. Lingaka li ne li se na tšepo ea hore nka phela.” Leha ho le joalo, Becky o ile a phela, ’me kajeno ke mocha ea thabileng ea lilemo li 16. Empa liphello tsa kotsi eo li setse. O re: “E ntšiile ke fokola haholo.”
Mohlankana ea bitsoang Craig le eena o holofetse, ka lebaka la kholofalo bokong e tsejoang ka hore ke CP (cerebral palsy). Craig oa hlalosa: “CP e ama mesifa ea ka le tsamaiso ea methapo-kutlo. Mesifa ea ka ha e arabele ka tšoanelo melaetseng e romeloang ho eona ke boko. Ka hona, ke na le bothata ba ho tsamaea, ho bua, le ho boloka teka-tekano. Nka etsa lintho tseo kaofela empa eseng habonolo.”
Na le uena ka ho tšoanang u na le kholofalo e itseng ’meleng? Lipalo li bontša hore ka selemo sa 2000, palo ea bacha ba holofetseng e tla fihla ho ba limillione tse 59 lefatšeng ka bophara. (World Health, January/February 1985) Leha ho le joalo, ’nete ea hore ba bangata hakaale ba na le bothata bo tšoanang e fana ka matšeliso a fokolang ha u batla ho matha, ho qhoma, le ho bapala joaloka bacha ba bang empa u sitoa.
Mathata a Batho ba Holofetseng
Ho holofala ’meleng hase ntho e ncha. Mehleng ea Bibele ba bang ba ile ba tlameha ho mamella kholofalo (2 Samuele 4:4; 9:13), bofofu (Mareka 8:22), le mefokolo (Mattheu 12:10). Hangata ba holofetseng joalo ba ne ba thatafalloa ke ho etsa mesebetsi e mengata e bonolo haholo.—Bapisa le Deuteronoma 28:29; Liproverbia 26:7.
U ka ’na ua thulana le bothata bo tšoanang ka lebaka la lintho tseo u hlōlehang ho li etsa. Ho apara, ho ja, kapa ho ea sekolong ho ka ’na ha hloka boiteko bo matla haholo—le thuso e khōlō e tsoang ho ba bang. Becky o re: “Ke sitoa ho sisinyeha hantle ka lehlakoreng le letona. Ka hona ke ile ka tlameha ho ithuta ho ngola ka leqele. Ho tsamaea le hona e bile bothata. Ke tsamaea hantle hona joale, empa ka matsatsi a mang ke nyoketsa habohloko.” Kapa nahana ka mathata ao moshemane ea mokhutšoaane haholo ka seemo ka lebaka la kholofalo a tobaneng le ’ona. Ka mokhoa o qabolang o re: “Ho fihlela likonopo tsa ho bonesa mabone tse maboteng ke bohloko bo bong ba sebele . . . Ka sebele matlo a reretsoe batho ba balelele.”—How It Feels to Live With a Physical Disability, ea Jill Krementz.
Leha ho le joalo, u ka ’na ua fumana hore mathata a tepelletsang haholo hase a ’mele. Makasine oa Parents oa hlalosa: “Bacha ba khopiseha habonolo haholo ke kamoo ba bang ba itšoarang ka teng ho bona, haholo-holo ba thatafalletsa bacha ba nang le litlhoko tse khethehileng bophelo. . . . Baa ipotsa hore na ebe batho ba bang ba nahana eng ka chebahalo ea bona ’me hangata ha ba tšepe lipolelo tsa botsoalle, ba hlalosa lipontšo tsena tse molemo e le lipolelo tse sa amoheleheng tsa kutloelo-bohloko.” Ke ha tlhaho ho batla ho ratoa le ho amoheloa ke ba bang. Leha ho le joalo, u ka ’na ua ikutloa u qheletsoe thōko. Joalokaha Michelle e monyenyane a boletse: “Bophelong bohle ba ka ke bile ea fapaneng le e mong le e mong. Lebaka ke hore ha ke na letsoho le letšehali.”
Ho ba ea fapaneng ho ka ’na ha etsa hore batho ba u qale. Craig oa hopola: “Ke kene sekolo sa bana ba holofetseng ho fihlela sehlopheng sa bohlano. Empa sehlopheng sa bohlano, ke ile ka qalisa ho ea sekolong se tloaelehileng. Ke ne ke se na mathata a mangata haholo ho fihlela ha ka letsatsi le leng bashemane ba qalella ho ntšeha. E ne e le ka lebaka la mokhoa oo ke tsamaeang ka oona.” Becky o utloa bohloko ha a hopola kamoo bana bao a neng a kena sekolo le bona ba ileng ba mo tšoara hampe ka teng. Erekaha nakong e fetileng a ile a buuoa, hoo ho ile ha senya methapo ea lentsoe la hae, le batla le le makherehloa. O re: “Bana ba sekolo ba ne ba atisa ho mpitsa ea lentsoe le tšabehang.”
Ka ho tšoanang batho ba baholo ba ka ’na ba bontša litšekamelo tsa ho ba leeme. Ba bang ba ka ’na ba leka ho qoba ho teanya mahlo le uena. Ba bang ba ka ’na ba qoba ho u buisa ka ho feletseng, ba lebisa tlhokomelo ea bona ho batsoali ba hao kapa metsoalle ea hao—joalokaha eka ha u bonahale kapa u kula kelellong. Ntho e utloisang bohloko le ho feta tsohle e ka ’na ea e-ba ba u lakaletsang molemo ba sa phetse ho u bontša kutloelo-bohloko e feteletseng, ’me ba eketsa boikutlo ba hore u thepa e senyehileng.
Pono ea Molimo Tabeng Ena
Leha ho le joalo, Molimo o ikutloa joang ka uena? Na kholofalo ea hao ke pontšo e itseng ea hore ha a u amohele? Hlokomela seo Jesu a se buileng ha a ne a kopana le “monna esale a tsoaloa a foufetse.” Barutuoa ba hae ba ’motsa: “Ke mang ea sitiloeng, kapa eena, kapa batsoali ba hae, ha e le moo a tsoetsoe a foufetse?” Jesu oa arabela: “Ha hoa sitoa eena, kapa batsoali ba hae.” (Johanne 9:1-3) Che, bofofu e ne e se phello ea sebe se tobileng se entsoeng ke eena kapa batsoali ba hae. Ho fapana le hoo, e ne e le liphello tsa ho se phethahale hoo kaofela ha rōna re ho futsitseng ho Adama. Moapostola Pauluse oa hlalosa: “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.”—Ba-Roma 5:12.
Likholofalo tsa ’mele hase phello ea ho kenella ha Molimo litabeng kapa kotlo ea hae. Tse ling li bakoa ke ho se tsotelle. Leha ho le joalo tse ling e mpa feela e le “hobane nako le ketsahalo e sa lebelloang li ba oela bohle.” (Moeklesia 9:11, NW) ’Me ho na le bacha ba bang ba holofetseng ’meleng hobane ba ile ba tšoaroa hampe kapa ba hlokomolohuoa ke batsoali ba bona.
Ho sa tsotellehe sesosa sa mathata a hao, ha ua lokela ho ikutloa eka Molimo o u talima u le thepa e senyehileng. Ka ho fapaneng, o u talima u le oa bohlokoa ’me u le molemo, haholo-holo haeba u tšaba Molimo. (Luka 12:7) ‘O u hlokomela’ haholo ka tsela ea botho ’me o thabela ho u sebelisa tšebeletsong ea hae. (1 Petrose 5:7) Ho bonahala e mong oa bahlanka ba hlahelletseng ka ho fetisisa ba Molimo, moapostola Pauluse, a ne a hlokofatsoa ke kholofalo ’meleng—“phatsa e hlabang ka nameng.” (2 Ba-Korinthe 12:7) Ke ho tšelisang hakaakang ho tseba hore “motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.” (1 Samuele 16:7) O utloisisa ka botlalo matla a hao ’me o tseba seo u tla khona ho se etsa ha u khutlisetsoa phethehong lefatšeng la hae le lecha.—Tšenolo 21:3, 4.
Ho Sebetsana le ba Bang
Ka bomalimabe, bao u kenang sekolo le bona le ba bang ba ka ’na ba se be le pono e phahameng ea Molimo. Ke ’nete hore ka linako tse ling batho ba bang ba khopo ka ho totobetseng. Ka hona, u se ke ua makala haeba le lithaka tsa hao li sa u hauhele mabapi le mahlomola a hao. Leha ho le joalo, ka tloaelo batho ha ba ikemisetse ho u utloisa bohloko kapa ho u soabisa; ka nako e ’ngoe ba mpa ba le bohele-hele. Ba ikutloa ba sa lokoloha ka bohloko ba hao kapa mohlomong ba sa bontše kutlo e loketseng, ba ka ’na ba bua lintho tse bothoto kapa tse utloisang bohloko.
U ka etsa’ng? Ka linako tse ling u ka thibela maemo a soabisang. Ka mohlala, u ka ’na ua leka ho etsa hore ba bang ba phutholohe haeba u hlokomela eka ha baa lokoloha kapa ha ba tsebe seo ba ka se buang. Hlokomela hore kaofela ha rōna re atisa ho tšaba seo re sa se utloisiseng. Thusa ba bang ho talima ka ’nģane ho kholofalo ea hao e le hore ba ka tseba seo ka sebele u leng sona. U ka ’na ua leka ho bua mantsoe a kang ana haeba ho hlile ho hlokahala: “Na u ntse u ipotsa hore na ke hobane’ng ha ke tlameha ho sebelisa setulo sa lihole?” Ho ea ka makasine oa Parents, tichere e ’ngoe, e khaohileng setho se seng sa ’mele, e arabela bohele-hele ba liithuti tsa eona ka ho qala ka ho re: “Kea kholoa le ntse le ipotsa hore na ho ile ha etsahala eng. Na le ka rata ho tseba?”
Ho sa tsotellehe boiteko ba hao bo molemohali u tla ’ne u utloisoe bohloko nako le nako. Becky e monyenyane o re: “Ha ke ne ke sa le monyenyane, ke ne ke atisa ho khathatseha ha ba bang ba ne ba nqala; ke ’nile ka khopeha kapele bophelo bohle ba ka. Empa hona joale ha ke ho lumelle hore ho nkhalefise. Ka nako e ’ngoe ke bile ke khona ho tšeha se etsahalang.” E, boikutlo ba ho tšeha bo ka fetola lipolelo tse utloisang bohloko. “E teng nako le ea ho tšeha.” (Moeklesia 3:4) Ho ekelletsa moo, Morena Salomone o fane ka keletso: “Se hlokomele mantsoe ’ohle a buuoang, e se re ua utloa mohlanka oa hao a u seba.” (Moeklesia 7:21) Ka linako tse ling tsela e molemohali ea ho sebetsana le polelo e booatla ke ho e hlokomoloha. Becky o re: “Se ke ua khathatseha ka seo batho ba se bolelang.”
Tšepo e U Thusa ho Mamella ka Katleho
Ka sebele, moloko oohle oa motho o holofetse. Bibele e re: “Tse bopiloeng tsohle li ntse li feheloa, li bile li tsietsing hammoho, ho fihlela joale.” (Ba-Roma 8:22) Empa u ka ba le tšepo bakeng sa nako e tlang. Ka mohlala, nahana ka ngoanana e mocha eo re tla ’mitsa Carol. O ile a hlaha a sa utloe litsebeng ka ho feletseng. Hamorao kotsi ea baesekele ea qetella ka hore a khaoloe leoto. Carol o ne a batla ho shoa. Empa o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova ’me a ithuta ka lefatše le lecha le lokileng le tlang leo ho lona ho “se nang moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24, NW) Ruri, o ile a fumana tšepo ea hore ka letsatsi le leng kholofalo ea hae e tla phekoloa—ka mohlolo!—Esaia 35:5, 6.
Ho ithuta ka Molimo ho bile le phello efe boikutlong ba Carol? Metsoalle e meng e haufi ea Bakreste e re ka eena: “Ka mehla o thabile ’me le ka mohla ha a toute ka boqhoala ba hae.” Leha ho le joalo, ho thahasellisang hape ba re: “Metsoalle ea hae e mengata ha e elelloe hore o sebelisa leoto la maiketsetso le hore ha a utloe hantle litsebeng.” Hobane’ng? “O itšetlehile ka ho sheba molomo oa motho ha a bua le ka lintho tse mo thusang hore a utloe.” Ka ho totobetseng, Carol o entse ho fetang tšepo bakeng sa nako e tlang. O ikitlaelitse ho finyella matla a hae ka botlalo hona joale. Hore na u ka etsa se tšoanang joang e tla ba taba e tla tšohloa sehloohong se latelang letotong lena.
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ba bang ba fumane ho thusa ho hlalosetsa ba ratang ho tseba ka boemo ba bona